sotho.991.drogba
... ka nako e nngwe o sebedisa letsoho.Didier Drogba ke e mong wa dinaledi tsa bolo tse morusu...
Ke setlabolane sa ka bophirima ho Afrika
Ka nako e nngwe ke a itiha...
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka GALLO IMAGES/GETTY IMAGES
YAMOUSSOUKRO e ka nna ya ba motsemoholo, empa Abidjan e ntse e le yona setsi sa tsa kgwebo sa Côte d'Ivoire. E mane Ébrié Lagoon, ka mose ho letoto la dihlekehleke tse hokahantsweng ka marokgo.
Ka ho le leng, e a tjhesa hape e mongobo hobane e haufi le lewatle athe hape e tletse mekopakopa le barekisi.
Abidjan e nkuwa e le "Paris ya mona Afrika Bophirima" ka lebaka la botle ba dipaka, mabenkele, a tsa feshene, diyunivesithi le dibaka tsa sehopotso.
Ha ho makatse ho fumana hore Didier Yves Drogba Tébily, ya hlahetseng naheng eo mohla 11 Hlakubele ka 1978, e be e mong wa batho ba tummeng.
Jwalo ka ha le botle boo ba Abidjan bo ne bo ntse bo thefulwa ke merusu, ka tsela e tshwanang le talente ya moshemane enwa le yona e kile ya tsukutlwa ke mathata.
Moshemane enwa pele e finyella maemong a hodimo ao a leng ho ona papading ya bolo kajeno, o fetile mathateng a mangata.
DROGBA o ne a le dilemo di hlano feela ha a ne a romelwa Fora ho ya dula teng le malomae. Malomae, Michel Goba, e ne e le sebapadi sa bolo sa profeshenale mme ke yena ya neng a kgothaletse Drogba ho kena papading ya bolo. Hore Drogba a finyelle maemong ao a leng ho ona kajeno, ke ka lebaka la bakwetlisi ba bararo.
Ka mora ho bapalla dikarolo tse ngata, e ne e re a le dilemo di 14, o ne a tlohele bolo mme a tsepamisa kelello ya hae dithutong. Hang ka mora moo, o ne a latwe hape ke Jacques Loncar, wa PE eo e neng e le titjhere hape e bile e le mokwetlisi sehlopheng sa ba banyane mane motsaneng o haufi le Paris.
"Didier o ne a dule sebakeng sa 50km ho tloha motsemoholo wa sehlopha, e leng se neng se etsa ho be boima ho yena ho ikwetlisa le sehlopha," ke Loncar eo. "Hore a fihle moo, o ne a tlameha ho palama bese le terene e leng se neng se etsa a dule a fihla ka mora nako.
"O ne a fallele Levallois mme bophelo ba hae ba fetoha. Ke ne ke netefatsa hore o fihla ka nako le hore o ja ka nepo, e seng masametjhe le di-burger.
"O ne a phakise ho intlafatsa mme jwale a qala ho hlaba dintlha lenyelenyele, a hlaba tse 20 ho ya ho tse 25 ka selemo ha a ne a le dilemo tse pakeng tsa tse 14 le tse 18. "
Loncar o ne a kgothaletse hore Drogba a ye ho Le Mans, mme o ne a ikamahanye le sehlopha se senyane sa sehlopha seo ka 1997 yena a le dilemo di 19 feela. Ke hona mona moo a neng a qale dikamano le mokwetlisi wa profeshenale wa sehlopha seo sa Marc Westerloppe.
Drogba o ne a bapale papadi ya hae ya pele sehlopheng seo sa Westerloppe dikgweding tse mmalwa ka mora moo, empa o ne a kgathatswe haholo ke ho lemala le ho hloka boitshepo.
"Ho ne ho mo nke dilemo tse nne kaofela hore a qetelle a hlotse ho lemala hoo ha hae mme e ne e le ha a le dilemo di 22 ha a ne a qala ho hlwa mekwalaba."
Ka mora moo, Westerloppe o ne a ye sehlopheng se seng, empa mohlahlami wa hae ha a ka a tsotella moshemane enwa.
DROGBA ya bolele ba 1,9m o ne a se a dutse e ba e mong wa malebela. Talente ya hae e ne e sa ntlafale jwale. Guy Lacombe, e mong eo e neng e le mokwetlisi wa sehlopha sa ba banyane sa Le Mans, o ne a mo nke a mo kenya sehlopheng sa hae sa ba baholo sa, En Avant Guingamp.
"O ne a phela jwalo ka batjha kapa baithuti bohle, empa o ne a tlamehe ho fetola bophelo ba hae," ho hopola Westerloppe ya neng a dutse a behile Drogba leihlo. "O ne a ikwetlisa hantle, empa ho ne ho le teng dintho tseo a neng a tlameha ho di etsa jwalo ka ho robala mantsiboya, a di rahe ka matjeke a be a je ka nepo.
Lacombe o kgolwa hore ho fihla ha Drogba ho Guingamp le ho hlaba ha hae dintlha tse 29 ka halofo feela ya selemo, ho ne ho mo fetole kelello.
"Didier ho ne ho mo nke nako ho itshepa," ke yena eo. "Ha a se a qadile, ha a shebe morao."
Bokgabane ba papadi ya Drogba ho Guingamp bo ne bo etse hore a be a nkuwe ke sehlopha se seholo sa Fora, Olympique de Marseille.
