sotho.930.sunglasses
Diborele tsa
SETAELE
Diborele ke karolo ya bohlokwa ya feshene - kgetha tse dumellanang le sebopeho sa sefahleho sa hao mme o be bokgabane...
DIBORELE ke karolo e pele ya feshene, empa lebakabaka la bohlokwa la hore motho a rwale di borele, ke ho sireletsa mahlo mahlaseding a bohale a letsatsi, a ka lematsang mahlo a hao...
Ho ba bobebe ho kgetha mofuta wa diborele tse tla o tshwanela di dumellane le wena ha o tseba sebopeho sa sefahleho sa hao.
Ke tsena dikeletso tse tla o thusa hore o bohehe jwalo ka naledi.
Se kgidikwenyane. Haeba sefahleho sa hao se le kgidikwenyane, qoba ho sebedisa diborele tse meralo e kgidikwenyane. Sheba tse meralo e sephara, e tla etsa sefahleho sa hao se bohehe se le sephara.
Se motopo. Batho ba difahleho di motopo, ba na le kgetho e batsi diboreleng. Mofuta leha e le ofe feela o a ba tshwanela, empa haholoholo tse sephara.
Se sephara. Haeba o le sefahleho se sephara, sheba diborele tse tla etsa o shebahale hantle. Diborele tse sebopeho se motopo kapa tse kgidikwenyane, ke tsona tse tshwanelang ba bangata.
Se sebopeho sa pelo. Maikemisetso a ho kgethela ba sebopeho sena sa sefahleho, ke ho leka ho atisa tjhebeho e ntle bathong ba phatla e kgolo, le seledu se se sesane. Leka tsena tse kang kgaketla ya kgudu kapa tse ding tse tla dumellana le wena.
Setaele: Lethu Nxumalo
Ditshwantsho tsa diborele: Andrea Caldwell
Ditshwantsho tsa dibontshi: GALLO
E nkilwe ho: shoesaccessories.suite101.com
MABENKELE: FOSCHINI: Naheng ka bophara
IDENTITY: Ditlhakisetso 011-476-3691
FESHENE
