sotho.1269.holiday
Tlhodisano ya BONA
HAPA
diphomolo lewatle
BONA SESOTHO - August 2006
MAKASINE eo o e ratang e boetse e sebetsa le Gooderson Leisure Corporation, Greyhound le Suncoast Casino, Durban, hore babadi ba 12 ba lehlohonolo ba BONA ba fumane monyetla wa ho intshetsa lebopong la lewatle. Bahlodi ba bararo, motho ka mong o tla fumana:
Ho robala masiu a 4 bakeng sa batho ba babedi ba baholo le bana ba babedi (ba dilemo di ka tlase ho 15), ba kopanetse diphaposi mme ba phakelwe dijo tsa hoseng.
Ba tsamaiswe mahala ka dibese tse maemo tsa Greyhound ho tloha hohle moo ba leng teng naheng ena moo Greyhound e fihlellang ho ya Beach Hotel le ho kgutla.
Ba amohelwe ha monate Suncoast, ba kene mahala ho SUNdeck, ba je mahala ha Spur, ba nwe kofi ka dikuku Circus Circus, ba fuwe le ditekete tsa mahala tsa ha Nu Metro Cinecentre le Magic Company e thabise bana ka ditjhelete tsa ho bapala metjhini.
Ho kenela
Tlatsa setlankana sa ho kenela o se romele ho: BONA/Holiday At The Sea Competition, Box 32067, Mobeni, 4060 kapa SMS HOLIDAY ho 35919. (SMS e bitsa R3.)
R30 000
Di bitsa
- re tla o isa moo re be re o kgutlise!
Beach Hotel
E mane Golden Mile, Thekong e shebane le lewatle le futhumetseng la Indian Ocean, Beach Hotel e amohela baeti selemo kaofela.
Diphaposi tsa teng di kgolo, ho otla moya o phodileng, o bonela Kou ya Thekong thokwana mane mmoho le maqhubu a lewatle. Diphaposi tsohle di na le matlwana a ho hlapela, TV (e nang le M-Net), motjhini wa ho etsa tee/kofi mmoho le mohala.
Hotele ena e na le mabenkele a dijo a mararo: Pier 107 (e shebaneng le lewatle), Harpoon Harry's Seafood Restaurant le El Cordoba (moo o iphakelang ka ho rata ha hao). Hotele ena e boetse e tsebisahala ka lebenkele le rekisang jwala, Cockney Pride moo baeti ba amohelwang ka diatla tse mofuthu.
Baeti ba ka ithabisa hape ka ho etela dibaka tse ngata tse kang uShaka Marine World, Suncoast Casino, African crafts esitana le lewatle la Thekong. O ka beheletsa sebaka ka ho letsetsa 031-337-4222 kapa o ye ho www.goodersonleisure.co.za
Mabenyaneng
Suncoast Casino & Entertainment World ya Golden Mile, Durban ho bonolo ho e bona le bosiu, re leboha mabone a yona a bonahalang o le bohole ba 6km. Suncoast e na le di-cinema tse robedi tsa maemo tse bulwang selemo kaofela le mabenkele a rekisang dijo a mangata, a mang o ja ka hohle ka moo o ratang, a mang a rekisa nama ya diphoofotswana tsa lewatle, a mang kofi, a mang o reka o tsamaye le tsona, ha a mang a rekisa di-ice cream mme hape ho na le Café Vacca Matta e ratwang haholo bosiu.
Ke sebaka se seholo sa boithabiso, KwaZulu-Natal se nang le metjhini e pele ya dibapadi tsa tjhelete. Banka ya SUNstruck e hlahisitse boradimilione ba tsheletseng dikgweding tse hlano feela! O na le tiisetso ya ho se be le bodutu hohang... ha o le Suncoast!
MELAO. 1. Tlhodisano e buletswe bohle ntle ho basebeletsi ba ha Caxton le ba malapa a bona, batshehetsi le ba mekgatlo ya bona ya dipapatso. 2. Kahlolo ya baahlodi ke yona feela e tla amohelwa mme ha ho ngollano e tla dumellwa.
3. Meputso e ke ke ya fetisetswa bathong ba sele kapa hona ho tjhentjhelwa tjheleteng. 4. Ke dikenelo tse setlankaneng sa nnete feela tse tla amohelwa. 5. Meputso eo beng ba yona ba sa etsang diphuputso ka yona dikgweding tse tsheletseng ka mora tlhodisano, beng ba yona ba ke ke ba hlole ba e fumana.
6. Moputso o tla lebiswa bathong ba baholo ba babedi le bana ba babedi, ba dilemo di ka tlase ho tse 15, ba tla kgona ho robala mmoho feela mme ba je mmoho le dijo tsa hoseng.
7. Ditjeho tse ding tse kang tsa dino, mohala, sepalangwang sa ho tloha hoteleng, dijo tse ding, motho o tla itefella tsona. 8. Inshorense ya leeto lena ha e a kenyelletswa moputsong ona. Bahlodi ba lokela ho iketsetsa ditlhophiso tsa bona tsa inshorense. 9. Meputso e tla ntshwa ho ya ka dikgeo tse teng. 10. Meputso ho ke ke ha qoqisanwa ka yona hore e fetisetswe bathong ba sele kapa hona ho tjhentjhelwa tjheleteng.[s]
Bese ya maemo
Greyhound e se e rwetse baeti ka polokeho le setaele ho tloha ka 1984. Kajeno ba tsamaisa ba fihlellang ho 600 000 dikilomitareng tse ka hodimo ho tse 14 million ka selemo. Di tsamaya hohle naheng ena ya Afrika Borwa esitana le Harare le Bulawayo ho la Zimbabwe. Kajeno ho na le e yang Maputo ho la Mozambique.
Dibese tsena tse maemong a dinaledi tse hlano di na le: moya o phodileng, ditulo tse butshabutsha tse dumelang ho ya pele le morao, di na le mabone a ho bala esitana le TV. Bakeng sa ditlhalosetso tse ding o ka sheba ho KwaZulu-Natal www.greyhound.co.za
Ho kwalwa mohla la: 31 Phato 2006
SETLANKANA SA HO KENELA
Tlatsa setlankana sa ho kenela mme o se romele ho: BONA/Holiday At The Sea Competition, Box 32067, Mobeni, 4060.
Lebitso: ....................................................................
Aterese: ..................................................................
.............................................Khoutu:........................
Mohala/Cell: ...........................................................
(Ka kopo re nehe nomoro eo o fumanehang ho yona motsheare.)
Potso: Re bolelle mabitso a mararo a batshehetsi ba tlhodisano ena. Karabo: ....................................
................................................................................
................................................................................
Ho kwalwa mohla la: 31 Phato 2006.
BONA SESOTHO - August 2006
