sotho.932.coffins
Ebe ba tla felehetswa hantle"
MATSATSING ana mapato a se a fetohile kgwebo e kgolo e thefulang bang ka mofu ba iphumanang ba le tlasa kgatello ya ho etsa lepato le hlomphehileng la ditjeho.
Empa sena se tla tjhentjha ho ya ka moo rakgwebo enwa ya motjha, Paseka Hlatswayo a hlophisitseng ka teng. O dumela hore lepato le letle ha le a lokela ho ya ka ditjeho, Paseka o na le leano le letjha.
"Re batla ho felehetsa bang ka rona ka hlompho le ka bokgabane mme ke bona ekare batho ba a qhekellwa ha ho etswa hore ba nahane hore lepato le hlomphehileng ke la ditjeho," ho bolela yena.
"Ho ya ka moetlo, baholo ba habo rona ba ne ba bona ho le bohlokwa ho felehetsa wa leloko ka hlompho ba sa natse ditjeho tse tsamaisanang le seo."
Tsena tsohle di ne di qale ha Paseka a ne a shebelletse lenaneo le leng la TV le neng le bua ka kgaello ya ditsha tsa bafu mme a nahana ka tharollo - ho tjheswa ha bafu kapa ho pata batho ba ka hodimo ho a le mong lebitleng le le leng - yaeba dintho tseo a bonang di sa tsamaisane hohang le tumelo ya moetlo wa Seafrika.
Paseka a qala ka ho etsa dipatlisiso tsa ka moo mehleng ya pele Maafrika a neng a pata bafu ba bona ka teng haholoholo ba leloko la boreneng.
A qala ho tseba hore baetapele bana ba mehleng ba ne ba patwa ba kokometse. Sena se ne se etswa ka tumelo ya hore meya ya bona e ke ke ya shwa lekgale, empa e tsoha hape mme erekaha batho ba belehwa ba le sebopehong se kang sa ho kotsamala ke sesupo sa ka moo ba qalang ho phela ka teng mme ke ka hona ba neng ba etse qeto ya ho ba pata ka mokgwa oo.
"Ka hlokomela hore le nna ha nka pata bafu ka ona mokgwa ona, ke tla be ke ba thusa hore ba phomole ka kgotso," ho bolela yena.
"Bafu bohle jwale ba se ba ka thabela ho patwa ka mokgwa o kgethehileng oo e neng e le wa ba leloko la boreneng feela esitana le batho ba atlehileng haholo bophelong mme ka akanya mokgwa ona o motjha wa ho pata bafu."
Ka mora selemo ke etsa dipatlisiso ka etsa diteko, Lebone ya thehwa kopanong ya matjhaba ya bapati ka Phupjane 2006. Jwalo ka ha lebitso le bolela, le mabokose a teng a ralwa jwalo ka lona lebone, e leng se etsang hore a dumele ho ba manyenyane mme le ditsha tsa mabitla di be nyenyane.
Lebitla la Lebone le ka ba boholo ba dipersente tse 66% ka tlase ho le tlwaelehileng. "Re sebetsa mmoho le National City Parks, ho netefatsa hore bomasepala kaofela ba kgona ho tjheka mabitla a tla kgona ho kenya mabokose a rona," ho bolela Paseka.
"Bapati le bona ba rupellwa botjha hore ba tsebe ho tshwara mapato a Lebone, athe ha se le mosebetsi o thata," ho bolela yena. Le jwale basebetsi ba ntse ba rupellwa ka thuso ya Yunivesithi ya Wits.
Mabokose a Lebone a boetse hape ha a hloke lepolanka le le ngata ha a tshwantshwa le ana a tlwaelehileng.
Erekaha ha le etswe ka lepolanka le le ngata jwalo ka a mang, ha a bitse haholo. [s]
BONA SESOTHO - August 2007
Ba robale ka kgotso
Borakgwebo ba Afrika Borwa ba hlahisitse mokgwa o motjha empa oo e leng wa "kgale" wa ho theola ditjheho tsa lepato esitana le ho se sebedise setsha se seholo ha ho hlonetjhwa baholo ka moetlo ona wa habo rona wa seholoholo
Ke leo he...
pale ka TANIA SANDBERG
Le eme ka bolelele, ho dumelwa hore lebokose lena ha le hloke setsha se seholo.
' DITLHALOSETSO: South African Funeral Supplies (SAFS) e na le tokelo yohle ya ho etsa le ho rekisa mabokose ana. Malapa a ka a reka ho SAFS, kapa a kope bapati ho buisana le SAFS hore ba fumane Lebone la nnete.
Bakeng sa ho a reka ho SAFS, o ka letsetsa ho 031-507-8150.
ya hao ka molao
Ke kgenthollotswe"
BOTHATA: Mosebetsimmoho le nna o ne a dihele mosebetsing a ya sebetsa khampaneng e nngwe. Khampane ya ka e ne e hiri motho e motjha sekgeong seo, ba se ke ba kenya nna ho sona.
Ke nahana ha sena e le leeme hobane ke dilemo di 15 khampaneng ena. Lebitso la ka le letle athe le mosebetsi wa ka o makgethe haholo. Ekaba ke kgenthollo" Nka etsa jwang"
KELETSO YA SCORPION
Boitseko ba hao bo a utlwahala. Ke ntho e tlwaelehileng hore mosebeletsi a ikutlwe a kgeswa a be a bone ha a ne a tlameha ho nyollelwa maemong kapa a nehwe monyetla pele ho ka hirwa e mong motho e motjha.
Mosebeletsi ha a na tokelo ya ho itseka hore a nyollelwe maemong a hodimo ntle le haeba ho na le karolwana tokomaneng ya tumellano ya kgiro moo mohiri a hlakisang hore o na le tokelo ya ho nyollelwa maemong.
O tlameha ho tseba hore khampane ke ya monga yona mme o na le tokelo ya ho hira leha e le mang feela ya ratang ho mo hira.
Empa he seo ha se bolele hore mohiri o tlameha ho tlola melao e behilweng ke molao wa Labour Relations Act, o bolelang tsela e tlamehang ho latelwa ha ho hirwa.
Mohiri o ba phoso haeba a tlotse melao ya Labour Relations Act.
Hape, mohiri o na le tokelo ya hore a hire motho ya nepahetseng bakeng sa mosebetsi molemong wa khampane.
Ka hoo, ho bohlokwa ho mohiri ho bapisa bokgoni le boiphihlelo ba mosebeletsi eo e motjha le eo wa kgale.
Ho bohlokwa hape hore mohiri a nke qeto e nepahetseng hobane motho ohle ya kentseng kopo ya mosebetsi, o ebe a tseba hore o loketse mosebetsi oo.
Ka hoo, taba e nngwe le e nngwe e tlameha ho hlahlojwa ka ho ya ka dintlha tsa yona.
Ntle le hore re bone dintlha tsa eo mohiruwa e motjha esitana le ho tseba tsela e sebedisitsweng ke mohiri kgirong ya hae, re ke ke ra kgona ho o neha keletso e nepahetseng.
Empa he re ka re ho wena, motho ya nang le lentswe la ho qetela ke yena mohiri wa hao. [s]
SE NKILWE KE SEBONTSHI
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
BONA SESOTHO - August 2007
