SOTHO.970.stars
BONA SESOTHO - May 2006
Se bolelwang ke dinaledi
Mosebetsi: Ke nako e ntle ya merero e metjha. Latela merero ya hao ka letswalo le thotseng.
Bophelo: Ela dijo hloko! Eja tse phepo, o se lebale ho ikwetlisa.
Tjhelete: Sebedisa menyetla ya kgwebo.
Lerato: Ntlafatsa dikamano tsa lerato! Moratuwa wa hao a se nahane hore o mo kgella fatshe hohang.
Mosebetsi: Ho kgahlisa ba ka sehloohong, ho tla o tswela molemo. Bophelo: O na le mehopolo e metle o bile o mafolofolo ho amohela diphephetso tse ntjha.
Tjhelete: Eba sedi ka ha maemo a hao a ditjhelete a ka nna a ntlafala.
Lerato: Se be le dihlong dikamanong tsa lerato. O ka nna wa fumana sohle seo o se batlang!
Mosebetsi: Nako e a dumela, ntjhafatsa boitshepo, katleho e tla itlela.
Bophelo: Iphe nako ya phomolo.
Tjhelete: Hlophisa lenane hantle ntle ho moo o tla senyehelwa ke tjhelete e ngata.
Lerato: Dintho di a tshepisa empa ela hloko o se tene molekane wa hao. Eba le mamello.
Mosebetsi: Mosebetsi o tla tsamaya hantle, o ka qala le maano a mang a matjha.
Bophelo: Itlhokomele. Ikwetlise o je dijo tse phepo.
Tjhelete: Sebedisa tjhelete hantle, o se e senye hohang.
Lerato: Natefelwa ke nako ena ya boithabiso. Ha o se na molekane, mo lebelle, o tseleng.
Mosebetsi: Nka boikarabello ka ho lekana lapeng le mosebetsing.
Bophelo: O lokela ho dula o shebahala hantle, ka hoo ikwetlise o je ka tshwanelo.
Tjhelete: Fumana mokgwa o mong wa ho eketsa moputso wa hao.
Lerato: Moratuwa wa hao o tshwarehile hampe, mo mamele o be le kutlwelobohloko.
Mosebetsi: Etsa bonnete ba hore o sebedisa monyetla wa ho kgahlisa ba ka sehloohong.
Bophelo: Boithabiso ba kantle bo tla o ntjhafatsa mmeleng le moyeng. Hlokomela seo o se jang.
Tjhelete: Eba sedi tjheleteng o leke ho e boloka.
Lerato: Eba le lerato mme o thabise moratuwa wa hao.
Mosebetsi: Ikemisetse ho amohela diphephetso mosebetsing wa hao.
Bophelo: Phema mekgwa e mebe o ikwetlise haholo. Tjhelete: Hlophisa merero e tla o thusa hore o iketsetse tjhelete. Lerato: Iphe nako ya ho buisana hantle le moratuwa wa hao. Le lokela ho utlwana hantle le utlwisisane ka puo.
Mosebetsi: O ka nna wa atleha mosebetsing ha o ka sebetsa ka matla.
Bophelo: Itlwaetse dijo tse nang le phepo e phethahetseng.
Tjhelete: Ho ba leihlo le tjhatsi ka tjheleteng ho ka o thusa hore o kgone ho iketsetsa phaello.
Lerato: Beta pelo o se laolwe ke lefufa. Eba le mamello le lerato ho moratuwa wa hao.
Mosebetsi: Ela hloko o inehele mosebetsing ha o batla katleho.
Bophelo: Natefelwa ke boikwetliso le dipapadi o kgothalletse le metswalle.
Tjhelete: Se senye tjhelete ka masawana a ho betjha!
Lerato: Lerato le boswaswi di ka o thusa ho kgahla e mong ya ikgethang.
Mosebetsi: Ela hloko ha o tobane le dintho tse hlokolosi mosebetsing.Bophelo: Se dumelle kgatello ho o senyetsa bophelo. Iphe phomolo.
Tjhelete: Ha o ka hlokomela tjhelete ya hao hantle, o tla bona phapang.
Lerato: Iphe nako ya dikamano tsa hao tsa lerato - ke ona mohlodi wa thabo ya hao.
Mosebetsi: O ka nna wa atleha ha o na le mamello o le sedi.
Bophelo: Ela hloko mme o leke ho ba le bophelo bo botle.
Tjhelete: Boloka tjhelete ka ha o ka nna wa ba le ditshenyehelo tseo o neng o sa di lebella, Lerato: Se be le hlooho e thata haholo ho moratuwa wa hao, e le hore a se o siye.
Mosebetsi: Leka lehlohonolo la hao ka lehlakoreng la kgwebo.
Bophelo: Ikwetlise hape o ntjhafatse le kelello.Tjhelete: Hlophisa hantle mme o etse le lenaneo le letle la ho boloka tjhelete. Mohlomong o tla e hloka ka matla.
Lerato: Ntlafatsa dikamano tsa hao tsa lerato ka ho ba lerato o be le kutlwelobohloko. [s]
