sotho.98.learning
Botswadi
Na ngwanahao o na le mathata dithutong"
Hore ngwanahao o na le mathata a ho ithuta, ha ho bolele hore a se ithute, empa o hloka thuso le tataiso ya hao...
e bokeleditswe ke PRIMROSE WILLIAMS
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
BONA SESOTHO - March 2006
BANA ba bangata ba ba le mathata sekolong ka nako e nngwe. Ba bang ba ba le mathata dithutong tse itseng, ha ba bang bona ba ba le mathata ka mokgwa o itseng wa ho rutwa. Empa ha mathata a hae a tota, seo se bontsha hore o na le mathata a ho ithuta.
Mathata ao ke afe"
Ana ke mathata a hore ngwana ya kelellong e tlwaelehileng a se kgone ho utlwisisa dithuto. Ho ba le mathata a mofuta ona ha ho bolele hore ngwana ke "sethoto." O na le kelello, mathata ke hore feela o na le mathata mona le mane ka dithuto.
Mathata a ho ithuta ha a tshwane le ngwana ya sethoto, yena ya nang le mathata kelellong, ho utlweng le ho boneng dintho.
Sesosa ke sefe"
A mangata a mathata ao ngwana a ka bang le ona dithutong mme ha ho bobebe ho a bolela kaofela. Leha ho le jwalo, boradipatlisiso ba qohollotse a mang a mmalwa a kang:
uLefutso - hangata mathata a kang ana o tla a fumana e le mathata a lelapa, o tla fumana hore ngwana o futsitse mangmang wa leloko ya nang le mathata ao.
uMathata nakong ya boimana le ya ho beleha - Mathata ana a ka bakwa ke ho kula kapa hona ho lemala nakong ya ho belehwa. Ho ka bakwa hape ke ho tsuba, ho nwa le ho sebedisa dithethefatsi nakong ya boimana. Hape ho ka bakwa ke ho belehwa ha lesea le fokola, ho hloka oxygen, ho belehwa pele kapa ka mora nako.
uDiketsehalo ka mora ho belehwa - Ho lemala hloohong, ho hloka phepo, ho hahlamelwa ke dintho tse kotsi tse kang loto, tlhekefetso esitana le ho se hlokomelwe ka nepo ha lesea.
uMafu a itseng - Lefu la tswekere, letshweya, ho lahlwa ha lesea esitana le tshwaetso ya mokgubu.
Empa ha ngwanahao a bonahala a na le mathata a ho ithuta, ha se bohlokwa hore o nne o shebe hore ho ne ho senyehe kae. Sa bohlokwa ke hore o ka mo thusa jwang.
Ke afe mathata a tlwaelehileng a ho ithuta"
Mathata ana a ka ama dintho tse ngata jwalo ka:
mHo bua Ngwana a ka ba le mathata a ho bua, a bue a potlaka, kapa a namolohe kapa a se kgone ho bitsa mantswe a itseng.
mHo ngola: A be le mathata le ho ngola kapa ho peleta.
mHo bala: A be le mathata a qapolla mantswe kapa hona ho a utlwisisa.
mDipalo: A be le mathata le dipalo esitana le ho utlwisisa melao ya teng.
mHo nahana: A se kgone ho sebedisa kelello ka nepo.
mKelello: A se kgone ho hopola dintho.
mSetswalle: E be mosollane, a se be le metswalle.
mMokgatlo: Ho ba le mathata a ho boloka nako le ho hlokomela dintho tsa hae.
Ba bang ba bana ba nang le mathata ana, ba hloka botsitso, ba phatsamiseha ka bonolo mme ha ba kgone ho tsepamisa maikutlo nthong e le nngwe.
Ke tlameha ho sheba eng"
Batswadi ke bona ba pele ba bonang ha ho le teng "se sa lokang." Haeba o bona tse ding tsa dintlha tse latelang ngwaneng wa hao, hlahlobisisa hore na ha a na mathata a ho ithuta na...
