sotho.1256.yourfamily_child
Bana ba a bua
Ha ngwana a otla kapa a loma ba bang
Bohale leha bo tshosa hakaalo, ke karolo ya bohlokwa kgolong ya ngwana. Ho ya ka Ngaka Rone Thomas, ngaka ya kelello ya bana, ho otla le ho loma ke karolo ya kgolo ya ngwana. Empa seo ha o a lokela ho iphapana. Bontsha ngwana hore bohale boo ba hae ha bo a amoheleha hohang mme o mmontshe e meng mekgwa ya ho hlahisa maikutlo a hae ntle ho ntwa.
Dikeletso:
Ha ngwana a bapalla ka tlung, mmolelle hore a tswele kantle, o akgele bolo kantle.
Dula le yena fatshe le shebelle ha ba bang ba bapala. Mo hlalosetse hore a ka boela baneng ba bang ha a se a ikutlwa a le betere.
Se ka mmotsa dipotso tse kang: "O ka ikutlwa jwang ha o ka otla e mong ka bolo?"
Theola moya hobane ho omana le ho mo shapa kapa hona ho mmolella hore o itshwere hampe ha ho na etsa hore a tlohele boitshwaro boo. O tla etsa hore a tenehe haholo. Ha o kgona ho theola moya, le ngwana o tla ithuta ho wena ho etsa jwalo.
Se ka tsheha ha ngwana a loma kapa a otla ba bang.
Ha a loma ba bang, o ka sebedisa mantswe a kang: "O loma ba bang, ke phoso ntho eo!" Haeba a le hara ba bang, mo tlose ho bona.
Mo hlalosetse hore ho loma le ho otla ho utlwisa ba bang bohloko.
Sebedisa mokgwa o le mong
Nka bohato bo tshwanang diketsahalong tsohle. Sena se tla etsa hore ngwana a tsebe se tla etsahala ho yena ha a itshwere ka mokgwa o sa amohelehang.
Leha a ka etsa ntho e swabisang mahlong a batho, se ka fela pelo o mo shape. Batswadi ba bang ba kile ba ba maemong ana, ka hoo, se ka ikgathatsa ka letho. Kgalema ngwanahao ka tsela e tshwanang.
O hloka thuso
Ngaka Thomas o bolela hore bohale ba ngwana ka nako e nngwe bo hloka thuso, e seng kgalemo feela. Haeba ngwana a le bohale haholo, a tshosa le hona ho otla ba bang, bua le ngaka ya hao. Mohlomong e tla o bolella hore o ye ho moeletsi kapa ngakeng ya bana ya kelello. Ka bobedi le ka kgona ho sheba sesosa sa bohale boo mme le shebane le bona. Hopola, ngwanahao o ntse a le monyane. Ha le sebedisana le yena ka mamello, bohale bo ka phakisa ho kokobela. [s]
O rata diphoofolo di fe, le hona hobaneng?
Ke rata tau le lengau hobane ke tshwana le lengau.
Ke diphoofolo tse kotsi. Ha o di tshabe?
Tjhe, mme o tla nthekela sethuthuthu, ke tla hula tau ka ditsebe ke qete ke balehe ka sethuthuthu se setjha.
O ka mpolella dinako tse nne tsa selemo?
Ke maswabi, ke lebetse e le nngwe. Ke hlabula, mariha, selemo le hwetla.
O di boletse kaofela, empa o mpoleletse hore o lebetse e le nngwe...
Ke a tseba. Empa ke lebetse ntho ena.
O rata mofuta o fe wa dijo?
Nama ya kgoho le sepatjhe.
Afrika Borwa e na le baokamedi
ba bakae?
Ha ke hopole.
Ke mang mabitso a baokamedi
ba rona?
Ke Mandela, Thabo Mbeki le Zuma.
NGWANAHAO
Kgweding ena re qoqile le Onalerona Lerefolo ya dilemo di hlano wa Modikwe, Leboya Bophirima
Haeba o rata re qoqe le mora kapa moradi wa hao, re ngolle ho BONA/Kidspeak, Box 473014, Parklands, 2121. Re bolelle dilemo tsa ngwana o kenye foto ya hae mme o se lebale mohala oo re ka o fumanang ho ona motsheare.
MOTSWADI EO E LENG NALEDI
Sebini le mohlahise wa mmino ya tummeng, Arthur Mafokate, o buile le rona ka ho lokisetsa ngwanahao opereishene
MORENA wa kwaito Arthur Mafokate, eo moradi wa hae, Owami a sa tswa etswa opereshene pelong, o re fa dikeletso ka ho qoqa le ngwanahao mabapi le sena.
Qala o bue le batho: metswalle, balelapa le ngaka hore o fumane dintlha ka seo o tlamehang ho se latela.
Ho tla ya ka hore o dilemo di kae, mohlalosetse mabaka a ho etsa opereishene le hore o tla ba betere ka mora yona.
Mmolelle hore o tla be o le haufi le yena ka mora opereishene.
Hore a o tshepe, se ka mo thetsa. Mmolelle nnete ya tla e utlwisisa.
Bana ba e ba nahane hore mohlomong mathata a kalafo kapa yona opereishene e be e le kgotlo ho bona ka lebaka la diketso tse mpe. Leha ba se na ho bolela seo, empa ba tla ngongoreha ba nahane hore ke ka lebaka la bona ba le maemong ao.
Dintlha tse ding ka kidshealth.org.za
E bokeleditswe ke: Kamogelo Sebola