Marseille e ne e le mathateng mme Drogba o ne a e thuse haholo jwalo ka ha a ne a hlabe dintlha tse 19 mme a hapa kgau ya ho ba Sebapadi sa Selemo sa Fora.
Hape o ne a bapale ka bokgabane ho UEFA haholoholo kgahlano le Newcastle moo a neng a hlabe dintlha tse pedi mme a qetella a fumane metale papading ya bona ya makgaolakang e neng e haptjwe ke Valencia.
HO rekwa ha hae ka £24 million ke Chelsea ka Phupu 2004, e ne e be nalane. O ne a potlake ho tlwaela FA Premier League, a ba a hlaba ntlha papading ya hae ya boraro kgahlano le Crystal Palace.
Ka mora moo, o ne a phomole dikgwedi tse pedi kaofela ka lebaka la ho lemala, empa ka mora moo, o ne a thabele ntlha ya hae ya bobedi ho Premier League, Thierry Henry ke yena feela sebapadi se neng se mo jesetsa kgwebeleng.
Drogba selemong sa hae sa pele ho Chelsea o ne a e hlabele dintlha tse 16 dipapading tse 40. Chelsea e ne e hape sekola sa Premiership, athe hape yena Drogba le mohopeng wa Carling o ne a hlabe ntlha nakong e ekeditsweng moo ba neng ba hlole Liverpool ka 3-2 mane lebaleng la Millennium.
O ne a qale selemo sa 2005/06 hantle ha a ne a hlaba dintlha tse pedi ba hlola Arsenal ho Community Shield. E ne e be sebapadi sa letsatsi dipapading tse pedi tseo ka bobedi ba neng ba di hlole ka 4-1 kgahlano le Liverpool le West Ham United.
HO ne ho be le pherekano nakong eo ho neng ho bolelwa ha Drogba a ne a entse bonokwane papading eo Chelsea e neng e hlole Manchester City ka 2-0 ho yona. Ho ne ho bolelwa ha a ne a lokise bolo ka letsoho pele a hlaba ntlha ya bobedi papading eo. Seo se ne se ba hopotse Diego Maradona ya neng a tumme ka seo. Ho ne ho bolelwa le ha a rata ho itiha
O ne a dumele puisanong e nngwe ya hae le BBC hore ka nako e nngwe o e a itihe.
"Papadi e bohlaswa" e ne e etse hore a se bapale ho e nngwe ya dipapadi tsa bohlokwa nalaneng ya Côte d'Ivoire...
Drogba o ne a thuse Côte d'Ivoire ho kena dipapading tsa Mohope wa Lefatshe wa Jeremane wa 2006 moo a neng a hlabe dintlha tse robong kaofela dipapading tsa tlhekelo ya mohopeng ona e leng nalane e ntle haholo matjhabeng.
Mane Jeremane, Côte d'Ivoire e ne e pannwe le dihlopha tse kang Serbia And Montenegro, Netherlands le Argentina. Drogba o ne a hlabe ntlha papading ya bona ya pele mohopeng oo mohla 10 Phupjane, 2006 moo ba neng ba hlolwe ka 2-1 ke Argentina.
Côte d'Ivoire e ne e ntshwe mohopeng ona ka mora ho hlolwa ke Netherlands ka 2-1, empa jwalo ka ha Basotho ba bolela ba re ha e iphetetse ka e e hlabileng, e ne e hlole Serbia And Montenegro ka 3-2.
Empa Drogba o ne a le siyo papading eo ka lebaka la dikarete.
O ne a bolele ho TV ya Jeremane hore o motlotlo ka bomphato ba hae, le Afrika kaofela.
BO raditaba ba Brithani ba ne ba bolele ha Drogba a ne a rata ho boela sehlopheng sa Marseille. Empa ngwangola o ne a qete menyenyetsi eo ka hore a tsoseletse tumellano ya hae le sehlopha mme jwale o tla bapala le bomphato ba hae ba kang Michael Ballack, Andriy Shevchenko, Salomon Kalou le Mikel John Obi.
Ho fetola mawa ha sehlopha ho tloha leweng la 4-3-3 ba fetohela ho 4-4-2, ho ne ho etse moshemane enwa a bapadiswe kgafetsa mmoho le Andriy Shevchenko.
Selemong sena Drogba o tjhentjhile nomoro ya 15 a nka 11 e neng e siuwe ke Damien Duff e leng nomoro a e sebedisang le sehlopheng sa naha ya habo.
Ho fihlela ka Hlakola 2007, o ne a se a na le dintlha tse 28 kaofela ho Chealse tseo ho tsona tse 17 e leng tsa liking, e leng se mo etsang a itsamaele a le mong ka dintlha. Ka Hlakubele o ne a kgethwe jwalo ka Sebapadi sa Selemo sa
Afrika. [s]
BONA SESOTHO - May 2007
LE LETSHEHADI: Didier le kgau ya hae ya ho ba Sebapdi sa Selemo sa Afrika.
HODIMO LE LETSHEHADI: Leha a le morusu, Drogba ke thatohatsi ho balatedi.
BONA SESOTHO - May 2007
u
t
Drogba o ipabotse
KA HODIMO: Drogba o papading kgahlano le Chelsea.
BONA SESOTHO - May 2007
