sotho.971.career
Mesebetsi e metle
Ba lokise moriri - o ba ntlafatse
Ho lokisa moriri kajeno ha e sa le ho kuta motho feela, empa ho se ho kenyelletsa le tse ding tse ngata. Ho o otlolla, ho o loha, ho o tjhentjha mmala esitana le ho rekisa dietswa tsa moriri kaofela ke karolo ya profeshene ena
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka ZANE COQUHOUN
PROFESHENE ya ho lokisa moriri e tjhentjhile haholo dilemong tsena hobane batho ba se ba ithuta bokgoni ba mefuta e fapaneng ka moriri hape ho hlahiswa le dietswa tse pele. Kajeno le miriri o thata o kgona ho otlollwa mme o be bonolo athe o monyenyane o kgona ho hodiswa ka ho luuwa.
"Mehleng ya pele, e ne e le basadi ba dikgorane feela ba neng ba lokisa moriri salone, banna bona ba kuta. Kajeno banna le basadi, ba batjha le ba baholo, kaofela ba lokisa moriri.
"Mehleng eo ho ne ho se thupello e itseng ya mosebetsi ona. Motho o ne a shebella ba etsang mme le yena a etse ho fihlela a tseba," ho bolela Pamela Galwas, wa Hairdressing And Cosmetology Bargaining Council. "Kajeno ho na le thupello e ikgethang ya ho lokisa moriri e bileng e leng tlasa taolo ya SSETA (Services Sector Education And Training Authority) e na le dithuto tse tebileng tsa tlhokomelo ya moriri. Ho ba molokise wa moriri wa profeshenale, o tlamela ho pasa diteko, tsa moriri o thata kapa o bonolo kapa bobedi. Hona ho nyollotse maemo a tlhokomelo ya moriri le batho ba hlokometse hore ke mosebetsi o motle wa profeshenale e seng o etswang feela hobane ho se seo motho a ka se etsang."
Ho tloha Zaba Mvelase, eo e leng molokise wa moriri wa profeshenale, a sa ntseng a hola, o ne a rata ho bapala ka moriri. Pele ho fela nako e kae a hlokomela neo ya hae, a qala ho loha ba lelapa le metswalle. O ne a qale ho loha batho ka tjhelete a le dilemo di 12. A ithuta ho kuta, ho tjhentjha mmala le ho o otlolla moriri pele a fumana sebaka sa ho sebeletsa maohong o mong o pele mane KZN.
Batshehetsi ba Zaba ke ba merabe yohle. "Matsatsing ana batho ba rata ho loha. Balokise ba moriri ba lokela ho tseba ho eletsa batshehetsi ba bona ka sohle se mabapi le tlhokomelo ya ona. Hape motho o lokela ho dula a thabile a tseba ho bua le batho," ho bolela Zaba.
"Mathata a mosebetsi ona ke hore ho engwa nako e telele. Ha batho ba le bangata, ke ema letsatsi lohle, ke fihle hae ke kgathetse, ke fedile. Ho lokisa mefuta e fapaneng ya moriri ke phephetso e kgolo.
"Batho ba bang ba o tlela le setshwantsho sa ka moo ba batlang moriri wa bona o shebahale ka teng, nnete e le hore moriri wa motho eo o ke ke wa dumellana le seo! Ba bang ba tla ho nna le moriri o seng o senyehile ka mora ho sebedisa dietswa tse seng maemong a matle.
"Balokise bohle ba moriri, ba lokela ho kgothalletsa batho ho reka dietswa tsa maemo leha ka nako e nngwe di bitsa."
Zaba ho fihlella jwale ha a so ka a fumana thupello mosebetsing ona empa o na le boiphihlelo. Leha ho le jwalo o sa ntse a batla ho etsa dithuto tsa tlhokomelo ya moriri esitana le tsa tlhokomelo ya letlalo.
"Ke rata ho lokisa moriri haholo mme ha ho mosebetsi o nka thabelang ho o etsa ntle ho ona. Ke lakatsa ho ba le salone eo e leng ya ka ya botle ka le leng mme ke rekise le ditlolo."
Monyetla wa mosebetsi
E mengata bakeng sa motho ya ithutetseng mosebetsi. E kenyeleditse le ho sebetsa:
Salone ya botle le moriri Hotele.
Ho tsamaya le dikepe.
Thelevishene le studio sa difilimi.
Dikhampaneng tse hlahisang dietswa tsa moriri.
Ho ruta. (O tla hloka ho ntshetsapele dithuto tsa hao ha o batla ho ruta.)
O bule salone ya hao kapa o sebeletse lapeng.
Moputso ona
Ho ba qalang o ka tlase ha o tshwantshwa le wa mesebetsi e meng ya profeshenale. O fetana ho ya ka mabatowa empa hangata ba fumana moputso wa R1 100 ka kgwedi mme o nyolohe ho ya ho R2 600 ho ba rupelletsweng ka ho feletseng.
