sotho.936.bec events
BONA SESOTHO - March 2007
KA Hlakubele BONA Empowerment Club e tla be e kopane mane Thekong. Lepetjo la kgwedi ena ke ho roka, masela, ho akanya, feshene ya Afrika, ho rekisa thepa dinaheng tsa kantle le mosebetsi wa matsoho.
Tse monate ho diakanyi le ba mesebetsi ya matsoho mona Thekong ke hore thepa ya bona e hlokahala haholo dinaheng tsa kantle selemo le selemo. Lefatshe le rata ho bona hore rona jwalo ka Maafrika Borwa ke se fe seo re kgabang ka sona mme ke yona nako ya ho kgaba ka seo re nang le sona!
Le haeba kgwebo ya hao o sa e qala, di ngata ditsela tseo o ka etsang phapang ka tsona, re tla bontsha ka tse ding tsa tsona kgweding ena moo moketeng.
BONA Empowerment Club e thusa ditho tsa yona ho arolelana ka tsebo le batho ba naha ena kapa lona lefatshe ka bophara.
Re batla ho o kgothatsa hore o atlehe.
BONA e amohela eo e tla beng e le sebui sa letsatsi Dr Fikiswa Beatrice Madlopha, Hlooho ya Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba KZN.
Fikiswa haesale a ikamahantse le diprojeke tsa ntlafatso ya setjhaba jwalo ka mosebeletsi wa tsa thekolohelo, eo e leng Regional Director wa Pietermaritzburg Social Welfare and Development eo ha jwale e leng Hloohong ya Lefapha la Mesebetsi ya Setjbaba KZN! O kgonne ho etsa lefapha e be le tswang pele tshebeletsong tsa setjhaba!
Re motlotlo haholo jwalo ka ha a tla arolelana nako le boiphihlelo ba hae le ditho tsa BONA Empowerment Club. BONA e re ha re bonaneng Thekong!
KENELA TLHODISANO O IKGAPELE TJHELETE
Dikgau tsa Mageu Number 1 Business Start-Up tsa 2007 di boetse di qadile hape, ka hoo, borakgwebo hopolang ho iphumanela diforomo dibokeng kapa le kene ho: www.empowermentclub.co.za.
Tlhodisano ena hape e tla nka dikgwedi tse 12 mme bahlodi ba 12 ho tswa mafapheng a fapafapaneng a tsa kgwebo ba tla qothisana lehlokwa moo ho tla tswelella ba bararo ba tla iphumanela moputso wa ditifikeiti le R15 000, R7 000 le R4 000 ka tatelano ya bona.
Bahlodi ba tlhodisano ya 2006 Mageu Number 1 Business Start-Up Awards ba tla phatlalatswa kgatisong e hlahlamang ya BONA. E se o fete!
BAKA HANTLE KA SASKO FLOUR
JWALO ka motshehetsi e moholo wa di-workshop tsa BONA Bake and Cook for Profit ka 2007, Sasko Flour e qeta dilemo tse 70 mme e se e qadile ho arolelana tsebo le ditho, e sa qetele ka ho ba thusa ho baka, empa le ho ba etsa bo makgwebo ba atlehileng!
Mang kapa mang, a ka latswa mopako o latswehang ho sa natsehe hore ke wa lelapa kapa moreki wa hao, ka hoo, tshepa Sasko Flour ho o bontsha ka moo ho leng bobebe ka teng ho baka. Sasko Flour e na le diresepe tse bobebe, tse potlakang, tse latswehang.
Fihla ho di-workshop tsa BONA Bake and Cook for Profit e le hore Sasko Flour e tsebe ho o ruta seo o se hlokang.
Sasko Flour e entswe ka koro e ikgethang ya kwano le dinaheng tsa kantle ho o netefaletsa sephetho se setle.
Shebella lenaneo la Sasko Flour ho SABC 2 ka Laboraro mantsiboya ho tloha ka 6pm. Lenaneo lena le bitsa Mara And Friends mme le haswa ke naledi ya Muvhango, Mara Louw.
