sotho.975.legend
BONA April 2008
Re bua le
'Modimo wa Bolo'
Ba re ho fihlela jwale ha ho sebapadi sa bolo naheng ena se seng se fihleletse maemong a hae a papadi, empa leha ho le jwalo, mokaubere ona wa rona, o se o phela ka tjhelete ya pei le ya dinehelo tsa batho ba bang ba mohau...Pale ka Peter Mashala
MOKAUBERE, Lucas "Masterpieces" Moripe ya neng a ena le neo e babatsehang bolong hona hoo batshehetsi ba neng ba bile ba mmitsa "modimo wa bolo," kajeno ke sehlotsa ka mora ho lemala bolong. O dilemo di 60, o ikoka maqeba ka mora ho shwa lehlakore dilemong tse mmalwa tse fetileng mme bophelo ba hae bo boima.
Moripe ha a na pelo e bohloko leha ho le jwalo, empa o maketse. Ho a makatsa hore ebe baokamedi ba bolo ha ba sa ikgathatsa ka yena leha a bile le nehelo e babatsehang kahong ya bolo naheng ena - yena le dinaledi tse ding tsa mehleng.
"Ka nako eo o leng sehlohlolong sa papading, bohle ba o rolela kgaebane empa hang ha dintho di tjhentjha, o a lebaleha," o boletse jwalo Moripe.
O dula le batjhana ba hae le bana babo ba babedi motseng o mabota a peperaneng mane Atteridgeville. Ba o atolotse hore ba tsebe ho hirisa. Ntle le ho fokola mmeleng, lengole ha le mo fe sebaka, ke ka hona bophelo bohle ntate Moripe bo seng bo itshetlehile lelapeng la hae le metswalleng.
Ntle ho bona, o tshehetswa haholo le ke setjhaba sa habo le sehlopha sa Mamelodi Sundowns, seo a se ratang ke pelo yohle ya hae. Ka 2000 ho ne ho thehwe tonamente ya Lucas "Masterpieces" Moripe Goodwill Games, ho mo hlonepha.
"Sundowns e tshehetsa dipapadi tsena mme jwalo ka selemo Mong Patrice Motsepe o mpha tjheke," ho bolela Moripe. "Tonamente ena ha e thuse nna feela ka tjhelete, e nyolla le maemo a bolo Tshwane. "Ekaba dihlopha tse 40 tsa sa lefellweng tse bapalang moo mme bahlodi ba fumana meputso ya R100 000."
Nehelo eo Moripe a e entseng bolong ha ho sebapadi se seng se e fihletse kajeno, ho ya ka moo sengodi se seng sa tsa dipapadi se boletseng ka teng. Moripe o ne a qale ho bapala Huns Sporting mane Atteridgeville.
"Patrick "Let Them Dance" Molala wa Pretoria Callie o ne a mo bitse hore a tlo mo thusa hlola ditlhodisano tsa Pepsi Cola," ho bolela yena. "Ra fela ra hlola, ra otla Mamelodi CCP ka 3-1 ho makgaolakang, ra kena ho National Professional Soccer League (NPSL)." A fumana kgau ya Nugget Sportsman Of The Year ka 1970 a le dilemo di 16. "Yaeba qaleho ya katleho ya ka bolong. Ka fumana Citrus Board Sportsman Of The Year dilemo di latellana."
Yaeba NPSL Footballer Of The Year a ena le dilemo tse 19 ka 1972. "A etela Engelane ho ya bapala teng kgwedi sehlopheng sa Wolverhampton Wanderersi," ho bolela yena.
A bapala ka 1974 sehlopheng sa South Africa All Black XI le British XI mane Orlando Stadium.
"Papadi e monate hakaalo ha ke so e bone! Ho ne ho utlwahala ditlatse le mehoo feela, lebala le duma, le tletse tswete," ho bolela yena. Leha re ne re hlolwe ka 3-2, re ne re bapala bolo e maemong. Ra totobatsa lefatsheng hore Maafrika Borwa a tuka malakabe bolong."
O ne a kenye ntlha ya pele, a hokahanya ya bobedi, batshehetsi ba qala ho mo bitsa modimo wa bolo. "Ke ne ke sa hlokomele hore ke na le bokgoni bo bokaalo," ho bolela Moripe. "Ke ne ke inehela ka hohle papading ka nngwe. Ha ke dumele hore ke fela ke le 'modimo wa bolo' - empa ke ka moo batshehetsi ba neng ba bona ka teng." Hang ka mora ho bapala mane Orlando, Moripe a kotjwe ho ya bapala sehlopheng sa Caroline Hills Football Club (CHFC) sa Hong Kong.
"Eo ebile ho phethahala ha toro ya ka. Ke ne ke thabile empa ke tshohile, ke nahana mathata a puo empa ka fumana dibapadi tse tharo tsa Tshwane. Ka mora nakwana ha fihla Jim 'Grieves' Mthombeni wa Amazulu."
Ka nako eo a neng a le Hong Kong Moripe o ne a hlabe dintlha tse 25 selemong se le seng feela sa bolo. "Ho ne ho le monate sehlopheng seo sa CHFC, ka fumane le monyetla wa ho bapala dikarolo tsohle, ka bokeletsa boiphihlelo bo boholo. "
Moripe a ya bapalla Callies selemong se latelang seo, empa leha ho le jwalo ba theolelwa liking e tlase. A qala ho kgathatswa ke lengole, a ba a nahana ho beha meja fatshe.
A kena ho Orlando Pirates. "Tumellano e le ya hore ke se le hatelle haholo empa la qetella le ntlohedisitse bolo hohang ka mora selemo se le seng feela."
Ho na le dipuisano tsa hore ho rehellwe Lebala la Atteridgeville ka yena. Masepala wa Tshwane ha a ka dumellana le kopo ya Moripe, o tla ahelwa ntlo ya R1 million bakeng sa ho sebediswa ha lebitso la hae. [s]
BOLO
BONA SESOTHO November 2008
"Ha dintho di tsamaya hantle, o tla ahelwa ntlo e ntjha ya R1 million"
Nehelo ya Moripe bolong ya maoto ha ho sebapadi se seng se e finyeletse ho yona ho fihlela ho lena le hodimo...
