sotho.958.ibs b
pale ka PATRICIA McCRACKEN ditshwantsho ka PETER WHITFIELD
GERRY RANTSELI o qadile letsatsi ha monate jwalo ka tlwaelo - a ebola apole pele e a eja. Haeba letsatsi le monate le bolela ho ebola apole, o je, ebe le lebe lona le qalwa jwang. "Ka bomadimabe ha ke sa atisa ho ba le matsatsi a mabe," o boletse jwalo ka pososelo.
"Empa matsatsi a mabe ho nna e ne e le a ho ruruha mpa, e ope ke se ke ka kgona le ho ya mosebetsing."
Gerry o ne a le dilemo di ka hodimo ho 20 hanyenyane mme a sa tswa qala ho sebetsa ho TV ha a qala ho ba le mathata ka maleng. Ha mo nka nako a tshaba ho tobana le ona ka ho ya dingakeng tse ikgethang bakeng sa kalafo mme ke hona mona moo a fumaneng hore hara batho ba tsheletseng, a le mong wa bona o na le mathata a 'irritable bowel syndrome', kapa IBS - mme le yena ke e mong wa bona.
IBS e latela mokgohlane ka ho sitisa batho ho ya mosebetsing kamehla mme dipatlisiso tse ding di bontshitse hore ba bararo hara ba bane ba nang le lefu la IBS ha ba ye dingakeng.
Ho na le dintho tse ngata tseo motho a ka ithusang ka tsona jwalo ka ha Gerry a ne a thabele ho utlwa seo. Bathong ba kang Gerry, ho ne ho ka ba bonolo ho dula ba ebola diapole pele ba di ja, ho leka ho fokotsa ditlheferetsi tse makgapetleng ka ha e le tsona tse lomang ka maleng.
Ho balehela dingaka!
"Ho longwa ke mala le ho opelwa ke seholoholo, ho etsa ba bangata ba tshohe, ba nahane kankere - kapa lona lefu la pelo ha bohloko bo hanellang sefubeng bo tswella le ditlhafung," ho bolela Ngaka Keith Pettengell, setsebi se seng sa Thekong.
"Dingaka di qala ka ho etsa diphuputso ho bona sesosa sa mathata. Empa ha motho a fumanwa hore o na le IBS bonyane o a tseba hore opereishene ke ntho ya ho qetela."
Ka bomadimabe ha se dingaka tsohle tse nahanang jwalo. Erekaha mahloko ana a tlala hohle mpeng, thekeng le dikarolong tse ding tsa mmele, bakudi ka nako e nngwe ba nahanelwa hore ba tshwerwe ke ntho esele mme ba qetelle ba entswe diopereishene.
Ngaka Pettengell o re dipatlisisong tse 145 tsa bakudi ba IBS, kotara ya bona e ne e etswe opereishene ya lelana mme bongata ba bona ke basadi - halofo ya bona ya kwalwa popelo. Kaofela ba se ke ba thusahala ka letho."
"Makgolokgolong a batho a neng a tlile kopanong ya Novartis IBS, eo ke neng ke le modulasetulo wa yona selemong se fetileng, ke ba bahlano feela ba neng ba thusahale ka mora ho etswa opereishene," ho bolela Gerry.
Ba bang ba swabiswa le ke ho bua ka mathata a tsamaisanang le lefu lena a kang letshollo, ho se kgone ho tshwara moroto le ho pipitlelwa - ba tshaba le ho ya ngakeng ho fihlela motho a se a le maemong a mabe.
"Maphelo a bona a senyeha," ho bolela Ngaka Petengell. "Ba tlameha ho dula haufi le matlwana, ba sa tswe ka matlung."
Hlola IBS ka bowena
Gerry Rantseli, yena ha a ka dumella mathata ana nako e telele. Mafolofolo a hae mosebetsing ke ona a entseng hore a hane ho ba lehlatsipa la IBS - o dutse a batla ho ba hlwahlwa - ke ka hona a ileng a phakisa ho ya ngakeng, a batla tharollo.
"IBS e ile ya mphaphamisa. Ke motho ya ratang ho etsa dintho ka potlako - ke ka hona ke neng ke se na nako ya IBS kapa lefu lefe feela ho ema tseleng ya ka ya katleho.
"Ke ile ka tlameha hore ke phethe nakwana ho ipatla, ke iphumane - ke mamelle mahloko. Ka hana ho amohela maemo ana a mabe."
