SESOTHO.951.advice cover
KGWEDING ENA: 64 Theola theko ya diaparo le ditefello tsa sekolo 67 Nthuse! Ngwanaka ha a tsebe ho bala 68 Ka moo o ka iqallang kgwebo ya hao 70 Temo: mekgwa e 3 ya ho ba le serapa se setle 71 Keletso ya molao 72 Re bua ka meriana 74 Botsa Sis Sarah 76 Dikeletso tsa batswadi 80 Tsa batjha: mahlo-mahlong le Fat Charlie 98 Ikgethele mohlala
THUTO YA MAHALA
ya ngwana wa hao
Ngwana wa hao a ka nna a kena sekolo leha e le hore ha o na tjhelete ya ho lefella dithuto tsa hae...
DIKOLONG tse ka bang 14 000 bana ba bala mahala. Dikolo tsena ke tsa setjhaba se futsanehileng mme di fumana tshehetso ya mmuso. Selemong se fetileng, baithuti ba ka hodimo ho ba dimilione tse hlano, ba fumane thuto ya mahala, ho ya ka moo Lefapha la Thuto le bolelang ka teng mme le re ho na le diketekete tse ding tse tla una molemo ona.
Leha ngwana wa hao a sa ngodiswa ho se seng sa dikolo tsena, o ka nna wa phema ditjheho tse hodimo tsa ditefello tsa sekolo ka mekgwa ena:
Dikgutsana le bana ba hlokang:
Bana ba mofuta ona ha ba a lokela ho lefiswa tjhelete ya sekolo. Bohle ba fumanang pei ya bana, ba hlokomelang bana mahaeng a dikgutsana kapa malapeng ha ba a lokela ho lefa tjhelete ya sekolo.
O tla lokela ho hlahisa bopaki bo kang lengolo la lefu la batswadi ba bona, karete ya pei ya ngwana kapa bana bao o ba amohellang ha o etsa kopo ya hore o se balellwe ditefellong tsa sekolo.
Ke tokelo ya hao mme ha ho mosuwehlooho ya lokelang ho leleka ngwana hobane ho se tjhelete ya sekolo.
Ha moputso wa hao o le tlase:
Le teng ha o a lokela ho lefa tjhelete ya sekolo. O lokela ho tshehetswa haholoholo ha o bile o se na molekane.
Ho qala ka ho bapiswa moputso wa hao le tjhelete ya sekolo ya selemo - ho letsetswe Lefapha la Thuto hore le thuse ho bala hore o a lefa kapa tjhe.
Ha o le ka hodimo hanyenyane ho ba sa lokelang ho lefa, o buisana
le balaodi
ba sekolo hore ba o dumelle ho lefa karolo e itseng ya tjhelete ya sekolo.
Ha ho le jwalo, o tla romela kopo ya lengolo ho ya ho baokamedi ba sekolo, ka nako eo o ngodisang ngwana. Ikemisetse hore o ka nna wa tlamellwa ho hlahisa bopaki bo feletseng ba maemo a hao a ditjhelete - ha re etsa mohlala, ba tla batla ho bona dikhopi tsa ditjeho tsa hao tsa bankeng hore ba bone hore o sebedisa bokae ka selemo le hore o na le dikoloto tse kae.
Leano la ho patala:
Ha o ena le mathata a tjhelete empa moputso wa hao o lekane hore o lokela ho lefa tjhelete e feletseng ya sekolo, baokamedi ba sekolo ba ka nna ba dumela ha ba kotjwa hore o lefe karolo e itseng ya tjhelete kapa o lefe ka mokitlane.
Etsa bonnete ba hore o kopa di tloha feela mme o hlahise bopaki ba maemo a hao a ditjhelete.
Hopola hore dikolo tsena tsa mahala di ka nna tsa o kopa hore o lefe tjheletenyana e itseng (mohlomong leha e le R50 ka selemo) mme ba boele ba o lefise bakeng sa dintho tse ding tsa sekolo tse
kang ha bana ba intsha kapa ditlhoko tsa tsa dipapadi. [s]
Pale: Patricia McCracken
RE A O HLAHLELLA