Kopana le Mara le baeti ba hae puisanong ya bona ba ntse ba eja dimomonane tse bakilweng ka Sasko Flour
Sasko Flour e etsa mobako wa hao o latswehe betere
QALA KGWEBO LE ARANDA
O KA REKA dikobo tsa ha Aranda ka nyehlisetso mme wena o ithekisetse tsona ka phaello. Haeba ho le teng seo o ratang ho buisana ka sona le sehlopha, ipeheletse sebaka e sa le nako ka ho letsetsa Revue Liaison ho 011-883-8829.
Seo o lokelang ho se etsa:
1. Eya mmokeng wa BONA Empowerment Club. 2. Fumana ditaelo ka tsa kgwebo mmoho le foromo ya ho otora sephuthelwaneng. 3. Fumana bareki bao o tla ba rekisetsa.
Haeba o se na ho ya mmokeng, o ka letsetsa Jerminah Tseise ha Aranda ho 011-693-3721 ka dihora tsa mosebetsi o mo kope ho o romella dintlha ka fekese.
Aranda le BONA Empowerment Club ba tla ba le seboka sa kgwebo ya dikobo.
SavellsFairdeal
HA SE pinyane hore Savells le Fairdeal di a sebedisana molemong wa hore bareki ba bona ba kgole molemo wa ho lefa hanyane. Ho ka etsahala hore e be mabenkele ana a majabajaba ha a so be teng haufi le sebaka sa heno, empa a lebelle haufinyane.
Ha jwale o tla be o ntse o fumana tshebeletso ya mantlha e ikgethang ho tswa ho basebeletsi ba thatohatsi tsena tsa mabenkele ana a hao.
Ha o reka ha SavellsFairdeal, o tla be o otla nonyana tse pedi ka lejwe le le leng jwalo ka ha o tla kgola molemo wa mabenkele a majabajaba a mabedi a ha Savells le Fairdeal.
SavellsFairdeal Khayelitsha ke lona lebenkele la pele le letjha la mofuta ona wa SavellsFairdeal mme selemong sena sa 2007 lebella ho bona a mang a mangata a bulwa naheng ka bophara haufinyane!
Lebella lebenkele le letjha tikolohong ya heno haufinyane.
Tlhapi e dikotikoting ya ha GLENRYCK e ruile ka di-Omega 3 oils tse bohlokwa bophelong ba rona tse tlamehang ho ba teng dijong tsohle tseo o di ratang. Nnete ke hore jwale o se o ka kgona ho thabela molemo wa Glenryck o le kae kapa kae neng kapa neng jwalo ka ha dikotikoti tsena tse ntjha di se di buleha ka bobebe.
Tlhapi ya Glenryck e dikotikoting, ke tsela e nepahetseng ya ho boloka ba lelapa la hao le bareki ba hao ba phetse hantle.
Ho bebofatsa dintho, Glenryck e se e na le diresepe tsa yona tse fumanehang ho Website: www.nola.co.za ho yona o ka fumana tse kang lasagna, fishcakes, salads kapa plain pilchards on toast. Tatso ya sethatho ya pelepele le tamati ha e a fetoha.
Dijo tse phepo di etseha ka bonolo ka tlhapi e kotikoting ya ha Glenryck!
DI TLETSE PHEPO
BONA SESOTHO - March 2007
Bake & Cook Workshop
Sebaka: The Score Head office,
1 Piet Street, City Deep, Johannesburg
Letsatsi: Labohlano 30 Hlakubele 2007
Nako: 2pm
HO kena: R20 motho ka mong
Letsetsa: 011-883-8829 ho ipeheletse sebaka [s]
Sebaka: Tropicana Hotel, Thekong
Mohla: 29 Hlakubele 2007
Nako: 6pm bakeng sa 6.30pm
Ho kena: R30 motho ka mong
(o lefa monyako)
Dijo di tla fumaneha. Jwala bo tla be bo rekiswa.
LETSETSA HO IPEHELETSA SEBAKA: 011-883-8829
DIHORENG TSA MOSEBETSI
Dintlha tsa kopano
Lepetjo: Ho roka, Masela, Ho akanya, Feshene ya Afrika, Thekiso ya thepa dinaheng tsa kantle le Mesebetsi ya matsoho
Dibui
MC: Thokozani Ndlovu, DJ wa Ukhozi FM.
Dr Fikiswa Beatrice Madlopha, Hlooho ya Lefapha la Tshebeletso tsa Setjhaba.
Boithabiso: Pinkie Mtshali
Force Khashane - Mohlophisi wa, BONA.
