SOTHO.1267.legal
BONA SESOTHO - June 2006
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
O lonngwe ke ntja
Mohatsaka le ngwana wa rona ya dilemo di hlano ba ne ba ntjhaketse motseng o ke sebetsang jareteng ya teng. Ka nako eo ba sa ntseng ba le moo, ntja ya mohiri wa ka ya loma moradi wa ka. O ne a lemetse ha bohloko sephakeng hona hoo ngaka e neng e mo roke dititjhe tse 12.
Ntja ena e ne e so ka e halefa hakana, mohatsaka o ne a hlola a ntjhaketse mme e ne e sa mo etse letho ho fihlela e re tjhentjhela ka letsatsi leo.
Monga yona a hana ho lefella ditjheho tsa ngaka. A re mohatsaka le ngwana, hohang ha ba na tokelo ya ho kena ka hara jarete ya hae mme hape o ne a sa tsebe hore ntja eo e ka halefa hoo e ka lomang ngwana habohloko hakaalo hobane e tlwaetse batho.
Empa nako le nako ha mohatsaka a ntjhaketse o ne a so ka a tletlebiswa ke hona. Ke lokela ho etsa jwang"
TT, Gauteng
lMohatsahao le ngwana ba ne ba sa kena ka hara jarete eo ntle ho molao.
Mohatsao o ne a o tjhaketse jwalo ka tlwaelo. Hore ntja eo e ne e sa halefe ha e mo bona ha se lebaka le ka etsang hore monga yona a itshireletse ka lona ha e lomme ngwana. Molao o re ha phoofolo e itshwara ka mokgwa o mokgelo ho tse ding (e halefa ka mokgwa o sa amohelehang) ya loma batho, monga yona o lokela ho rwala boikarabello ba tshenyo efe kapa efe eo e tla etsahala.
Ha o ka hlahisa bopaki ba hore ntja eo e ruilwe ke monga motse oo mme hape ngwana eo ha a e qala hohang mme wena o senyehetswe ke tjhelete ha ngwana wa hao a utlwile bohloko bo tshabehang, o na le tokelo e nepahetseng ya ho mo qosa.
Phoofolo e entseng tshenyo e lokela hore ebe e le e ruilwe lapeng leo. Mme ho ya ka lengolo la hao ho fela ho le jwalo.
O tla hloka hore o fumane ditokomane tsohle tsa ditjeho tsa ngaka e neng e alafa ngwana. Hape, o tla hloka ho kgutlisetsa ngwana ngakeng hore a boele a hlahlojwe hore o a fola kapa tjhe le hore ha a hloke ho etswa opereishene ya ho lokisa letlalo la hae ka 'plastic surgery' ho fokotsa maqeba kapa tjhe. Ditjheho tseo mmoho le tsa opereishene haeba e hlokahala, kaofela ke tseo o tla di batla ho monga ntja ho latela molao. Ngaka ya hao e tla lokela ho o ngolla raporoto ya kalafo.
O tla hlalosa ka moo leqeba le neng le le ka teng mohla letsatsi la pele le kalafo eo a neng a e nehe ngwana le hore ka mora nako ha o mo kgutlisa o ne a se a le jwang, a hlalose bohloko boo ngwana a bo utlwileng, a bolele ditjeho tsa hae le tsa meriana le hore o nahanela hore kalafo e tla latela e tla bitsa bokae. O lokela ho boela o ngola lethathama la meriana ya mahloko eo o neng o e rekela ngwana wa hao le hore e bitsa bokae.
Ha tsena tsohle di se di feletse, o lokela ho ikopanya le mmuelli wa hao ya tla shebisisa maemo mme a bone hore le hloka ho batla bokae bakeng sa ditshenyehelo tseo tsohle ho monga ntja.
Re na le tshepo e tiileng ya hore nyewe ya hao e tla atleha mme monna eo o tla tlameha ho o lefa. [s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