Gerry ho ne ho mo nke nako e ka hodimo ho selemo ho tloha ha a qala ho tseba hore o tshwerwe ke eng, a qala kalafo, ho fihlela moo a kgonang ho laola maemo ohle a lefu lena mme a tseba ho phela bophelo bo tlwaelehileng.
"Ho bile thata ho tlwaela ho ba sedi haholo ka seo ke se jang, ka qala ho hlahlobisisa hore ho lokile ho ja reise e tshweu, ditapole le patata, setjhu, seteki, kgoho le tlhapi - empa bohobe ha ke je mefuta yohle ya bona esitana le tamati mmoho le ditholwana."
Boinehelo ba Gerry ba mo tswela molemo, a phema ho ba e mong wa mahlatsipa a madimabe a ho alafelwa ntho esele. Bathong ba bangata, maemo ana a IBS ho ya ka Ngaka Pettengell, ke a sa alafeheng empa a kgona ho laoleha ka ho ja dijo tse itseng (sheba lenaneo) le ho ikwetlisa ka ho tsamaya. Erekaha ke lefu le ka boelang la hlasela hape le ka mora kalafo, haholoholo ha motho a le tlasa kgatello, ho ka nna ha hlokahala hore mokudi a boele a je kalafo hape.
"Ho na le kalafo e thethefatsang mahloko leha e ke ke ya a fedisa hohang," ho bolela Ngaka Pettengell. Mohlomong dipersenteng tse 15 tsa bakudi ba IBS, ho na le ditaba tse mpe tsa hore maemo ana ha a se a le mabe haholo, a ka nna a senya tshilo. Tse monate ke tsa hore maemo ao a a laoleha.
"Ha feela mokudi a ka latela dikeletso, mofuta ona wa IBS o ka alafeha ka ho feletseng," ho bolela Ngaka Pettengell.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding ka IBS, o ka kena ho website: www.tummytalk.co.za; kapa o letsetse Novartis nomorong ena 0891-929-929.[s]
Ka nako eo Gerry Rantseli a neng a qala ho opelwa ke seholoholo, o ne a nahana hore o se a tla tlohela ho sebetsa - empa o fumane tharollo jwale eo a ratang ho e bolella bohle
BONA SESOTHO - January 2007
Na o fela
o hloka ho
etswa opereishene"
"IBS e ile ya mpula mahlo," ho bolela Gerry Rantseli-empa ho itlhokomela ho mo thusitse hore a se etswe opereishene.
H
lokomela
kotsi ka maleng
Na o na le IBS"
Batho ba nang le IBS tshilo ya bona e ba boi mme ha lefu lena le hlasela, dijo di hana ho thumiseha kapa di thumisehe ka potlako e kgolo e leng se etsang hore ba dule ba pipitletswe kapa ba tsholla. Hangata ba dutse ba opelwa ke seholoholo.
Ho bohlokwa ho bonana le ngaka ha o ikutlwa o ena le mathata ka maleng, ho ya ka moo Ngaka Pettengell a bolelang ka teng. Mohlomong e ka nna ya ya ba o na le IBS empa maemo a mang a tla lokela ho seollwa hobane a tla hloka ya ona kalafo e ikgethang hore o dule o phetse hantle.
Ngola lethathama la dintho tse etsahalang mmeleng ho wena hore o tsebe ho hlalosetsa ngaka hantle - mme hape o se lebale ho boela o ngola fatshe le diphetoho tseo o di utlwang mmeleng le tseo o di bonang ka mora hore o qale kalafo mme hape o ngole le dikeletso tsohle tseo ngaka e o bolellang tsona hore o tsebe ho dula o di hopola le ka mora nako e telele. Ha o ntse o ipatla, ipotse hore:
lKe makgetlo a makae o opelwa ke seholoholo ka mora ho ya ntle;
lO a sokelwa, o kokomose ka thata kapa o a tsholla;
lO kgona ho mamella mantle kapa o ba mathateng, o tlameha ho mathela ntlwaneng hanghang;
lE mong wa ba leloko la heno o kile a ba le mathata a ho ruruha ka maleng kapa a ba le kankere ya mala;
lO lahlehelwa ke boima ba mmele ntle ho mabaka;
lO tswa madi lelaneng la sebono;
lO dilemo di kae mathata ana a o qadile;
lMohlomong o kile wa ya sebakeng seo e ka nnang ya ba o kenwe ke kokwanahloko e jang mala;
lKe kalafo efe eo o e sebedisitseng.
