sotho.1259.liopelo
Ke dikgathatso" Nna"
HA KE DUMELE!
DINALEDI
O kgutlile ka sekgahla - ho fedile dilemo tse pedi kaofela bahlahise ba bangata ba sa rate ho sebetsa le yena hobane menyenyetsi e re o manganga, ha ho bonolo ho sebetsa le yena
E NE e se ka boithatelo hore Liopelo Mphahle a qete dilemo tse pedi ho se pale eo a bapalang ho yona. O re bahlahise ba ne ba re ho boima ho sebetsa le yena.
"Ho ne ho ntshwara hampe," ho rialo sebapadi sena se ileng sa tuma ho Backstage le Muvhango. "Ha ho karolo eo ke ileng ka e nehwa nakong eo kaofela. Ke bona e ka motho ohle o ne a boleletswe hore ho boima ho sebetsa le nna, e leng masawana feela ao."
Leha ho le jwalo, ho teng ba e boneng talente ya hae jwalo ka ha a se a bapala paleng ya ka Sontaha e bitswang Moferefere, e ho SABC 2 a e na le Patrick Shai.
Liopelo o boela hape a hase lenaneo la Afro Cafe le Stone Seate wa Bongo Maffin, e leng ntho e mo isang ditlelapong le meketeng ya bosiu. "Ha se bahlahise bohle ba kgolwang hore ho boima ho sebetsa le nna," o boletse jwalo a ntse a bososela.
Ho Moferefere, o bapala karolo ya Lesego, mosadi wa morui wa ditoropong eo monnahae a nang le polasi mane Foreisitata. Ba ne ba fallele moo mme jwale Lesego o tlameha ho tsoha ka hora ya botshelela hoseng a etse mesebetsi e mengata, a ntse a hopola menate ya Jozi.
"Ke bapala karolo ya motho ya ratang bophelo bo potlakang," ho bolela Liopelo. "Ke a tseba hore batho ba bangata ke ntho eo ba e rata eo, empa bophelong ba ka ba nnete, ha ke tshwane le Lesego hohang."
Nahana feela... o bua le yena lebenkeleng le pele la dijo mane Rosebank, Liopelo o a bonahala hore ke motho ya tswaletsweng lapeng la barui. O na le koloi ya Z4 a e filweng ka ho qeta hantle dikgaolo tse 26 tsa Moferefere ntle le mathata. O boetse hape o na le mokotla o motle le mabenyane a tshwantshetsanang.
"Ke ile ka ipha nako ya ho ithabisa," o boletse jwalo. "Ke ile ka sebetsa ka thata ho kgutlela ho TV. Ha o le maemong a kang ana, o tlameha ho itshepa, o tihe hobane ho ka etsahala ho be bobebe ho tsamaya o thetswa ke banna ba re ba a o rata."
"Ke a bo rata bophelo bo monate," ke yena eo. "Ke mosadi ofe ya sa bo rateng" Empa ha ke sebedise mmele wa ka ho bo fumana. Ke sebetsa le basadi ba etsang sena, empa sena ha se ntshetse pele mosebetsi wa ka.
"Ke phakisitse ho hlokomela hore maikutlo le meetlo ke dintho tsa bohlokwa." Liopelo o na le mohlankana eo e leng rakgwebo.
Mosebetsi wa hae wa Afro Cafe o mo etsa a be maphathephathe, jwalo ka ha a tlameha ho ya meketjaneng ya bosiu, a be le dipuisano le dibini tse ngata jwalo ka ha a ne a etse ho Maxwell le Oleta Adams mane ho Macufe 2008 ka Mphalane. "Ho sebetsa le dinaledi tse pele lefatsheng tse kang Stoan Seate ke ntho e pele ho nna," ho rialo Liopelo. "Botle le bokgabane ba TV, ke dintho tse fetofetohang beke le beke."
Yena seo a se kgethang ke ho iphomolela le batho ba hae - ke bolela ba lelapa le metswalle mmoho le basebetsi mmoho le yena.
Ngwahola nakong eo ho neng ho na le menyenyetsi ya hore o hloka tjhelete mme o se a nahana ho kgutlela dipaleng, Liopelo yena o bolela ha a ne a le Rio a ilo shebella Brazilian Grand Prix le motshwari wa hae, Lisa Modisane.
"Ke a rata ho shebella Formula One," o boletse jwalo a ntse a bososela. "Toro ya ka ke ho ya Monte Carlo ho ya shebella Monaco Grand Prix. Ntle ho moo, ke na le koloi ya ditoro tsa ka."
Koloi ena ya hae e mmala o silivera, e thusa Liopelo mosebetsing wa hae. Ha a ne a qetela ho etela ba habo kwana Kapa Botjhabela, o ne a fumane tekete ya ho kganna ka lebelo le tlotseng molao.
"Ke ntse ke leka ho itlwaetsa koloi e matla jwalo ka Z4," o boletse jwalo. "E ne e re ha mapolesa a nkemisa, ke ne ke tsebe hore ha ho letho ntle ho lebelo. Ke ne ke le mathateng, ka bona ho le molemo ke etsise Leseko - ke ne ke tshele mapolesa ka dikgapha."
Qheka leo la ka le ne le ntshebeletse. "Ke e nngwe ya dikarolo tse pele tseo nkileng ka di bapala bophelong ba ka," ho bolela Liopelo a tsheha. "Ke ne ke le mosadi ya haulanang mme mapolesa a nkgauhela. "Ka mora moo, ke ne ke kganne ka hloko." [s]
Pale: Doug Gordon
Ke hlokometse hore mai-kutlo le meetlo ke tsa bohlo-kwa