KERETJHE
uHa ngwanahao a bua morao ho ba bang.
uA sa kgone ho qapolla mantswe.
uA na le mathata ho ithuteng dinomoro, ditlhaku, matsatsi a beke, mebala le dibopeho.
uA hloka botsitso, a phatsamiseha ka bonolo.
uA sa be le metswalle.
uA sa kgone ho latela ditaelo.
uA sa kgone ho sebedisa pene kapa crayon.
GRADE 1-4
uA sa bone phapang ho dingolwa le dintho tse buuwang ka molomo.
uA sa tlwaele ho bala, ho peleta, ho ngola kapa tsona dipalo.
uA sa tsebe phapang ho le letona le le letshehadi; a sa bone phapang mantsweng esitana le dinomorong tse elellaneng jwalo ka 25 le 52, 'b' le 'd', kapa 'on' le 'no').
uA sa kgone ho hopola dintho.
uA dieha ho tseba dintho.
uA sa kgone ho bapala le ba bang, a sa bone dintho tse haufi le yena hape a sa kgone ho bona le kotsi e mo okametseng.
GRADE 5-8
uA tshaba ho bala haholo.
uA na le mathata le dipalo.
uA sa kgone ho ngola.
uA sa kgone ho tshwara pene hantle.
uA qoba ho ngola pale.
uA sa kgone ho hopola dintho.
uA se na metswalle.
Seo o ka se etsang
Ho hlahoba mathata a ho ithuta ha ngwana e sa le nako, ho bohlokwa molemong wa hae dithutong le bophelong. Ha o belaela hohong, ho molemo hore o mo batlele thuso e sa le nako. Se lebale hore ke wena ya tsebang ngwanahao ho feta motho ohle.
O tlameha ho bonana le ngaka ka potlako mme hape o ikopanye le titjhere ya hae ho bona hore na a ka thusahala jwang. Ho molemo ho thusa ngwana pele mathata a hae a tota, a be a qetelle a feletswe le ke boitshepo.
Haeba mathata a ho ithuta a sa bonahale le hona ho rarollwa e sa le nako, a ka "beha ngwana ka mosing."
Re ka etsa mohlala ka hore, ngwana ya sa etsang dipalo maemong a poraimari, a ka ba le mathata karolong ya tsona e bitswang algebra ha a fihla mephatong e hodimo. A ka ferekana ho ya ho ile mme a qetelle e le sefelapelwana. Bana ba nang le mathata sekolong ba atisa ho hlahella e le ditlokotsebe, ho thwe ba "thibane," empa ba sa bonahale e le "dithoto."
Bana ba nang le mathata a ho ithuta ba ka atleha dithutong tsa bona ha feela ba ka fumana tshehetso le tataiso e nepahetseng. [s]
O ka kgona ho thusa ngwanahao haeba a na le mathata a ho ithuta.
BONA SESOTHO - March 2006
Nka mo thusa jwang ngwanaka ha a se a na le mathata ana..."
LEHA ho bolela hore ngwana o na le mathata a ho ithuta ho bonahala e le ntho e swabisang, empa ho ntse ho le bohlokwa molemong wa ho fumana tharollo.
mIthute ka mathata ana. Ha o se o tseba ka ona, o ka kgona ho ithusa, o thuse le ngwanahao.
mBua le yena ka bolokolohi o mo bontshe ka mathata a hae, empa o se lebale ho mo bolella hore o ntse a le bohlale mme o na le tsela ya hae e ikgethang ya ho ithuta.
mSheba hore ke eng eo a leng bohlale ho yona mme o mo kgothaletse ho tiisa ho yona.
mMo behele maemo ao a lokelang ho a fihlela.
mMo tataisetse ditseleng tseo a ka kgonang ho ithuta ka tsona.
mMo tshehetse boitekong ba hae mme o mo rorise moo a entseng hantle.
mMo thuse mosebetsing wa hae wa sekolo.
mBuisana le matitjhere o bone hore o fumana thuso a e hlokang. Ha ho se tswelopele buisana le matitjhere le tsebe ho fumana tharollo.
