sotho.974.yourlifeguide_talk
Mathata a Keresemese!!
Sis Angie o eletsa ka ho kgutlisa monate wa Keresemese
Sis Angie ya ratehang: Ke mosadi ya dilemo di 39 ya tshabang nako ena ya Keresemese. Jwalo ka ha ba bang ba thabela nako ena, nna ke a ferekana ha e fihla.
Ke na le bana beso ba robedi le borakgadi ba bane ba nthabelang haholo ha ke fihla lapeng. Ba lebella dimpho, tjhelete le hore ke ba ise leha e le kae feela ka koloi - ke bolela le haeba ke Lesotho, sebaka se dithabeng, ha ba nahanele koloi ya ka.
Bona ke a ba rata, empa ke rata ho iphomolela lapeng. Ke nahana ho se orohe Keresemeseng ena ho qoba dikgathatso.
Lesedi, Rivonia
Lesedi ya rateng: Keresemese ke nako e kgathatsang, ditjheleteng le moyeng.
Ho sebetsa Joburg ho na le botle le bobe ba teng bophelong.
Se sebe ke hore batho ba lapeng ba na le kgopolo ya hore re tla ba le kuntlahadi ya tjhelete, re ka ba etsetsa leha e le eng feela. Ha o ka ba le koloi teng, ba nahana hore o na le tjhelete e ngata.
Kgatello eo o bang le yona e bakwa ke tabatabelo ya ho thabisa batho, mme o fumane le thoriso ho ba bang. Ka ho ya ka moeletsi wa tsa bophelo, Dixon Hammer, tabatabelo ya ho thabisa batho e ba kgolo jwalo kaha nako ena ya Keresemese e nkuwa jwalo ka
nako ya ho fana. Hopola hore ho hlokomela lelapa ke karolo e kgolo ya bophelo ba hao, ka hoo, ho thata hore tjhe ho bona.
Ana ke matshwao a o bontshang ha o se o senya tjhelete ho feta.
Haeba o dumela ho etsa le dintho tseo o sa rateng ho di etsa
O fihlela boitshepo ba hao ka thata
O ba neha seo ba se batlang ho qoba dipherekano kapa diqabang
O inehela haholo ka tshepo ya hore ba o rate
O ikutlwisa bohloko ho thabisa batho ba bang.
Jwalo ka ha o se o tseba mabaka a etsang o etse dintho tse ding, ke nako ya hore o qale ho lokisa maemo. O tlameha ho fetola tsela o nahanang le eo o iponang ka yona.
Hopola hore ha o sa le ngwana, o hodile. Sena se o neha tokelo ya ho nka qeto ka bophelo ba hao le ho bua le ba lelapa ka tse le amang.
Lebokosaneng le ka tlase, ho na le mehlala e ka o thusang ho qeta dikgollo tsa kgale, o kenye tse ntjha bakeng sa tsona. Ka tsela ena, o ka kgona ho ba matla, o se ke wa dumella ba lelapa ho nna ba o etsisa leha e le eng feela.
KELETSO: Ngola fatshe Keresemese eo o ratang ho ba le yona. Sena se tla kenyeletsa le hore o sebedise tjhelete ho ya ka tsela eo o neng o hlophisitse ka yona, moo ba lelapa le bona ba tlang ho lefella ditshenyehelo tse ding, kapa ba qale mokgwa o itseng o motjha.
Jwale o se o tseba hore o rata ho etsa eng ka Keresemese, ka hoo, qoqa le ba lelapa ka sena. Ba nehe monyetla wa ho o bolella hore bona ba lakatsa ho ba le Keresemese e jwang le hore ba rerile ho fihlela seo jwang. [s]
KGOLLO YA KGALE
KGOLLO E NTJHA
Jwalo ka mosadi, ekaba ke nna ya ikarabellang ka lelapa la ka.
Ke botsa ba lelapa ho kgetha dintho tse tla ba tswela molemo.
Ho ba molemo ha ke etsa dintho ke di etsetsa batho ba bang.
Ho bolela seo nka se kgonang le seo nke keng ka se kgona ho etsa ke itshepe mme le batho ba tsebe hore ba tlameha ba bue jwang le nna.
Ho dula o mamela se bolelwang ke batho ba baholo.
Ho kgona ho beha tekanyetso ho etsa hore ba lelapa ba ntlhomphe, ba ntshepe. Ke ithuta hore ho ratwa ha ho bohlokwa jwalo ka ho hlontjhwa.
Ke ikemeseditse ho kgotsofatsa ba bang hobane ha ke na ditlhoko.
Ho bua le ba lelapa ka ditjeho tsa kgwedi le kgwedi ho tla ba hlokomedisa hore ha o morui. Sena se ka etsa hore ba o thuse, mohlomong ba ka hlatswa mabota ho ena le hore o yo reka pente.
Ho se tsebe ho hlophisa o reke leha e le ha jwang.
Le ka qala le sa le mmoho ho hlophisetsa Keresemese e latelang. Le ka qala hona jwale hore le boloke tjhelete bakeng sa Keresemese e tlang.
HA RE QOQE