BONA SESOTHO - January 2007
u
t
'Ho ja ka tshwanelo ho bohlokwa'
Lwantsha IBS ka dijo
Na dijo tse ditlheferetsi tseo o di jang di a kgona ho qhibidiha ka metsing kapa di sesa hodima ona" Ke motheo wa seo o lokelang ho se ja bakeng sa lefu la IBS ho ya ka setsebi sa phepo sa Thekong, Mandy Read.
"Ditlheferetsi tse sa thumiseheng jwalo ka dithootse, muesli le wholegrains di solla hohle ka maleng, di sa thumisehe, di hahara eng kapa eng tseleng ya tsona," ho hlalosa yena.
"Eja mefuta ya ditlheferetsi e thumisehang jwalo ka bohobe ba koro, All Bran le oats hobane e a kokomeha ha e utlwa metsi e be reberebe hore dijo di tsamaye butle ka maleng mme hape e hlephise mala. E thusa ho thibela letshollo esitana le hona ho sokelwa, e leng mathata a maholo a bakudi ba IBS."
O ka thusahala ha o ka:
lPhema ho hlafuna tjhepisi le ho nwa dino tse nang le acid;
lO je hanyenyane kgafetsa hore o se pipitlelwe;
lSe jelle ka koloing kapa o shebelletse TV;
lIphe nako ya dijo, o hlafunisise hantle;
lQoba ho tsuba.
Tse nepahetseng:
Pasta, reise e tshweu, dihwete, oats, gem squash, mokopu, baby marrows, All Bran, yogurt, panana, chicory, garlic, ditholwana tse phehilweng kapa tsa makotikoti, sepinatjhe, pawpaw, asparagus, bohobe bo bosweu kapa ba koro, lentils, lero la ditholwana, tlhapi, kgoho, mahe, nama e bonolo.
Tse sa lokelang IBS: Poone, broccoli, cauliflower, dierekisi, green pepper, cucumber, lettuce, khabetjhe, nama e nonneng, coleslaw, morara o dithootse, guava, mangangajane, dinawa, samoosas, doughnuts, kase, matokomane, kofi le jwala.
BONA SESOTHO - January 2007
KE nako ya ho boela sekolong mme ha ho tsela e molemo ya ho boela sekolong selemong sena se setjha ho feta disebediswa tsa ha Bantex" O ka boela ha monate sekolong ka disebediswa tse mebalabala tse bokgabane tsa ha Bantex.
Lethathama lena la disebediswa tsa boemo bo hodimo di etsa baithuti ba ithute ka bokgabane ntle le mathata selemo kaofela.
Disebedisweng tseo re ka bala dibukana, mekotla ya dipene, difaele, di-punch, di-stapler mmoho le tse ding tse bohlokwa mosebetsing wa phaposing.
Di bile hape di o bebofaletsa mosebetsi bakeng sa diprojeke le mesebetsing e mengata ya sekolo, ka hoo, re leboha Bantex ka stapler, punch sellotape, dikere mmoho le tse ding disebediswa tse bebofatsang mosebetsi wa ho taka le ho akanya.
Kgetha disebediswa tse sebedisehang ha bobebe tsa ho sireletsa dibuka tsa hao mmoho le di-CD ka mekotla ya teng e mebalabala mme hape o fumane le matshwao a hodimo ka ho sebedisa difaele tse tla etsa mosebetsi wa hao o bonahale o le bokgabane.
Boloka mosebetsi wa hao o le maemong...tsitlallela ho sebedisa Bantex. Bakeng sa tse ding dintlha etela: www.bantex.co.za
Ho ba mohlodi
BONA le Bantex di fana ka diphuthelwana tse 10 tsa disebediswa tsa ho ngola tse bitsang R1 200 ka seng. Tlatsa dikgeo tse fiifaditsweng mme ho tsona o tla fumana lebitso le patilweng. Ngola karabo ya hao posekareteng mmoho le lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare o di romele ho: BONA/Bantex Block Puzzle No 63, Box 32067, Mobeni, 4060 kapa romela BANTEX ka SMS ho 35919. (SMS e bitsa R3.) [s]
Letsatsi la ho kwala: 31 Pherekgong 2007
HAPA
Disebediswa tsa ho ngola tse bitsang
R12 000!
BONA Block Puzzle
Ithabise mme o ntlafatse Senyesemane sa hao. Araba dipotso o ntse o latela mehlala mme o tla fumana lebitso la sebapadi sa dipale dikgeong tse fiifaditsweng.
