sotho.959.ronaldo
"Ho na le dibapadi tse kgonang feela ho neheletsa motho bolo, tse kgonang ho hakolla di le hole kapa tse kgonang ho konopetsa, empa Ronaldo yena o di tseba kaofela," ho rialo se seng sa dingodi tsa bolo.
Re lekola papadi ya Cristiano Ronaldo
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka TOUCHLINE PHOTO
BONA SESOTHO - January 2007
Monna ya matjato
Enwa ke Ronaldo wa bobedi wa ho sisinya lefatshe dipapading ya bolo, empa yena o bonahala e ka o tjhesa ho feta bitso wa hae wa Brazil...
BATHO ba bangata ba ne ba bone eka Zinedane ke yena sebapadi se neng se itshwere bohlaswa papading ya makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe wa Jeremane ka 2006 moo Zinedane a neng a thule sebapadi sa Italy ka hlooho. Empa dimilione tsa batshehetsi ba Engelane tsona ha di bone jwalo, ba bona e le Ronaldo ya neng a itshwere hampe. Bona feela Wayne Roney wa Engelane, o ne a fumane karete e kgubedu papading ya bona kgahlano le Portugal.
Ha ho jwalo - eo e ne empa e le qeto ya molaolapapadi. Hape Rooney o ne a se a behilwe mahlo haholo jwalo ka ha ho ne ho se ho buuwa haholo ka yena hore ke yena sebapadi se pele ho feta dikakapa tse kang Beckham. Empa seo kaofela ha se a ka sa thibela balatedi ho nna ba nyefola Ronaldo ha a qala a tshwara bolo dipapading tse latelang eo.
Ho bolela hore Ronaldo o ne a nyatswe haholo hobane leha Portugal e ne e phakise ho tswa tlhodisanong, empa o ne a tswelepele le ho nna a bapala ka pelo.
Sebapadi sena se bolelele ba dimitara tse 1,85 se kotsi haholo ha se tshwere bolo.
O matjato ho feta, o motle hohle - dibolong tse konopetswang, tse thulwang ka hlooho, o kgona ho amoha ba direng bolo ka bobebe, athe hape o kgona ho ikgapela papadi ha bobebe feela..." ho rialo e mong wa dibohodi tsa bolo.
Empa he potso ke hore na "o tla kgona?"
Ho na le nako eo ka yona o keng o mmone a bapala jwalo ka ngwana, o mmone a tsamaya a itiha ka motswetseng moo a lekang ho fumana penene.
Empa ntle ho moo, ke sebapadi se thabisang. "Di mmalwa dibapadi tse kgonang ho etsa ntho yohle. Ho na le dibapadi tse kgonang feela ho neheletsa motho bolo, tse kgonang ho hakolla di le hole kapa tse kgonang ho konopetsa, empa Ronaldo yena o di tseba kaofela," ho rialo se seng sa dingodi tsa bolo.
"O kgona ho hatisa dibapadi tsa morao masepa namane, a konopetse hantle feela jwalo ka David Beckham, athe hape le ho lokolla a le hole, e ntse e le ntho ya hae.
"Ha se yo sebapadi se nang le papadi e kang ya Ronaldo mane Yuropa, se kileng sa sisinya kontinente kaofela se tswang sehlopheng sa Ajax le Barcelona."
O ke ke wa kgolwa hore sebapadi sena se holetse mokhukhung ho se seng sa dihlekehleke!
Cristiano Ronaldo dos Santos Aveiro o hlahile mohla 5 Hlakola 1985 Funchal, sehlekehlekeng sa Mapotoketsi se bitswang Madeira.
Lebitso lena "Ronaldo" le ne le sa ata Mapotoketsing (ho fihlela nakong eo moshemane enwa a neng a qala ho hapa mahlo a matshwele bolong). O reheletswe ka Presidente ya mehleng ya US, Ronald Reagan. Lebaka le neng le etse seo ke hobane presidente eo e ne e le thatohatsi e kgolo ya ntata Ronaldo!
Jwalo ka dinaledi tsohle tsa bolo, Ronaldo le yena o ne a qale ho raha bolo a le dilemo di tharo, empa eitse ha a fihla dilemong tse tsheletseng, lerato la hae bolong la hlaka haholo.
