sotho.924.yourceleb_ebony
Lelapa le mofuthu
Linah "Ebony" Ngcobo wa Muvhango le monnae ya tummeng jwalo ka yena, Ihhashi Elimhlophe ba holetse mekgorong. Empa kajeno ba na le motse o mekato e mebedi o marulelo a mafubedu o bonahalang ka morao setshwantshong. Mme Ebony o dumela hore lelapa ke yona ntho ya bohlokwa haholo bophelong
RE NA LE selemo jwale ntlong ena. Ke e rata haholo hobane ke ikutlwa ke bolokehile ha ke le ho yona. Nna le monnaka re dutse re hahlaula mme re rata hore mona re kgona ho siya bana ba le bang, re se na letswalo, re tseba hore ba bolokehile.
Hape e bulehile. Ke rata ntlo e bulehileng hobane ke rata ho dula ke ena le batho mme hangata re dutse re ena le dithuto tsa Bibele. Re ile ra e atolla hobane re na le lelapa le leholo. Ho tla nka dikgwedi tse hlano kaofela ho e lokisa hore o fihlelle boemong boo ke bo batlang. E tla ba ntle ha e se e fedile. Ke rata ho kgabisa ka diipone le mekgabiso ya Seafrika. Ke thuswa ke ho etela dinaha tse ding mme ke hlola ke rekile dintho tse ntle tsa ho kgabisa dibakeng tse kang tsa Thekong, Zimbabwe le Tanzania - ke dutse ke di qamaka hohle moo ke tsamayang.
Leha bana ba hae ba baholo Nathi (26) le Ntombi (24) ba se ba nyetswe, ba bang bona ba tsamaile feela hobane re sa ntse re lokisa ntlo, ba tla kgutla. Pelo ya ka e ne e le bohloko ha Nathi le Ntombi ba etswa lapeng, empa ka leka ho itlwaetsa ho amohela hore ba se ba hodile, ba na le balekane.
Jabu (21) le Vusiwe (20), ba ka o bolella hore ke na le melao e thata. Ke dutse ke batla ho tseba ka dinako tsohle hore na mang o kae. Leha ke rata ho dula ke ena le bana ba ka, empa ke rata phaposi ya ka ya ho robala haholo. Leha le yona e sa ntse e lokiswa, empa ke hlokomela hore le jwale ke ntse ke natefelwa ke ho phomola ho yona le monna wa ka - re le babedi feela. Seo o se bonang ho rona ka motsotso ona, ho sebelana, ho tsheha, ke tsela eo re phelang ka yona. Ke motlotlo haholo ka yena. Ke nahana hore o atlehile hantle haholo. O iketseditse lebitso mminong wa hae. Ha re kgathale ho amohela baeti kapa hona ho nka ditshwantsho. Modimo o re hlohonolofaditse ka neo ya mmino, ho bohlokwa ho e sebedisa ka tshwanelo. Re sebetsa le batho, ke bona ba re thusitseng hore re fihlelle maemong ana.[s]
Pale: Ntokozo Maseko
Ditshwantsho: Shaun Smith
RE LAPENG LE BONA
Nathi (baki e tshweu) le Ntombi (ya rwetseng tuku) ha ba sa dula le batswadi, empa Jabu (ya jesi e tala) le Vusiwe (ya kametseng moriri ka mahlong) ba tla kgabisa diphaposi tsa bona ka ho rata ha bona.
Linah o rata ho tswaka mebala e mesweu le e metsho. Ditshwantsho tsa mapolanka, sa monna le sa mosadi o di rekile Tanzania.
Linah o batla ho eketsa mekgabiso ya Seafrika ka phaposing ya hae ya ho jella.
Lelapa lena le tummeng le kgabisa ka dihopotso tsa katleho le dikgau hukung ena e ikgethang.
