sotho.978.Sonia
Re bua le Ntombi
Mabotle wa Generations, Sonia Mbele o re bolella lebaka le etsang hore a rate ho ba sebapadi esitana le ho reka diaparo...
HO HAPA kgau ya Sebapadi se Hlwahlwa Dipaleng tsa Marato ho Duku Duku ho thabisitse mme enwa ya dilemo di 28, Sonia Mbele mme o se a balwa hara dinaledi. Empa ha se tjhelete e etsang hore Sonia a hlwe mekwalaba sedikadikweng sena sa tsa boithabiso.
"Ke nnete ke thabela ho reka dieta tse ntle hohle moo ke tsamayang teng empa ho hapa kgau ho bohlokwa haholo ho nna," ho bolela yena.
"Ke dilemo jwale ke qadile ho sebetsa ka thata ke leka ho bontsha hore ha ke sebontshi feela sa ho etsa dipapatso tsa TV. Ho bapala karolo ya Ntombi ho Generations ke hona ho nthusitseng ho hlahisa bopaki ba sena.
"Ke batla ho kena dibaeskopong jwale."
Sonia ha a ithutela mosebetsi ona empa ha esale a ena le ditoro tse kgolo ka ona. "Ke ne ke hlola ke shebelletse TV mme ke kgahlwa haholo ke dibapadi," ho bolela yena.
"Ke sa kgahlwe ke botle feela, empa le seo ba neng ba se etsa ha ba se ba bapala dikarolo tsa bona ka bokgabane." Botle ba hae ba mo sebeletsa ho fumana mosebetsi wa hae wa pele - wa ho reka jwalo ka lehlanya - papatsong ya Vodacom ka 1999 - empa neo ya hae ya boswaswi ke yona e mo thusitseng hore a tsebe ho qabola batho kgwedi kaofela. O tseba ho rekisa sohle ha a le ka pela khamera, a etellapele matsholo a matjhaba a shampoo, biri le ditebelalephoka, a boela a kgothatswa ke ho hapa kgau ya FNB Vita Most Promising New Actress ka sefahleho sa hae se setle.
Dilemong tse hlano tse fetileng o ne a ithekele koloi ka tjhelete ya dipapatso hobane a batla ho fihla ka nako dipontshong tsohle tse ka mo thusang ho fumana mosebetsi difiliming tsa marato. "Ba bangata ba ne ba re ke tswelepele le bobontshi. Empa ke ne ke ena le ditoro tse kgolo ka dipapadi ke mpa ke sa fumane mohlahise ya ntshepang."
Pele a amohela mosebetsi wa ho ba mohlophisi wa makasine dilemong tse pedi tse fetileng, Ntombi Khumalo, o ne a ile a hana karolo e nyenyane ho Generations le ho Isidingo. Ho hapa ha hae kgau ka 2005 ho Duku Duku a qothisana lehlokwa le dinaledi tse pele tse kang Sophie Ndaba le Michelle Botes - ho ile ha mo tiisa lengole e le ka nnete.
Ha a sa tshaba jwale.
"Ho ne ho le thata hampe ho kena kgwebong ena ya dimilione ya dipapatso tsa TV le difilimi tsa marato," ho bolela yena. "Ke tla bapala difilimi ho fihlela ke tsofala. Hohang ha se mosebetsi o ke ikemiseditseng ho o tlohela. Ho ke a ikemisetsa ho nyahama."
Ho fihlella jwale, ke setlabolane ho TV mme Sonia o ntse a leka ho itlwaetsa bophelo ba ho dula a babatswa ka botle. "Ha ke motle feela," ho bolela yena ka boitshepo. "Batho ba re ke kgosatsana ya ho thehlolla feela mabenkeleng ka mora ho mpona papatsong ya Vodacom.
"Bophelong ba ka ba nnete, ha ke jwalo hohang." Bosiung bo bong o ne a kopane le bahlankana ba bang ba neng ba kope ho ba rekela botlolo ya veine ya ho keteka letsatsi la tswalo la motswallae.Ka le hlahlamang ha be ho bolelwa hore ho na le banana ba babedi ba Jozi ba nweleng veine e turang ya R900 ba qeta ba tsamaya ba sa e lefella.
"Ra ikopanya le batho bao mme ra lokisa taba eo kapele," ho bolela Sonia. Ke nnete re ne re keteka, eitse ha re bona re tlisetswa veine, ra leboha, ra tswa ra tsamaya.
"Ke tsela eo re phelang ka yona - Lisa ke motswallaka mme hape ke motswari wa mosebetsi wa ka, ka nako e nngwe re tsamaya ka thata ha re le mabenkeleng a maholo."
Sonia ka nako e nngwe o ba le tjhelete e lekaneng ho reka dintho tse ngatanyana tseo a di ratang empa seo ka nako e nngwe se mo kenya kgathatsong. Mohla yena le Lisa ba neng ba ilo reka diaparo mane Dubai, ba ne ba natefelwe haholo hona hoo ba neng ba qetelle ba ena le mokotla o boimahadi hoo le ba sefofaneng ba neng ba tletlebe ha ba se ba kgutlela Jozi.
"Ra tlameha ho tlamolla merwalo hona moo boemafofaneng mme ra kgetha tseo re batlang ho tsamaya le tsona ra siya tse tla palamiswa ka le hlahlamang. "Re ne re tsheha hona hoo ketsahalo ena e sa kang ya re swabisa hohang. Ke monate wa ho ba le motswalle wa sebele - le qetella le tsheha le dintho tse neng di tla swabisa batho ba bang.
"Basadi ba sa nyalwang matsatsing ana ba se ba ipeha maemong a matle bophelong ha feela ba ikemiseditse ho sebetsa ka thata. Moraka ha a ntshitise ka letho mosebetsing wa ka. Ho bua nnete ke yena lebaka le etsang hore ke sebetse ka thata le ho feta.
"Ke sebetsa ka boinehelo ha ke kopane le batho ba nthatang. Mme ha ke fumane mohlankana ya utlwanang le ngwanaka, mme wa ka le Lisa - batho ba bohlokwa ho nna - ho a totobala hore le yena e ka nna yaeba karolo ya bophelo ba ka ."[s]
BONA SESOTHO - December 2005
pale ka DOUG GORDON
ditshwantsho ka PETER WHITFIELD
mekgabiso ya sefahleho ka FAITH SEUOE
setaele ka MARINA WALSH
Ha ke mabotle feela
"Lisa ke motswallaka hape ke mookamedi wa mosebetsi wa ka," ho bolela Sonia. "Ho ba monate haholo ha re le mmoho le hona re leka ho itokolla mathateng!" (Mose wa Sonia le dintho tsa ho ikgabisa: Attitude; dieta: Europa Art. Lisa o tenne diaparo tsa hae.)
KA HO LE LETSHEHADI: "Bomme ba sa nyalwang ba ka kgona ho ipeha maemong a matle ha ba ka ikemisetsa ho sebetsa ka thata," ho bolela Sonia. "Moraka ha a ntshitise ka letho mosebetsing wa ka - ho bua nnete ke le leng la mabaka a etsang hore ke sebeletse katleho." (Diaparo: Truworths: sefaha: YDE; dieta: Europe Art.)
BONA SESOTHO - December 2005