Ka 1995, setumo sa hae sa tota le ho feta mme dihlopha tse pedi tsa moo Madeira, CS Marítimo le CD Nacional, di ne di batle sebapadi seo se neng se le dilemo di leshome mme CD Nacional ya mo nka.
O ne a fetele ho Sporting Lisbon. Sehlopheng sena o ne a hlabe ntlha papading ya hae ya pele mme a ba a kengwa sehlopheng sa ba ka tlase ho dilemo tse 17 sa naha bakeng sa tlhodisano ya EUFA.
O ne a hlokomelwe ke Sir Alex Ferguson ka 2003 nakong eo Sporting Lisbon e mamolang Manchester United 3-1.
Ronaldo o ne a bontshe boqhetseke bo boholo papading eo ya re ka mora papadi, se seng sa dibapadi tsa United sa rorisa papadi e bokgabane ya motjha eo mme sa lakatsa hore eka se ka bapala le yena e seng kgahlano le yena. Hopola hore nakong eo ba ne ba hloka ya neng a ka kwala sekgeo sa David Beckham ya neng a sa tswa ya ho Real Madrid...
CRISTIANO o ne a qale ho bapalla Manchester United papading eo a neng a kene ho yona motsotsong wa bo 60 kgahlano le Bolton Wanderers mane Old Trafford. Ntlha ya pele e ne e hlajwe ke yena e le penene e neng e bakilwe ke Ruud van Nistelrooy. Papadi eo e ne e fele ka 4-0 mme Ronaldo o ne a thoholetswa hohle. Leha ho le jwalo, ha ho kgalala e hlokang sekodi. Ho bolelwa ha Ronaldo a itsebisisa haholo ha a le papading, athe hape ke sefelapelwana.
O ne a fumana karete e kgubedu papading ya bona le Manchester City mme hape a ahlolwa papadi e le nngwe ke batsamaise ba mohope wa EUFA ka lebaka la boitshwaro bo hlephileng kgahlano le batshehetsi ba Benfica ka Tshitwe 2005. Nakong eo a neng a bapalla Portugal, o ne a fumane karete e tshehla ka ho suthumetsa Jeff Strasser wa Luxembourg ka mora hoba a ne a mmapadisitse bohlaswa.
Empa ho thweng ka taba ya Rooney? Molaolapapadi, Horacio Elizondo o ne a hlalose ka mora papadi hore Rooney o ne fumane karete eo e kgubedu hobane a ne a bapetse Carvalho bohlaswa. "Ho tla ha Ronaldo ho nna ha ho ka ba ha ba le seabo qetong eo ya ka.
"Ho nna seo e ne e le karete e kgubedu feela, ke ne ke se na kgwao ya letho ka dibapadi tsa Mapotoketsi," ke Elizondo hape.
Empa seo ha se a ka sa ngongorehisa batshehetsi ba Engelane leha ho ne ho se ho bonahala e ka Ronaldo o ne a ke ke a sa kgutlela sehlopheng sa Manchester United.
O ne a bolelle boraditaba hore o ne a nahana ho tsamaya ho Manchester hobane dintho di ne di sa mo tsamaele hantle. Puisanong ya hae le ba TV ya Mapotoketsi, o ne a bolele hore yena o bona a ntse a bapala hantle. O ne a tswelepele a bolela hore a ke ke a kgona ho sebetsa moo a sa ratweng teng ke batho, ka hoo, o ne a nahana ho tswa Engelane.
Empa Alex Ferguson le Wayne Rooney ba ne ba mo qeke ho fihlela a saena tumellano le United e tla fela ka 2010.
O ntse a tswelapele le ho ba thatohatsi ya balatedi ba United mme o ne a hlabe ntlha ya pele sehleng sa 2006/07 ka mora Mohope wa Lefatshe wa Jeremane.
"Ke bona e le sebapadi se pele se sebete," ho rialo Sir Alex. "O a ikgetha," ho rialo Roy Keane, mokapotene wa United. "Ke naledi ya sehlopha sena mme re sa lebeletse leholo." [s]
Ke bolela le Freddie Ljungberg a ke ke a kgona ho thiba Ronaldo.
BONA SESOTHO - January 2007
u
t
Cristiano Ronaldo o papading
BONA SESOTHO - January 2007
Ronaldo o feta ho Hjalte Norregaard.
