sotho.927.purity
Sis Purity o re...
B2999/06
Sis Purity, setho sa Ditsebi tsa Phepo ya Masea sa ha Purity, se arabile dipotso tsa hao ka phepo ya masea
P:Thabiso wa ka, o dikgwedi di tsheletseng mme ha a thabele dijo tse thata. O rata ho nyanya feela. Ke se ke lekile mefuta e fapaneng ya dijo tsa masea empa o a pipitlelwa. Ke etse jwang"
K: Mo qale ka cereal e se nang metswako e mengata. Purity Rice Cereal ke yona feela e nang le mofuta o le mong wa ditlheferetsi mmarakeng wa Afrika Borwa. Mefuta e mengata ya ditlheferetsi ha e thumisehe ka bonolo. Ha a sa e rate, mo fe lesheleshele la phofo o le dube ka lebese la letswele - kapa la kotikoti la masea, ka ha o sa le monyenyane bakeng sa la kgomo.
Mo fepe dikgabana tse tharo ho ya ho tse nne hang ka nako. O se mo fepe haholo - tshilo ya Thabiso e hloka ho nehwa nako ya ho itlwaetsa ho thumisa dijo tse thata.
Ha a ntse a pipitlelwa, mo fepe ditholwana tse sokilweng kapa meroho (kapa Purity single fruits & vegetables in Stage 1). Purity ya di-prunes e a fumaneha - kgabana kapa tse pedi ka mora dijo tse thata ho hlephisa mala. (Boloka sejana sa Purity se seng se butswe ka sehatsetsing dihora tse 48 feela - o ntshe kgaba eo lesea le jang ka yona hobane mathe a ka nna a di hlapolla.)
P: Purity e se e ekeditse dijo tse nang le iron, zinc le selenium lethathameng la yona la di-cereal tsa masea a maholwanyane. Na di bohlokwa bakeng sa Thabang wa ka ya dikgwedi di 10"
K: Ke thabela ho hlokomela hore o bala dipakana tsa dijo tsa bana. Ho bohlokwa hore motswetse a tsebe ka phepo hobane lesea le hola ka pele hape le hloka diminerale tse kang iron, zinc le selenium bakeng sa kgolo le ho tiisa masole.
Dikgweding tsa pele tse nne ho ya ho tse tsheletseng, mmele o ebe o ena le iron e lekaneng. Ka mora moo, o hloka dijo tse nang le iron. Lerothodi la moriana o nang le iron tliliniking le a thusa kapa cereal e nang le yona. Iron e bohlokwa bakeng sa kgolo ya boko, e mo thusa leha a se a kena sekolo. Vitamin C e thusa hore iron e monyehe mmeleng ke ka hona ho leng bohlokwa hore cereal eo o e fepang Thabang e be le Vitamin C e ngata.
Thabang o bokelletsa boiphihlelo ka dijo - tatso ya tsona, ditlheferetsi, tse tjhesang le tse batang, a boele a ithute le ho ja ka kgaba. Mo fepe ka tse nang le phepo e phethahetseng.
Cereal tsa Purity ke kgetho e ntle ya batswetse ba batlang phepo e ntle baneng ba bona, e tla ba tswela molemo le dilemong tse ngata tsa kgolo ya bona. Ho tloha ho cereal e se nang metswako e mengata e nang le iron e ngata (rice,
maize le sorghum) ho ya ho tse tswakilweng ka mefuta e mengata ya dijo mmoho le ditholwana, ho ya ho tse nang le tatso ya tlhaho le tse ditlheferetsi. Purity e na le lethathama le leholo la dijo bakeng sa kgolo e ntle ya ngwana.
Di-cereal tse nang le phepo tsa ha Purity, ditsebi tsa phepo ya masea
Purity e na le lethathama la di-cereal tse nang le iron bakeng sa masea, ke tse hlophisitsweng ho latela ditlhoko tsa bana le kgolo ya bona mme le tatso ya tsona ke e thabelwang ke masea. Purity e na le di-cereal tse 17 tse thumisehang ka bonolo:
E na le calcium e ngata
E se nang metswako ya ho tjhentjha mmala kapa ya maiketsetso
E na ke divitamin le dinimerale tsa bohlokwa tse nang le Vitamin A le B1, iron, phosphorus le zinc.
Cereals tse ding tsa rona tse hlano ke Gluten Free ho bolelang hore di hlophisitswe ka bokgabane ho fokotsa mathata a hore a hanana le mmele ya bana ba bang. Tse nne tsa tsona di dujwa ka metsi hobane di tswakilwe ka lebese la phofo, ha tse robedi di dujwa ka lebese leo o fepang lesea la hao ka lona.[s]
BONA SESOTHO - August 2006 77
Ya papatso
