sotho.998.colds
Dula o phetse hantle
Hlola
kokwanahloko ya
serame mariheng ana
E menyenyane haholo menyetla ya hore o ka phema ho kenwa ke mokgohlane ntle ho motho ya phelang a le mong. Nnete ke hore hohle moo batho ba leng teng, kokwanahloko ya mokgohlane le yona e dutse e le teng...
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka GALLO IMAGES/GETTY IMAGES
KE ENG"
Batho ba bangata ba kenweng ke serame ba atisa hore: "Ke kenwe ke mokgohlane" empa bonneteng, ba kenwe ke serame feela se tlwaelehileng.
Hangata serame se qala ka mmetso le mamina mme le mahanana a thibane.
Mokgohlane o nkwa o le kotsi ho feta serame feela se tlwaelehileng. Bathong ba bang tlhaselo e nyenyane feela ya mokgohlane e ka nna ya eba kotsi haholo bophelong ba bona ka nako e nngwe ha e sa alafshwe ka pele. Ba kotsing haholo ke masea, maqheku le bao masole a mmele ya bona a seng matla.
Dingaka di o bitsa ka mabitso a thata empa nnete e le hore sesosa sa mathata ana kaofela ke kokwanahloko, phapang ke hore serame seo ba bang ba reng ke sefuba se hlasela haholoholo methapo ya moya athe mokgohlane ona o hlasela mmele kaofela.
Mokgohlane o tlwaelehileng le ona o ka nna wa ba manganga ho alafeha mme ho dumelwa hore o tsoswa ke kokwanahloko e kgoramelang mahananeng le mmetsong. O bonahala ka mekgwa e batlang e tshwana bathong ba bangata. Mokgohlane o na le matshwao a ngata
LETSHWAO LA SERAME
Se kenyeletsa le:
n Mmetso o bohloko.
n Mamina le dinko tse thibaneng.
n Ho kgohlela le bohloko ka sefubeng (ka nako e nngwe).
n Mokgathala - mohlomong hobane motho a sa robala hantle ke ho thibana dinko!
Nako: Tsena tsohle di lokela ho ba betere dibekeng tse pedi ho ya ho tse nne empa ka mora matsatsi a 10 teng o lokela o be o fodile.
MOKGOHLANE
O phakisa ho bonahala, ka nako e nngwe o ba le tsena tse latelang ka nako e le nngwe:
n Feberu.
n Hlooho e opang.
n Mesifa e bohloko.
n Mmetso o bohloko.
n Mahlo a bohloko.
n Motho a hatsele a tjhese (a fufulelwe mme a thothomele hape ke serame).
n A kgathale haholo.
n Pelo e nyeke a be le modikwadikwane.
Nako: Ho opelwa ho fela ka mora matsatsi a mane ho ya ho a supileng. Mokgathala le ho kgohlela ho ka nka le dibeke tse tharo.
O KOPA THUSO NENG
Dipidisi di bolaya dikokwanahloko e seng bakteria ke ka hona ho leng bohlokwa ho alafa sesupo seo o se bonang ka nako eo.
Ka nako e nngwe serame le mokgahlane di ka nna tsa qetella di buletse le bakteria monyetla wa ho hlasela haholoholo maseeng le bathong ba bang bao masole a mmele ya bona a seng matla - ke ka hona ba nehwang kalafo ya ho bolaya dikokwanahloko tsena.
Ela tse latelang hloko:
Ho kgohlela ka matla - haholoholo baneng mme ba be le mokgokgothwane.
Ho hema ka thata.
Ho kgohlela haholo (matsatsi a ka hodimo ho a 10) mme o be le dikgohlela tse tala kapa tse mmalana kapa di tswake le madi.
Feberu e sa feleng.
Ho opelwa ke tsebe ha bohloko kapa ona mmetso matsatsi a mane.
THIBELO
Boloka matsoho a hlwekile:
Ho bohlokwa ho tiisa melao ya tlhweko ka lapeng haholoholo ha le le lelapa le leholo ka nako ena eo mekgohlane e leng matla haholo ka yona. Ha re kgohlela mme re ithetsa melomo le dinko, ho bonolo hore re qetelle re tshwaeditse ba bang le rona re boele re kenwe ke dikokwanahloko tseo hape. Ho bua nnete, motho o tshwaetseha ka mokgohlane le ka ho dumedisa e mong ka letsoho kapa hona ho thetsa monyako kapa mohala o neng o tshwerwe ke ya nang le ona.
Ntho e ka re thusang feela mona ke ho dula re hlatswa matsoho kgafetsa ka sesepa le ka metsi a tjhesang.
Lahla di-tissue tse seng di sebeditse ka moqomong wa dithole kapa o di kenye ntlwaneng.
Eja tse nang le phepo:
O ka matlafatsa masole a mmele wa hao ka ho ja dijo tse nang le phepo e phethahetseng. Leka ho ja ditholwana le meroho e mengata e foreshe. Garlic e na le phepo ya bohlokwa mme hape e a alafa, se e lebale dijong tsa hao. Athe ha o sa rate lephoka la yona ka hanong teng, o ka hlafuna parsley ka mora ho e ja.
Dipidisi tsa divitamin le tsona di a thusa twantshong ya dikokwanhloko. Dikhemesi tse ngata di na le meriana e ka thusang ho matlafatsa masole a mmele. Buisana le rakhemisi.
Dula o le mafolofolo:
Se dumelle mokgohlane ho o lahla fatshe. Iphe nako ya ho otlolla maoto ka ho tsamaya. Bapala. Etsa leha e le mofuta ofe feela wa boikwetliso hobane ho tla phaphamisa le masole a mmele.
NALE
Dingaka di kgothaletsa batho ho hlaba nale ya ho thibela tlhaselo ya mokgohlane haholoholo baneng ba banyenyane, maqheku le batho bao masole a mmele ya bona a fokolang. Ditliliniking tse ngata le dipetleleng tsa mmuso dinale tsa mofuta ona di a fumaneha, mahala. [s]
BONA SESOTHO - July 2007
BONA SESOTHO - July 2007
Thoba mahloko
lO ka thibolla dinko ka Friars Balsam kapa eucalyptus oil - di fumaneha ka theko e tlase dikhemising tse ngata. Tshela marothodi a mmalwa metsing a tjhesang mme o arubele (ela hloko o se itjhese mme o kwale le mahlo, o heme moya oo).
O ka kgakgatsa ka metsi a letswai ha mmetso o le bohloko (tshela le halofo ya kgabana ya letswai ka koping ya metsi a futhumetseng).
Ho sidila ka menthol (jwalo ka Vicks) le hona ho a thusa.
Enwa metsi a mangata hore mmele o se fellwe ke metsi. Sopho ya nama ya kgoho ha e monate feela empa e boetse hape e thoba mmele mme ditsebi di re mafura le dinoko tsa yona di thibolla mahanana.
lHape ho na le meriana e mengata e fumanehang e ka thusang ho fokotsa tlhaselo ya mokgohlane, motho a ikutlwe a le betere. Rakhemisi o tla o eletsa.
