sotho.963.metropolitan
ntlha e tsheheditsweng
Iphe ntho eo o ka ithabisang ka yona lehlabuleng lena - botsitso kelellong
BAKENG SA DINTLHA: Letsetsa Metropolitan Life Call Centre ho 0860-724-724
BONA SESOTHO - December 2007
KERESEMESE ke nako ya ho ithabisa! Ka mora mosebetsi o molelele wa selemo, re tlameha ho phomola. Re ka ikorela letsatsi lewatleng kapa re qhanolle le ba lelapa.
Empa he ho na le mathata a maholo. Ka matsatsi a Keresemese, motho ohle o ba kotsing:
Re nka maeto a malelele ho leba matsatsing a phomolo.
Re a qhanolla mme jwale he dinokwane le tsona di fumane menyetla.
Empa he ha o hlophisitse e sa le nako, o ka kgona ho sireletsa lelapa la hao - o thabele matsatsi a hao a phomolo. Ke tsena dikeletso tsa mantlha:
1. Koloi ya hao
Haeba o nka leeto le le lelele, koloi e nang le mathata e ka o sulafalletsa leeto. Hlokomela e sa le jwale o leke ho thibela dikotsi tse ka senyang phomolo ya hao.
Koloi e tlameha ho lokiswa hantle
Diwayepara di tlameha ho sebetsa ka nepo
Mabidi a be le metsero e lekaneng.
O ka nna wa reka sete ya mabidi ka bonase mme wena le lelapa la hao le tsamaye hantle ka polokeho ho fihlela selemong se hlahlamang.
2. Motse wa hao
Netefatsa hore motse wa hao o sala o bolokehile:
Lokisa mamati le difenstere tse sa kwaleheng le hona notleleha hantle.
Kopa baahisane ho o behela leihlo.
Kopa motswalle ho o salla lapeng.
3. Lelapa la hao
Ke a tseba hore ho ka etsahala e be ntho e makatsang ena ho wena! Empa he ke mang ya ratang ho beha lelapa la hae kotsing nakong ena ya phomolo-
Pele o tsamaya o tlameha ho ipotsa dipotso tse kang ha ho ka etsahala ka timela dikotsing nakong ena ya phomolo ekaba bana ba ka ba tla kgona ho tswela pele le dithuto tsa bona- Ke mang ya tla ba lefella tjhelete ya sekolo, dibuka le diaparo tsa teng-
Ke nnete ba bang ha ba kgolwe hore dintho tsa mofuta ona di ka etsahala ho bona. Empa a ko lekole dipalopalo tsena: ka 2004 feela, ho ne ho tlalehwe diketsahalo tsa ho thulana ha dikoloi tse 1 932 mme ha timela batho ba 2 333.
4. Bokamoso
Nka bohato e sa le jwale mme o hlophisetse lelapa la hao nakong ya lefu. Hlahloba hore na o le hlophiseditse ka nepo lelapa la hao ha ho etsahala o lemala kapa o eshwa. Bakeng sa dintlha ka matlole a bophelo, ho lemala kapa mapato, buisana le Moeletsi wa Ditjhelete wa ha Metropolitan.
Ba bang ba nahana hore o tlameha ho ba serutehi jwalo ka chartered accountant kapa yona ngaka hore o tle o fumane moeletsi ya nepahetseng wa ditjhelete. Ha ho sa le jwalo matsatsing ana.
O ka sebedisa Moeletsi ya rupeletsweng a ba a dumellwa ka molao yena ya tla kgona ho o eletsa ka letlole leo o ka le nkang ka ho ya ka ditlhoko tsa hao. Kgetha moeletsi ya ingodisitseng ho Financial Services Board tlasa molao wa Financial Advisory and Intermediary Service Act mme o tla qala o itshireletse mmoho le lelapa la hao Keresemeseng ena le ho feta!
Letsetsa FSB nomorong ya
mahala: 0800-202-087 kapa 0800-110-443. [s]
GALLO
Itlhophise Keresemeseng ena
