

Ho tlaleha motho ya lahlehileng

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tshebeletso ena e etsa hore setjhaba se kgone ho tlaleha motho ya lahlehileng. O ka tlaleha motho hore o lahlehile hang feela ho ba o belaele hore ho na le ho etsahetseng ho yena.

Ha ho na nako ya ho leta ho tlaleha motho ya lahlehileng. Ha lepolesa le sa batle ho o thusa, tseka ho bua le ya ka hodimo ho lona, mme o tswele pele ho etsa jwalo ho fihlela o fumana thuso eo o e hlokang. Ha o batla ho tseba haholwanyane ka bana ba lahlehileng, e ya weposaeteng ya South African Centre for Missing Children.

Hodimo

Mehato e latelwang

Ha o belaela hore motho ya itseng o lahlehile, leka ho iteanya le yena pele.
Ha o sa kgone ho fumana mohlala wa hae, e ya seteisheneng sefe kapa sefe sa mapolesa kapa ditshebeletsong tsa ditlelaente ka potlako.
Fana ka lesedi le itseng ka motho eo, mme senepe sa hae sa moraorao e ka ba sona se ka sebetsang haholo.
Tlatsa foromo ya SAPS 55  e be o saena indemnity form e sireletsang ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa  ditlalehong tseo e seng tsa nnete.
Ha motho ya lahlehileng a fumanwe, e ya seteisheneng sa mapolesa moo motho eo a ileng a tlalehwa teng ho ya tsebisa lepolesa kapa mohlanka ya fuputsang nyewe eo.
Tlatsa foromo ya SAPS 92 ho etsa hore ho hlakolwe motho ho circulation system  e tshwanetseng.

Hodimo

Molao o sebediswang



South African Police Service Act, 1995  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

O ka tlaleha motho ya lahlehileng seteisheneng sefe kapa sefe sa mapolesa, e seng feela moo motho ho belaelwang hore o lahlehile teng.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Reporting a person missing, SAPS 55 A 
Cancellation on circulation system at the Missing persons bureau, SAPS 92 


Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


Biro ya Naha ya Batho ba Lahlehileng

Head office 012-393 2002
Gauteng /Limpopo/North West 011-607 6316
Western Cape 021-918 3452
Free State / Northern Cape 051-503 2862
Eastern Cape 041-394 6640
Kwa-Zulu Natal 031-325 4757
Mpumalanga 013-249 1138


Kapa BotjhabelaFreistata
Gauteng
KwaZulu-Natal
Limpopo
Mpumalanga
Leboya Bophirima
Kapa Leboya
Kapa Bophirima