Leha ho le jwalo, balokise ba moriri ha ba atise ho phela ka moputso wa bona feela, ba iketsetsa tjhelete e nngwe lehlakoreng. Molokise wa moriri ya hlwahlwa ya sebetsang lehlakoreng a ka bokelletsa tjhelete e fihlellang ho R10 000 ho ya ho R15 000 ka kgwedi.
Se hlokahalang ho wena:
Tsebo ya dintho tse ntle - balokise ba moriri ke dinono;
O phele hantle mmeleng - ha batho ba leng bangata, o ema letsatsi lohle ho se kgefu.
Lerato, o thabele ho bua le batho mme o ba mamedisise!
Tshepahala. (Balokise ba bangata ba moriri ba qetella ebile metswalle ya batshehetsi ba bona mme ba qetella ba ba qoqetse makunutu a bona. Ke ka hona motho a tlamehang ho ba le sefuba.)
"O lokela ho kgona ho bona sephetho sa seo o se etsang le ho tseba ho beha ditaba hantle ha motshehetsi a batla ho etswa setaele se sa tlo dumellana le tjhebeho kapa le moriri wa hae," eo ke keletso ya Pamela Galwas.
Maemo a thuto
Motho o lokela ho ba le dilemo tse 16 kapa ka hodimo ho tseo mme a pase Grade 10.
Thupello
Bongata ba dikholetjhe le dikolo tse ding tsa praefete tsa thupello ya mosebetsi ona di na le dithuto tse amohelehileng tseo motho a rutwang ka moriri o thata le o bonolo. Thupello ya teng, ke ya dithuto tsa selemo kaofela mmoho le dikgwedi tse 12 motho a sebetsa salone pele a ka pasa.
Dithuto ke tsa Unit Based Modules, ho bolelang hore module ka nngwe e ka nna ya ntshetswapele leha morutwana a ka ba le mabaka a mo thibelang ho di qeta ka nako eo a neng a e baletswe.
Dithuto di kenyelletsa le: Ho hlatswa moriri ka shampoo le ka Conditioner, ho Phema le ho o Otlolla, ho o Fokotsa, ho o Kama le ho Rekisa.
Dithuto tsa nakwana le tsona di a fumaneha.
Tlhokomediso
"Ka bomadimabe ho na le dikholetjhe tse hirileng matitjhere a sa amohelehang (hobane a sa ngodiswa tlasa SSETA) mme bona ha ba latele melao e behilweng profesheneng ena," eo ke tlhokomediso ya Carol van Tonder, Mookamedi wa Department of Hairdressing and Cosmetology wa Coastal KZN Further Education And Training College.
"Ho molemo ho qoba dikholetjhe tsena hobane di ka o senyetsa tjhelete le nako. Ditlhahlobo di lokela ho etswa ke motho ya ngodisitsweng tlasa lefapha lena.
"Hape kholetjhe e lokela ho ba le bahlahlobi, ba tla shebisisa qeto ya matitjhere. "Ha morutwana a sa kgotsofala, a ka nna a ya tletleba ho bahlahlobi hape a ka boela a sheba hore kholetjhe eo e fela e ngodisitswe tlasa SSETA kapa tjhe. Ho lokisa moriri ke o mong wa mesebetsi ya profeshenale o tlisang phapang e kgolo bophelong ba motho e mong, o tjhentjhe maikutlo le tjhebeho ya hae. Wena jwalo ka molokise wa moriri, o ba motlotlo ka mosebetsi wa hao, ha o bona motho a se a thabile a kgotsofatswa ke seo o mo entseng sona," ho bolela Carol.
BONA SESOTHO - November 2005
BONA SESOTHO - November 2005
KA HO LE LETSHEHADI: Zaba Mvelase haesale a rata ho bapala ka moriri wa batho ho tloha a sa le monyenyane.
THOKO HO LE LETSHEHADI: "Ke lakatsa ho ba le salone ya ka ka le leng la matsatsi," ho bolela Zaba.
u
t
Dithuto tsa nakwana le tsona di teng
Ditlhalosetso tse ding
Ho hlahloba hore kholetjhe e ngodisitswe kapa o batla ho tseba ka dikopano tsa ho ithutela mosebetsi, o ka ikopanya le ba kantoro ya SSETA e haufi le sebaka sa heno, ETQA (Education Training And Quality Assurance) Officer:
Gauteng: 011-715-1800;
KZN: 031-304-0367;
Kapa Botjhabela: 043-743-5410; Kapa Bophirima: 021-914-7740;
Freistata: 051-430-6223.
Central share call: 086-110-1148.
Lethathama la dikholetjhe tse ngodisitsweng di ka fumaneha ho website ya SSETA:
www.serviceseta.org.za [s]
