sotho.933.maputo
INDASTERI ya feshene mane Maputo e bonahala e hlile e ipabotse jwalo ka ha diakanyi tsa teng di kopanya feshene ya Portuguese-Latin le ya Afrika. Sena se se se hapile le mahlo a dikhampane tse kgolo.
Re ka etsa mohlala wa sena ka Vodacom Mozambique Fashion Week, e seng e le selemo sa boraro sena e ntse e tswelapele.
"Maikemisetso a leano lena ke ho bontsha ka talente fesheneng le bobontshing," ho rialo Junaid Munshi wa Vodacom Mozambique. "Ka lona re rata ho leotsa talente fesheneng le bobontshing." Indasteri ena e hlile ha e so setlele hantle, ke yena hape. Ha e so tsebisahale naheng ka bophara mme hape ha e kgone ho fumana ditlhoko tse hlokahalang esitana le thupello.
Diakanyi tsa Maputo di e di tlamehe ho tshelela Afrika Borwa ho tla batla ditlhoko tse kang masela mme sena se tlisa phephetso le tlhodisano e ntle haholo. Mohlala wa e nngwe ya diphephetso tsena ke ya capulana, lesela la setso le mebalabala la Mozambique.
"Capulana ke ya feshene, re tlameha ho e rata re e thabele mme hape re ithute ho rata dintho tse ntjha," ho rialo sebini sena se tsebisahalang sa Mozambique, Neyma, eo ho CD ya hae e ntjha a apereng feshene e akantsweng ke ngwanana ya dilemo di 21 feela, Taibo.
Sebini sena se nang le di-CD tse hlano se boletse ha ho tlameha ho kgothatswa ntshetsopele ya indasteri eo.
"Ha re a tlameha ho emela ho be teng moditjhaba ya tla tla re ruta feshene, re tlameha ho iqalla ntho ya rona," ke yena eo.
"Leha ho na le mathata mona le mane, empa ke bona feshene ya Mozambique e ntse e le motjheng o nepahetseng."
Diakanyi tse hlileng di ipapotseng haholo ke Taibo, Mody Maleiane le Lucia Pinto...
Re phela ka
Mozambique e tlile ka sekgahla fesheneng jwalo ka ha ho tletse feshene le ditaele feela mane Maputo
BONA SESOTHO - July 2007
Re tshetse moedi
Mody Maleiane o ne a qale feshene nakong eo a neng a rokela dipopi tsa hae.
Mmala
Mody Maleiane
Mody haesale e le mohokahanyi wa dipontsho tsa feshene le tsa mabenkele a diaparo ho tloha ka 1999 mme ke yena tshiya feshene ya Maputo.
Lerato la hae fesheneng le yena le qadile e sa le ngwana, "ke ne ke rokela dipopi tsa ka, ke di lokisa le moriri. Ka mora moo, ke ne ke kopane le raditshwantsho ya neng a nkuki ditshwantsho moketeng wa dipontsho o neng o bitswa The Beauty of Mozambique."
O ne a mmolelle hore a ka kgona ho ba sebontshi, "ke ne ke makale hobane ke ne ke tseba hore ke ne nke ke ka loka ka lebaka la bokgutshwane."
Leha a ne a ntse a hlophisa dipontsho, ka ho le leng o ntse a ntshetsa dithuto tsa hae pele ho tsa kakanyo ya feshene.
"Ho hlophisetsa batshehetsi dipontsho ha se ntho e bobebe," ke yena eo. "Ke boikarabelo bo boholo moo o nahanelang motho seo a se batlang."
Mody o kgothatswa ke katleho a e bonang fesheneng ya Maputo. "Re na le menahano e metle mmoho le boiphihlelo," ke yena eo.
pale ka NATALIE NETO
ditshwantsho ka VANESSA GROBLER
Leha a le dilemo di 21 feela, Taibo o se a hapile dikgau tse ngata tsa ho akanya a ba a rokela le basadi ba bangata ba tummeng ba Maputo. Jwale o morerong wa ho iqalla diaparo tsa hae, a bule lebenkele la feshene a iqalle le akgente ya hae ya bobontshi.
"Ke tswetswe ke le tjhatsi fesheneng," ke yena eo. "Ke rata ho etsetsa bomme tse molemo, ke be motlotlo ka ho ba jesa koto."
O fumane tjheseho ho Roberto Cavalli wa Italy.
Kajeno o kgona ho iphedisa ka feshene ena ya Maputo. "Indasteri ena e hola hantle, empa hore re fihlele boemo ba matjhaba, re tlameha ho ntlafatsa boleng ba kakanyo ya rona, re e behe maemong."
Leha a ntse a le kgwebong, empa ka lehlakoreng le leng o ntse a etsa dithuto tsa office administration. Ha a sa etse letho, o itlosa bodutu ka ho ba radinaledi a boele a ngole.
Taibo
Ketha de Jesus e mong wa dibontshi, o bontsha ka feshene ya Taibo.
Lucia Pinto
Lucia tjheseho ya hae o e fumane hona moo Mozambique. Leha a le dilemo di nne feela a akanya feshene, empa o na le nalane indastering ena jwalo ka ha a ne a rokela dikhampane tsa boithabiso.
"Haesale ke le bohlale," ke yena eo. "Ke a rata ho taka mme ke rata ho saena diaparong tsa ka." O sebedisa kamore e ka morao habo jwalo ka studio sa hae.
"Re tlameha ho itekola re sebedise setso sa habo rona jwalo ka letshwao la feshene," ke Lucia hape. "Jwalo ka ha re se re hlaheletse matjhabeng ka tsa feshene, ho bohlokwa ho ba le letshwao le tla bontsha dikgalala tsa Mozambique."
BONA SESOTHO - July 2007
Taibo leha a le dilemo di 21 feela, empa o ipabotse haholo fesheneng.
Lucia Pinto o fumane kgothatso ya ho akanya hona Mozambique.
