sotho.94.Spa
Neha bana ba
holofetseng tshepo
Setjhaba ha se tsotelle bana ba holofetseng mme se ba hlekefetsa ka mekgwa e mengata, empa mme enwa o sebeletsa ho tjhentjha bophelo ba bona ka ho netefatsa hore ba hola hantle ba be le seabo le bona setjhabeng
PALE ya hae e otla pelo empa ha e makatse. Mora wa Prisca Tshabalala, Nkanyezi, o hlahile a holofetse. Dingaka di ne di re o na le cerebral palsy (CP), o ne a tlamehe ho dula ho wheelchair bophelo bohle ba hae, athe hape o bile o shwa le sethwathwa.
Eo e ne e be qaleho ya mathata a lenyalo la hae. Ha ho thuso eo a e fumaneng lapeng. Monnae o ne a mo nyatsa ka hore o belehile ngwana ya holofetseng.
"A re a kgethe pakeng tsa hae le Nkanyezi," ho bolela Prisca.
Ke kgetho e bohloko ha kaakang, empa tseo tsohle di ne di tihise Prisca pelo.
Ba bakae bomme ba kileng ba kopana le mathata a jwalo? Se bohloko ka ho fetisisa, ke hore ba bakae bana ba hlekefetsehang ka lebaka la ho hloka tsebo?
Lerato la hae la Nkanyezi ke lona le neng le mo kgothatsa, a be le tjantjello e kgolo ya ho batla ho ithuta ka lefu lena (CP), esitana le mefuta e meng ya kgolofalo.
"Ke batla tsebo," ke ka moo a di nehang ka teng. Pele ho nako e kae e ne e se e le mohlokomedi wa profeshenale. O ne a hlokomele hore dibaka tsena tsa ba holofetseng tseo a neng a sebetsa ho tsona, di ne di hula ka falese.
"Hape bana ba bangata ba ne ba sa kgone ho amohelwa ka lebala la dipehelo tse itseng." Tshabalala a kgothaletsa bomme ba nang le bana ba holofetseng yaeba qaleho ya Nkanyezi Stimulation Centre e mane Orlando West.
Ka bomadimabe, nakwana ka mora hore e bulwe ka 1998 - moshanyana wa hae o ne a hlokahale. "O ne a akgehe, empa ke ne ke fumane monyetla wa ho bua le yena metsotsong ya hae ya ho qetela," ho bolela Prisca.
"Ke ne ke mo tshepise hore ke tla hlokomela bana ba bang ba holofetseng bophelo bohle ba ka."
Leqeme la tjhelete le ne le etse hore sebaka sena se batle se kwalwa. Ho fihlela ha Standard Bank e nehela ka R1 million hore ho ahwe sebaka sa ho bapala, ho lokiswe le lebala. Ho ne ho lengwe mohlwa, lebala la samentwa - tsena tsohle di ne di hlophiseditsweng ho kgothatsa bana bana.
Leha mme Tshabalala a le motlotlo ka tshehetso ya Joburg City Parks le Standard Bank, empa mathata a bona ha a so fele.
Tjhelete ke sona sesosa se seholo. "Re ne re qetele ho fumana tshehetso ya tjhelete Lefapheng la tsa Bophelo bo Botle ka Motsheanong," ho bolela Prisca. Hona ho ne ho etse hore basebetsi ba bang ba rona ba lahlehelwe ke mosebetsi. E mong wa bona ke Patricia Ngcobo.
O re o na le bana ba babedi bao a neng a ba phedisa ka moputso oo wa hae jwale o lahlehetswe ke mosebetsi! Ke tla fepa bana ba ka ka eng?"
Boinehelo ba hae baneng ba sebakeng sena, ha bo sisinyehe leha ho le jwalo. "Pelo ya ka e bohloko hobane ke rata bana bao ka pelo yohle ya ka, mme ho nkutlwisa bohloko ho bona maemo ana a ho hlokahala ha ditjhelete, a batla ho nkarohanya le bona."
Mathata a mang ke ho hloka dipalangwang. Prisca o re ha ho dibese mme bana ba bang ha ba kgone ho tla sekolo. Sebaka sena se arotswe habedi - sekolo se tlwaelehileng le sebaka sa boithapollo seo ho sona ho kenang bana ba 30.
Prisca o re ho sebetsa le bana ba holofetseng ho tloha dilemong tse tlase ho etsa hore bana ba se nang kgolofalo ba hole ba utlwisisa maemo a ba holofetseng.
Lesego Mokomela (19), ke moithaopi sebakeng sena mme o hlola a iphile nako ya ho dula le bana bana. O re ho ba ka hara bona ho mo tlisetsa thabo e babatsehang mme o dutse a lakatsa ho thusa bana ba holofetseng. [s]
Pale: Mbuyisi Mgibisa
Ditshwantsho: Molefi Sebatie
ETSA MOLEMO
Ho monate ho sebetsa le bana bana
Sebaka sa ho phomola se sa tswa lokiswa haufi le
Orlando Stadium.
E mong wa basebetsi ba Nkanyezi o nyantsha ngwana.
KE ENG?
Cerebral palsy ke maemo a etsang hore methapokutlo e laolang puo e se ke ya sebetsa hantle, e ame boko le mesifa, e leng se etsang hore a se ke a tsitsa hantle le mesifa e se ke ya sebetsa ka tshwanelo.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding, eya ho:
www.CHASA.org
Mothehi wa Nkanyezi, Prisca Tshabalala, o na le bana ba bang.
