sotho.946.rats
BONA SESOTHO - July 2006
Di fofonela kotsi
Jwalo ka dintja tseo ka nako e nngwe di sebedisetswang ho tsoma diqhomane, le ditadi le tsona di kgona ho fofonela. Tsona hape di molemo hobane di bobebe, ka hoo, di ke ke tsa qhomisa diqhomane tseo.
Tsela e ntjha ya ho lwantshana le diqhomane...
BA NE BA parole lehlabatheng le lefubedi ba fetela jwanng bo boholo. Mosebetsi wa bona e ne e le o mong wa e kotsi lefatsheng, empa o ne o ke ke wa rialo ha o ne o ba sheba mahlong. O ne o ba bona ba lokolohile, ba thabile ha ba ne ba ntse ba etsa mosebetsi oo wa bona oo ho ona lefung le leng qoleng ya kobo.
Di kgutshwane jwalo ka ha maoto a tsona a le makgutshwane...Di dutse di fofonela jwalo ka ha dinko tseo tsa tsona e le disebediswa tsa teng tsa bohlokwa.
Re a di tshaba jwalo ka ha di rwala mafu a mangata, ke ka hona re ratang ho di bolaya. Empa kae kae, di bontshitse ho ba bapholosi ba rona.
Re bua ka ditadi tsa Afrika, tse boima ba 1,3kg le bolelele bo fihlelang ho 80cm. O ka di rua ha bobebe, ha ho bitse ho di rupella, di tlwaetse bophelo ba dibaka tse mongobo, ntho ya bohlokwa le ho feta, ntle le boholo ba tsona, di kgona ho fofonela diqhomane tsena tse tsetetsweng fatshe...
DIQHOMANE tsena tse tsetetsweng fatshe di se di bolaile batho ba fetileng sekoto sa milione lefatsheng ka bophara dilemong tsena tse 20 tse fetileng mme dipersente tse ka hodimo ho 80 tsa bona ke ba neng ba sa nka karolo dintweng. Ho nahanelwa ha ho na le dimilione tse ka hodimo ho tse 60 moo tse ka nnang tsa lematsa bana, borapolasi, bahahlaudi esitana le ditsomi.
Ho ka tlosa diqhomane tsena o hloka sesebediswa sa teng se kgonang ho di fofonela moo di leng teng. Ke ntho e nkang nako.
Ho tloha ka 2000, projeke ya Belgian APOPO mane Tanzania, e ne e rupella ditadi ho fofonela diqhomane.
"Ditadi di kgona ho fofonela ka bobebe mme di kgona ho rupelleha ka bonolo," ho rialo mohokahanyi wa projeke ena, Christophe Cox.
Ditadi tsena di tlameha ho lapa pele di ka kgona ho tsomana le diqhomane tsena. Ha ho le teng seo di se fumanang, di bontsha monga tsona ka ho dula hodima sona. Monga yona o e putsa ka sekotwana sa panana mme he ditsebi di thotofatse seqhomane seo.
Tadi e seng e rupeletswe e ka kgona ho tsoma diqhomane sebakeng se kabang 100 square metres ka nako e ka tlase ho sekoto sa hora.
Ha jwale ditadi tsena di sebediswa mane Mozambique moo ho ntseng ho na le diqhomane tse ballwang ho 500 000 tse neng di jalwe dilemong tse 15 tse fetileng nakong ela ya dintwa tsa lehae.
TADI ka nngwe e rupellwa dikgwedi tse tsheletseng ho ya ho tse leshome. Mosebetsi ona o qala di tswetswe ka hore monga yona a tsamaye a e kentse pokothong ho etsetsa hore e tlwaele monko wa batho. Madinyane a bolokwa ka hara jeke ya kgalase e nang le mafoforetsane a diqhomane tsa TNT.
Nako le nako ha e fumane seqhomane e putswa ka sekotwana sa panana.
Di rupellwa ka hore di batle mekotlana ena ya tee e tletseng phofshwana ya TNT e tsetetsweng fatshe. Nako le nako ha e fumane mokotlana oo, mokwetlise wa yona o letsa phala mme a e putse.
Ka mora dikgwedi tse tsheletseng ho ya ho tse leshome ditadi tsena di ebe di se di tlwaetse ho batlana le diqhomane tsena esitana le hona ho fumana meputso.
"Haholoholo mona Afrika," ho rialo Christophe, "ditadi tsena e kaba tharollo ya ho qeta diqhomane tsena."
Moo ho belaelwang diqhomane teng, ditadi tsena di palamiswa tshepeng ekang seporo e bophara ba 6cm.
Tshepe eo e tsamaiswa hodima sebaka se belaelwang, haeba ho na le seqhomane, e tla fofonela e fate mme e be e se e fumana moputso wa panana.
Mohatsa Christophe, Judy, o bolela ha ho le monate ho sebetsa le ditadi leha ka nako e nngwe ho ntse ho le kotsi.
"O dutse o lateletse tadi ya hao," ke yena eo. "O tlameha ho ba le bonnete ba tadi ya hao."
Ka ho ya ka APOPO, ha ho so ka ho ba teng tadi e lemalang ho fihlela kajeno![s]
setshwantsho ka tlhomopho ya ba ha APOPO
Tadi e rupellwa ho fofonela diqhomane.
Molemo wa diphoofolo tsena tse kgutshwane
BONA SESOTHO - July 2006
...ha di felle moo!
Ditadi tsena tse rupeletsweng ho fofonela diqhomane mona Afrika, di se di tseba le ho fumana bakteria ya lefu la lefuba matheng a motho.
"Sena ho nna ke phephetso e kgolo hobane e ka tlisa mathata bophelong ba batho, ho rialo Bart Weetjens, molaodi wa projeke ya APOPO a bua a le Dar es Salaam, Tanzania.
"Lefuba ke bothata mme batho ba nahana hore bothata bona bo a re hlola."
Mokgatlo wa Bophelo wa Matjhaba o bolela hore palo ya batho ba bolawang ke lefu lena e tla eketseha ho tloha ho dimilione tse pedi ho ya ho tse robedi ka selemo sa 2015.
Weetjens o bolela hore tadi e rupeletsweng e ka kgona ho hlahloba mathe a batho ba 150 ka metsotso e 30, e leng palo e hodimo haholo ha ho bapiswa le ngaka yona e kgonang ho hlahloba a batho ba 20 feela ka nako eo tshwanang.
