sotho.97.soccer
'Ke phethisa toro
ya ka'
E ne e le sethibathibane sa boraro sehlopheng sa Chiefs, empa seo kaofela sa fetoha ka nako le motsotso ka papadi e le nngwe feela mme jwale Itumeleng Khune o iponahatsa e le sethibathibane se pele Afrika Borwa...
LEHA a kile a bapalla sehlopha sa naha sa ba dilemo di ka tlase ho tse 20 le tse 23, empa Itumeleng Khune ba bangata ba ne ba sa mo hlokomele pele ho selemo sena sa bolo.
Moshemane enwa ya dilemo di 20, o ne a fetohe naledi ka nako le motsotso, a amohela monyetla a neng a o nehwe ke Kaizer Chiefs mme seo sa mmetlela tsela e yang sehlopheng sa Bafana Bafana.
Leha AmaKhosi e sokola selemong sena ho hapa dipapadi, empa e ntse e le sehlopha se tummeng mme se bontshang ho mo tshepa moshemane enwa wa Ventersdorp.
Moshemane enwa o nyolletswe sehlopheng se seholo selemong sena sa bolo mme a fihla ya ba sethibathibane sa boraro sa Chiefs, a hlahlama Emile Baron le Markus Bockser wa Austria.
O ne a qale ho bapala sehlopheng se seholo selemong sena sa bolo kgahlano le Jomo Cosmos - ka mora moo, ha a ka ba a hetla ka morao.
Ka dikgwedi tsena tse mmalwa, o se a fetohile thatohatsi batshehetsing ba Chiefs, a ba a e thusa ho hapa tjhelete e ka hodimo ho dimilione tse nne mohopeng wa Telkom Knockout mme hape a kgethelwa sehlopheng sa naha se neng se le dipapading tsa Mohope wa Afrika mane Ghana ka Pherekgong.
Boitshepo
Jwalo ka ba mmalwa ba neng ba fihlele maemong a hodimo, Khune le yena o ne a lakatsa ho fihlella maemong ao. Mohla a neng a ya ditekong ho Chiefs, Khune o ne a robale seteisheneng sa terene, a sa rate ho fetwa ke monyetla wa ho bapalla sehlopha sena. O ne a fihle sehlopheng sena e le forose! Mokwetlisi wa hae Muhsin Ertugral o ikotla sefuba ka sethibathibane sena se sa leng senyane. Le mokwetlise wa sehlopha sa naha, Carlos Alberto Parreira o ne a kgethe Khune jwalo ka mothusi wa Rowen Fernandez le Moneeb Josephs nakong eo ba neng ba leba Ghana.
Leha a so ka a apara jeresi ya sehlopha sa naha, empa ba bangata ba bolela ha a tlameha ho ba le mamello ho fihlela nako ya hore a be mekwallong ya Bafana Bafana e fihla.
Khune ya tla kopanya dilemo tse 21 ka Phupjane, o bolela ha setumo se sa mo phatsamise ka letho. O re o ne a bolellwe hore ha a ka bontsha maikemisetso, a ka nna a fumana monyetla mafelong a selemo, empa o bona seo se potlakile haholo.
E bile maikemisetso le papadi e ntle ya Khune e neng e thuse Chiefs hore e hlole Sundowns ho makgaolakgang a Telkom Knockout selemong se fetileng.
Monyetla
"E ne e re ha ke nehwa monyetla wa ho bapala lekgetlo la pele, ka ipolella hore ke tlameha ho iponahatsa," ho hlalosa yena.
"Ke dimilione tsa batjha ba ratang ho bapalla Chiefs, mme nna ke fumane monyetla oo."
Khune o bolela hore ke sebete le maikemisetso a hlokahalang bakeng sa katleho, e leng seo yena a se etsang.
"O tlameha ho ba le maikemisetso hore o atlehe. Ke se ke ithutile ho ba kelello e tjhatsi," ho bolela yena.
Khune o re yena ha a ipone e le naledi leha a bapalla AmaKhosi.
"Ke Itumeleng Khune eo ba mo tsebang - ya dihlong ya hlomphang," ke yena a ntse a bonya. Baron jwale o tlameha ho dula bankeng mme Khune a tswelepele le mosebetsi.
"Ke mo tshehetsa haholo," ho rialo Baron. "O na le talente e babatsehang leha re tsekisana ka karolo eo re e bapalang sehlopheng. Ke motlotlo ka seo a seng a se fihletse ka nakwana feela. Ho a makatsa!" [s]
PALE MARK GLEESON DITSHWANTSHO GALLO
NALEDIYABOLO
u
t
'O tlameha ho ba le mamello ha o le maemong ana. Sena ke seo ke ithutileng sona'
Itumeleng le tse ding tsa dikgau tseo a seng a di hapile.
14
103
"Ke dimilione tsa batjha ba ratang ho bapalla Chiefs, mme nna ke fumane monyetla oo," ho rialo sethibathibane sena.
