SOTHO.1261.Metropolitan
B 5034_12_09
Re bua le TUMI ka TJHELETE
Hobaneng ke hloka moeletsi wa tjhelete"
Hobane o na le bokgoni ba ho o eletsa ka moo o ka sebedisang tjhelete ka teng. Ha ho bonolo ho hlophisetsa bokamoso ka bohlale. Moeletsi o thusa ho phetha seo hantle. Ho na le diinshorense tse ngata le maano a ho boloka tjhelete ao o lokelang ho kgetha hara ona, kapa o lokelang ho tseba hore a o loketse le ba lelapa la hao kapa tjhe. Athe baeletsi ba dutse ba tsebiswa ka mekgwa e metjha ya ho boloka tjhelete mme a ka o hlalosetsa hantle ka yona.
Moeletsi o tla o thusa ho hlophisetsa bokamoso ka ho etsa Tlhahlobo ya Lekunutu ya Ditlhoko tsa Moreki (o ka bala ka yona, Confidential Customer Needs Analysis ena karolong e ka tlase). Ho ralwe tsamaiso e tla dumellana le ditlhoko tsa hao ho ya ka moputso wa hao le ditlhoko tsa hao tsa kamoso. Wena le moeletsi wa hao le tla hlophisa merero e tla o lokela. E sa tshwaneng le ya batho ba bang, ka ha motho ka mong o a ikgetha. Hape o boele a o eletse ka ho ba le lenaneo la mohato la taolo ya ditjhelete e leng seo e tla ba tharollo.
Confidential Customer Needs Analysis ke eng (CCNA)"
Ke Tlhahlobo ya Lekunutu ya Ditlhoko tsa Moreki, mona moeletsi o shebisisa mefuta ya diinshorense tseo o di hlokang bakeng sa bokamoso boo o bo labalabelang. Ho qalwa ka ho utlwisisa maemo ao re leng ho ona. Ho kenyeletswa le thepa (jwalo ka ntlo le koloi), moputso wa hao, le hore o sala le bokae ka mora ho lefella mekitlane yohle ya hao ya kgwedi le kgwedi. Ho na le tjhelete e ka bolokwang. Empa moeletsi o tla hloka ho tseba ditabatabelo tsa hao tsa bokamoso - jwalo ka ho bolokela bana ba hao tjhelete ya dithuto; ho ja ha monate ha o se o le pensheneng; ho ba le tjhelete e lekaneng bakeng sa maemo a tshohanyetso kapa inshorense e tla lefella ba lelapa la hao ha o ka shwa. Moeletsi o tla etsa lenaneo le tla qala ka nako eo ho ya dilemong tse 10, 20 kapa 30 tse tlang.
Endowment policy ke eng"
Ke mokgwa wa ho boloka tjhelete bakeng sa nako e telele, hangata e be dilemo tse 5, 10, 15, 20, 25 kapa 30, empa ka kakaretso, o ka e boloka dilemo tse 15. O ikgethela nako e tla dumellana le wena. Mafelong a nako eo le dumellaneng ka yona, ke hore ha matsete a sutsa, o tla lefshwa tjhelete eo. Matsete a mofuta ona a matle haholo leha o ka boloka tjhelete e nyenyane ka kgwedi, o e fumana e se e le ngata. O ka e sebedisa ka ho rata ha hao. Hape ha o ka shwa pele ho nako eo, tjhelete e lefuwa ho ba lelapa. Athe dipholisi tse ding tsona di a o lefa leha o ka kula haholo mme o tlohela ho sebetsa. O ka boela hape wa ntsha tjhelete ya hao pele ho nako eo le dumellaneng ka yona. Empa o lefshwa tjhelete e ka tlase ho eo le neng le dumellane ka yona. Tjhelete eo o tla e fumana e tla ya ka hore o na le nako e kae o qadile ho lefella pholosi eo le hore o ne o lefa bokae. Ho molemo ho se tlohele matsete a hao pele ho nako eo le dumellaneng ka yona. Ho lefella pholosi nako e telele, ho etsa hore o fumane tjhelete e ngata.
Tumi ke e mong wa baeletsi ba ha Metropolitan, o na le dikeletso tsa bohlokwa. Tumi o tla o eletsa, a o mamele mme a arabe dipotso tsa hao tse mabapi le ditjhelete, ho etsa matsete, le ka diinshorense. Ngolla Tumi bakeng sa dikeletso tsa ditjhelete le ka moo a ka o thusang ka teng ho itlhophisetsa bokamoso bo botle le ba lelapa la hao.
HAPE! Se fetwe ke Tumi kgatisong e latelang ya iMali'Yam, paleng ya rona ya metlae e ratwang. O ka inkela ya hao khophi ya mahala ya iMali'Yam neng kapa neng dikantorong tsa ha Metropolitan.
Romela dipotso tsa hao ho Tumi ka e-mail ho chat2us@metropolitan.co.za
kapa o ba letsetse ho 0860 724 724.
*Ka kopo, ela hloko hore ditlhalosetso tse leqepheng lena ke tse tlwaelehileng feela mme ha se tsa keletso e ikgethang ya tsa ditjhelete. Bakeng sa dikeletso tse ikgethang ka ditlhoko tsa hao tsa tjhelete, buisana le moeletsi ya amohelehileng wa ditjhelete.[s]
