

Ditsha tsa 10 111

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Sena ke setsha sa mehala sa thibelo ya bonkiwane sa dihora tse 24 se sebetsanang le ditletlebo tsa setjhaba. Mehala e ka letswa ka tshebediso ya fonofono ya Telkom kapa selefounu. Mehala yohle e kenang setsheng e ya hatiswa.

Hlokomela: Letsetsa nomor ena feela nakong ya tshohanyetso. O se ke wa e sebedisa hampe, hobane

o thibela mehala ya batho ba tsietsing ba hlokang thuso ya sepolesa

ke tshenyo ya nako ya sepolesa kaha sepolesa se tla lokela ho kganna kapa ho fofela sebakeng seo o reng ke sa kotsi

ke tshebediso e mpe ya disebediswa tsa sepeolesa kapa sepolesa se tla romelwa moo e leng hore ha ho hlokehe

bakeng sa ditletlebo tse sa potlakang le dipotsiso tse tlwaelehileng, letsetsa poliseteishene e haufi.


Hodimo

Mehato e latelwang

Letsetsa nomoro ya mohala ya 10 111 hohle kahara Afrika Borwa.

Motho ya amohelang mehala setsheng o amohela mohala mme o nka lesedi lohle le hlokehang

Lesedi leo le a bolokwa mme o fuwa nomoro ya boitsebiso  bakeng sa ho netefatsa tsebiso ya kamoso.

Tletlebo eo e fetisetsa ho Setsha sa Tshebeletso ya setjhaba se haufi koloi ya karolo eo kapa koloi ya lekala le potlakang .


Hodimo

Molao o sebediswang



South African Police Service Act, 1995  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Mehala yohle e kenang e arabjwa kapele.

Hodimo

Ditjeo

Ha o letsa ka mohala wa telkom : Tshebeletso ha e lefellwe

Ha o letsa ka selefounu : O lefiswa tefiso e tlwaelehileng yab selefounu


Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Ha ho diforomo tse tlatswang.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


