sotho.973.gloria
Moratuwa wa Gloria!
Ho na le mohlankanyana ya ikgethang bophelong ba Gloria - le yena o tatetse ho mo bona a hasa bolo ka 2010
BONA SESOTHO - May 2007
pale ka DOUG GORDON le PATRICIA McCRACKEN
HO PHOLOSA naha ke seo Gloria (33) a neng a hlola a se entse ka nako eo e neng e le sethibathibane ho Banyanya Banyana. Accountant ena e bolelletse BONA tsa bophelo ba yona ba kantle ho lebala la bolo.
O ipha nako ya ho ya tshehetsa motjhana wa hae, De'Angelo (7) ditlhodisanong tsa mabelo tseo a di ratang haholo. Re na le nako re dula mmoho mme re utlwana haholo. Ke bile ke hlophisa hore ke mo hodise jwalo ka ngwanaka," ho bolela Gloria ka pososelo.
Ke ngwana wa kgaitsedi ya ka e dulang UK. Mmae o na le mathata a dithethefatsi, ha a sebetse. Lelapa leso le dumetse hore ke mo hodise," ho boletse yena.
"Leha ke batla ho ikgodisetsa yena empa ha mmae a se a sebetsa, a batla ho mo bona kgafetsa, ke tla hlonepha seo. Ha ke rate ho qala seo ke sa tlo kgona ho se phetha - empa re utlwana haholo le moshanyana enwa mme re phetha nako re le mmoho."
Difilimi, burger le dibaesekele, ke seo De'Angelo a se ratang haholo mme ke sona seo ba phethang nako ho sona le rakgadiae ha a se mosebetsing wa hae wa inshorense mane Jozi - kapa ha a sa etse ditlhophiso tsa ho ya hasa bolo.
"Ho hasa ditlhodisano tsa matjhaba tsa bolo ke maemo a hodimo mme le ka 2010 ke batla hore ke be ke hasa bolo. Ke a tshaba ka nako e nngwe empa nkile ba bapalla Afrika Borwa dipapading tsa matjhaba jwale ke se ke hasa papadi.
O ne a mengwe ho tla hasa papadi ya bolo ya basadi, a buisane le dibapadi le bakwetlise. Selemong se fetileng ha totobala hore mosadi enwa a ka qothisana lehlokwa le banna kgasong ya bolo, mona re bua ka dikakapa tse kang Sizwe Mabena le Baba Mthetwa ha re bala ba mmalwa ho PSL.
Le mokapotene wa Banyana Banyana, Desiree Ellis, o ne a kene kgasong ho SABC Sport mane Kapa. Jimi Matthews, mookamedi wa lefapha la tsa Dipapadi ho SABC o re ho hira dibohodi tse ngata tsa basadi ke sesupo sa ka moo basadi ba seng ba rata ho shebella dipapadi ka teng ho TV.
HO BA LE dibohodi tsa basadi ho kgothalletsa le ba bang ho shebella bolo. Katleho ya dibapadi tse kang Potia Modise wa Banyana Banyana le yona e bontsha hantle nehelo e kgolo ya basadi bolong.
"Nka qoqa ka bolo le mang kapa mang, neng kapa neng," ho bolela Gloria, "empa pele ke ne ke tshaba ho buisana le dibapadi tsa PSL ka pela khamera. Ba ne ba nkgella tlase, ba re ke mosadi wa motjhoba. Ke hlonepha dibapadi haholo, mme le tsona ha di hlokomela hore ke tseba hantle seo ke buang ka sona, tsa ntlhompha."
O etsa jwang ka dipuisano tsa ka nako eo ba tjhentjhang, ba fufuletswe, ba bile ba tsamaya ka dimpa kantle.
"Ha ho sa ntshosa ho ba hara mokgopi wa bolo," ho bolela Gloria ka pososelo. "Nnete ke hore ha ke moo ho tla sheba tjhebeho ya mmele ya bona. Ke monyetla feela oo ke nang le ona. Seo ke se batlang feela ke maikutlo a bona pele molaodi wa lenaneo a re ke akgele dithapo studio.
"Bona ke dinaledi nna ke moqolotsi, ke phetho. Ka nako eo ke neng ke bapalla sehlopha sa naha, mokwetlise wa rona e ne le monna. E ne e le e mong wa sehlopha sa rona, motho ka mong o ne a kena a qakehile ka lebaleng le ka phoposing ya ho tjhentjha a etsa se loketseng ho etswa a sa tsotelle hore mang o mo shebile kapa tjhe."
GLORIA o hlonepha mosebetsi wa hae. E seng hobane a ne a bapala bolo feela empa ekile ya eba mokwetlise wa sehlopha se matla sa Soweto Ladies Football mme a emela bolo ya basadi mokgoping o moholo wa South African Football Association.
"Ke rata tshebedisanommoho," ke yena eo. "Dipapadi di ne di thuse naha ya habo rona hore e tshwarisane ka mora dikgetho tsa 1994 ha Presidente Mandela a ne a keteka le rona tlholo ya Mohope wa Lefatshe wa rugby le ya Mohope wa Dinaha tsa Afrika bolong.
"E ne e se dipolotiki, empa e ne e le sesupo sa hore re ka fihlela ditoro tsohle tseo re ikemiseditseng ho di fihlela." Dipuisanong tsa hae le ha a hasa, o tsamaya a tjhentjha a bua Senyesemane le Sezulu ho ya ka moo maemo a mo dumellang.
"Ke nkwa ke maikutlo a bolong mme ke bua puo e dumellanang le maemo ao," ho bolela yena. "Hona ho boetse hape ho nthusa hore le bamamedi ba nkamohele hantle."
Ha a fumane nako, o shebella bolo ya Yuropa ho TV, a bone ka moo dibapadi tse pele tse kang tsa Barcelona le tsa Chelsea di bapallang dihlopha tsa tsona ka teng.
"O tlameha ho tseba le dibapadi tsa Afrika tse bapalang mose Engelane le Spain," ho bolela Gloria.
"Hape o tlameha ho tlwaela le mokgwa oo ba bapalang ka ona hobane ha o le sebohodi, o lokela ho utlwisisa hantle seo o se shebeletseng e le hore o tsebe ho bolella bamamedi ba hao.
"O lokela ho boela o itlhophisa hantle o tsebe ho bitsa mabitso a dibapadi hantle ho sa kgathallehe hore di bapalla sehlopha sefe kapa ke tsa naheng efe."
Gloria le De'Angelo ka nako e nngwe ba dula mmoho ha ba itlhophisetsa mesebetsi ya
bona. [s]
Lehlakore le leng la sebohodi sa mosadi se pele
Re tlwaetse ho bona Gloria Brown a hasa dipapadi tsa bolo a buisana le dibapadi, empa kgetlong lena re o tlisetsa Gloria a le lapeng le De'Angelo.
BONA SESOTHO - May 2007
