sotho.950.live
re bua le Andile le Bonang
E be ba tla...kapa tjhe"
KE basebetsimmoho ba batle ho TV mme babohi ba a ba rata, o ka nahana hore ke baratani bosiu ka Labohlano ho Live. Empa Andile Ncube le Bonang Matheba ba a itshehela ha ba utlwa menyetsi ya hore ba a ratana. "Ke sa qakehile haholo matsatsing ana hore nka ba le moratuwa," ke Andile eo a bile a hatella puo ya hae. "Hape ha nka ba le moratuwa, o tla tenehela Bonang hobane ke dutse ke ena le yena, re lokisetsa mosebetsi."
Ho bonolo hore o utlwisise hantle seo a se bolelang ka mantswe oa. Athe Bonang yena ha a tsamaya mabenkeleng a maholo a Rosebank, o hapa mahlo a bohle.
O dilemo di 20, o etsa dithuto tsa marketing mane Johannesburg University, o bile o eme hantle o ka re ke sebontshi.
Andile ke yena ya neng a ikgethele hore a tlo sebetsa le yena lenaneong la mmino la SABC 1 mme ho bonahala le banna ba thabela ho shebella lenaneo lena jwale.
"Ke ne ke batla hore ke se hlole ke balellwa hara dibohoodi tse dilemo di ka tlase ho 20 selemong sena mme Andile a mpha monyetla oo," ho bolela Bonang.
"Bobedi re na le maikemisetso a tshwanang a ho etsa hore lenaneo la Live le ratwe Afrika yohle. Ke rata meketjana, ke dutse ke intsha kamehla ho ya batla moo boithabiso bo leng teng. Ke ne nka thabela ho tsamaya le Andile empa o rata ho itulela hae le dikhomputara."
"Ke bile lehlohonolo la ho ba le menyetla e mengata kgwebong ya boithabiso," ho bolela Andile.
"Ha nka senya nako ena ka ho nna ke nyolosa ke theosa le meketjana, menyetla ena ya ho bula kgwebo e tla mphonyoha. Motho o tlameha ho etsa matsete mosebetsing wa hae hantle jwalo ka ha a etsa ka thepa kapa ba lelapa."
Andile o sa tswa bula kgwebo ya hae, Blackface Exchange, ya ho ntlafatsa neo eo a e hlokometseng ho batjha ba bangata bao a kopanang le bona kgwedi le kgwedi.
O bolelletse BONA, hore o na le di-CD le di-DVD tseo a di nehilweng ke bao a kopanang le bona mabenkeleng a rekisang dijo ka tshepo ya hore o tla ba thusa.
Neo
"Ke mamela mmino ofe kapa ofe," ho bolela yena. "Ho na le neo e babatsehang e so kang e hlahella."
Rakgwebo, Zam Nkosi ke e mong wa mehlala ho Andile - le yena ke sebohodi sa lenaneo la mmino sa mehleng, seo kajeno se seng se hlahisa dipontsho tse ngatangata tsa mmino bakeng sa dikalana tse fapaneng tsa TV.
Andile e ne e le morutwana wa setshwantshise se sa tsebisahaleng dilemong tse nne tse fetileng ha a ne a qala ho sebetsa lenaneong la bosiu la mmino wa pop le bitswang One.
O ne a sebetsa a le mong ho lona mme kajeno ke mohlahise le sebohodi sa lenaneo la Live - jwale o kentse le Bonang hore le be monate ka ho fetisisa. "Ke ne ke etswa ke kena ke kopa ho hlahlobelwa ho ba sebohodi sa lenaneo la Live mme ka etswa diteko tse nne pele ke o fumana," ho bolela Bonang.
Ho tloha ka nako eo, haesale a sebetsa le Andile beke le beke ho ntlafatsa bokgoni ba hae, le tsebo ya hae ya mmino.
"Matsatsing ana, ha ke le mmoho le metswalle ya ka e dutse e mpotsa hore: 'O jwang Andile" Ho etsahalang pakeng tsa lona"'
"Ha ke re re sebetsa mmoho feela, bang ba re ba batla ke ba tsebise ho yena.' Ha ba tsebe hore ha ke batle ngwanana ya atamelang moo!"
Boithabiso
Andile o re ngwanana enwa ya mo bitsang "B" o tla hasa lenaneo la hae dilemong tse tlang tsena. Bobedi ba re ba rata pina ya Fabolous & Ne-Yo, You Make Me Better.
O ka hlokomela hore ha ho bonolo ho fumana monna ya ka kwalang sekgeo sa Andile bophelong ba B. A ka nna a ballwa hara bo Chomee le Kelly Khumalo ka maemo.
"Ha ke batle ho dula ke le mong," ho bolela yena. "Ke ka hona ke intshang le metswalle ya ka ha ke se mosebetsing re lo tjeka ditlelapong. Ke ka moo ke ithabisang ka teng ka mora mosebetsi le dithuto.
"Ke lokisa moriri le manala beke le beke ka ha ke tlameha ho dula ke le motle. Ke moemedi wa Live hape ke a tsebisahala - ke bokamoso ba ka.
"Ha ke a sheba moruihadi ha fela a tla nthabisa, ho fedile." [s]
BONA SESOTHO - December 2007
E ka nna yaeba basebetsimmoho ba batle ba TV, empa ekare ha ba a ikemisetsa ho tiisa dikamano tsa bona leha ba se ba se ho TV - kapa ebe ba ka nna ba...
Bonang le Andile ba a utlwana...le wena o a iponela!
(Diaparo: YDE; dieta: Europa Art; sefaha: Piece.)
pale ka DOUG GORDON
setshwantsho ka IVAN NAUDE
moriri le mokgabiso wa sefahleho: FAITH SEUOE
setaele MARINA WALSH
(Setshwantsho sa kantle: di-top: YDE; sefaha: Piece; masale: ke a Bonang')
BONA SESOTHO - December 2007
