sotho.948.supermodel
SETLANKANA SA HO KENELA
Tlatsa setlankana sena mme o se romele ho BONA Model, Box 473014, Parklands, 2121. (Se lebale ho kenya setshwantsho sa hao se feletseng.)
Lebitso: ......................................................................................................................................................................................
Aterese: ................................................................................................................................................................................................................................................... Khoutu: .................
Mohala/Selefounu: ....................................................................................................
(Ka kopo re bolelle eo o fumanehang ho yona motsheare.)
Dilemo: ................................. Boima: ....................................
Boholo ba mose: ................. Boholo ba dieta: ....................
FESHENE
Jwale ke nako ya hore le wena o bonahale o itjele ka tsa feshene ya moraorao!
Sa rona
se pele
E ba sebontshi
NQOBILE Mbongwa wa Maritzburg, KZN, ke sebontshi sa rona sa kgweding ena. Ho bile monate ho sebetsa le mabotle enwa ya dilemo di 29! Mme enwa ya sa leng motjha o etsa dithuto tsa Retail Management mme o se a kile a sebetsa call centre. O rata feshene mme o ne a shebahala a kgatholohile ka pela khamera.
Ha o bona hore o na le se hlokahalang hore o be sebontshi se pele, le wena o ka hlahella leqepheng lena la rona la feshene. Ho sa kgathallehe hore o jwang, re batla banna le basadi ba seemo se fapaneng le boholo.
Ha o bile lehlohonolo la ho kgethwa hore o be sebontshi se latelang sa BONA, o tla fumana sephuthelwana sa dintho tse ntle tse tswang ha BONA, ho kenyeletsa le CD e nang le ditshwantsho tsohle tsa hao.
RE NGOLLE KAJENO
Ha o batla ho ba sebontshi sa BONA se pele sa tsa feshene, o ka:
Tlatsa setlankana sena sa ho kenela.
Kenya setshwantsho sa hao se feletseng. Kenya omfolopong mme o e romele ho: BONA Model, Box 473014, Parklands, 2121.
Ha o bile lehlohonolo la ho kgethwa, re tla buisana le wena! [s]
ELA HLOKO:
1. Ha re batle ditshwantsho tsa ba tsotseng.
2. Ditshwantsho di ke ke tsa kgutlisetswa ho beng ba tsona.
3. Ho romela tsa hao ha ho bolele hore o se o kgethilwe. 4. Qeto ya mohlophisi ke yona feela e tla amohelwa mme ha ho ngollano e tla dumellwa.
