sotho.944.Manaka
BONA SESOTHO - December 2006
Banana, lerato le thobalano
Ke mohlodi wa SAFTA Best TV Comedy Actress ka karolo eo a neng a e bapala ya Lerato ho Stokvel - boitelo ba Manaka ba ho sebeletsa katleho bo qala ho mo tswela molemo. (Top le masale: Ruby In The Dust; borikgwe: Identity).
KE LERATO, mme wa mankgonthe ho Stokvel. Ho Tshisa, ke Vinolia, ke naledi. Bophelong ba hae ba nnete, Manaka Ranaka ke motswako wa dikarolo tsena bobedi. "Ke lapetse katleho hantle jwalo ka Vinolia, empa ha ke sika lesea, ke ikutlwa ke le mme hantle jwalo ka Lerato."
Ka mora hore a ntshwe ho Isidingo, o ne a qete dilemo tse pedi a sa bapale pele a kena ka sekgahla ho Gaz'lam, le ho Stokvel ho SABC 2 ka Sontaha.
Manaka o se a ena le batshehetsi ba mo ratang haholo ho SABC 1, filiming ya Tshisa ka Labone bosiu, moo e leng mohlahise wa mananeo a TV, eo hape e leng sekgorane, se ahang kapa se bolaye katleho ya batjha ba batlang setumo ka sekgahla se tshabehang mane Jozi.
"Ke bo tseba hantle bophelo boo. Bo kotsi haholo ha o bo tlela ka sekgahla. Ha o ka ya le kgongwana hodimo ke setumo, o ka nna wa iphumana o lahlehetswe ke sohle seo o neng o ena le sona," ho bolela yena. Manaka a re bolella ka sebapadi se seng se neng se fumane mosebetsi o motle selemong se fetileng mme sa itebala, a reka koloi ya maemo le diaparo tse bitsang, a dula a keteka.
Hoo ha mo nka dikgwedi tse mmalwa feela pele karolo eo a neng a e bapala e fediswa, ya ba ho fedile ka yena. "Ke sa tswa mo bona haufinyane a orile letsatsi moo ho pakwang dikoloi teng kantle ka mona, a baka mehau," ho bolela Manaka. "Ha a sa na le sente hobane o ne a sa boloka letho. Ho bohloko empa ke tsela eo bophelo ba TV bo leng ka teng."
MANAKA ha a senye tjhelete ya hae hohang ka masawana - sa bohlokwa ho yena ke ho lefella thuto ya moradi wa hae Katlego (6). O boetse hape o hlantshwa ke lerato la mohlankana wa hae, Michael, eo e leng sengodi seo a neng a kopane le sona dilemong tse nne tse fetileng a eya North West.
"Pele, re ne re thabela ho ba mmoho feela empa re hodile jwale," ho bolela yena. "Ha ho kgatello dikamanong tsa rona. O itshebeletsa kwana Kapa moo a sebetsang le bana ba futsanehileng ba ditjhankaneng. O moholo ho nna ka dilemo tse 10 mme ha a kgathatsehe hohang ka mosebetsi wa ka. Dikarolo tsa basadi bao ke ba etsisang ho TV o di tseba hantle hore ha se seo Manaka ya mo tsebang a leng sona. Hape ha ke kenye dikarolo tseo ke di bapalang hloohong."
Manaka (27), o se a ballwa hara dinaledi tse pele tsa TV. Ngwanabo Nompumelelo (25) o hahlaula le lefatshe lohle, o sebetsa difofaneng tsa Emirates, ya monyenyane yena, Dineo, o bapala ho Mzansi hape ke sebohodi sa Yfm.
Ha ba a nyalwa, ba na le maikemisetso a maholo empa leha ho le jwalo ha ba rate bophelo ba mabenyane le ho ipeha maemong a pele setjhabeng. Ba nka lenyalo le lelapa e le karolo ya bohlokwa bophelong ba motho hantle jwalo ka mosebetsi.
"Karolo ya Lerato ho Stokvel ka nako e nngwe e hanella hloohong ya ka. Nako le nako ha ke thetsa lesea ke ikutlwa ke le sebete se tshabehang," ho bolela Manaka.
"Ho kgutla mehopolo ya kgale ha ke ne ke le motswetse." Leha ho le jwalo ho Vinolia, karolo ya Tshisa ho ba le bana ha se seo ke se nahanang.
"Vinolia o rata ho laela, e leng seo ke leng sona." ho bolela Manaka.
KA TSA lerato teng o reng" Manaka o shebisisa dikarolo tsohle tsa lerato tseo a kileng a di bapala ho TV mme o re tiisetsa hore ha ho leha e le nngwe e kileng ya hatiswa ntle ho tumello ya hae.
"Le lokela ho dumellana hantle ka melao pele o ka hlobola," o boletse jwalo. Ka nako ya diteko, bahlahise ba bangata ba pata dikarolo tse tsotseng e le hore o se qale ho beha melao le pele o fumana mosebetsi. Nna ke hatella hore ba mpontshe dikarolo tsohle tseo ke tla di bapala pele nka saena tumellano. Ha se hore ke manganga empa ke batla ba ntshware jwalo ka sebapadi sa profeshenale."
Jwalo ka Portia ho Gaz'lam, o kile a tsola ho TV ha a ne a bapala karolo ya lehlatsipa la HIV a leka ho itlhatswa hore ho tswe kokwanahloko eo mmeleng wa hae. "Ke ne ke hatelle hore e hatisetswe sephiring moo ho seng batho ba shebelletseng," ke Manaka eo.
"E ne e ngotswe hore motho eo o tla sala a se na nketlana thekeng. Eitse ha ke hatella hore ba eketse tjhelete, ba e tjhentjha hore ke hlobole ka hodimo feela.
"Ke ditokelo tsa ka, di lokela ho hlonetjhwa. Ke rata karolo ya Portia, hobane o ne a tshwaetswe ke moratuwa wa hae ka HIV empa a hana ho ba lehlatsipa, a kena mohwantong o kgahlano le yona. "
Karolong ya Vinolia, Manaka o a tjhesa ha a se a tobane le mohlankana wa hae ya monyenyane, Mandla.
"Ba sunana e le ka nnete mme karolo ena ya lerato e tla siya babohi ba kgathetse. Re a hola le rona jwalo ka babohi mme difilimi tsa rona di shebellwa hohle naheng ya Afrika di bile di hapa le dikgau tsa Oscar. Ke lakatsa ho bapala difiliming tseo le nna mme seo ke leng hodima sona ha jwale ke bohato ba pele bo lebisang teng. [s]
Manaka o bua le rona ka Stokvel, Tshisa - le ho ba seo a leng sona
pale ka: DOUG GORDON
ditshwantsho ka: IVAN NAUDE
moriri le mokgabiso wa sefahleho: FAITH SEUOE
setaele: MARINA WALSH
(Setshwantsho tsa kantle - top: Ruby In The Dust; dintho tsa ho ikgabisa: Attitude.)
Ke rata ho
itaola
KA TLASE: "Vinolia o rata ho itaola hantle jwalo ka nna," ho bolela Manaka. (Hodimo: YDE; dintho tsa ho ikgabisa: Attitude.)
BONA SESOTHO - December 2006
