sotho.91.cv
Fumana mosebetsi wa ditoro
pale ka GRACE KHUZWAYO
setshwantsho ka GREAT STOCK!
KAJENO, ke semphete-ke-o-fete ho batla mesebetsi, bahiri ba fumana makgolokgolo a dikopo tsa mesebetsi ka sekgeo ka seng seo ba se phatlalatsang. Ha ba na nako hohang ya ho bala CV tse telele tse tsamaisanang le dikopo tsa mosebetsi, ba batla tse maqephe a mabedi feela.
Sa bohlokwa ke hore CV e kgahle mahlo a mohiri di tloha feela ntle ho moo, o tla e betsetsa thoko kwana a fetele ho e nngwe.
O batla ho bona seo o ka se etsetsang khampane ya hae di tloha, ka hoo, ho bohlokwa hore o kene tabeng hore CV ya hao e tsebe ho ba kgutshwane hape e be le dintlha tsa bohlokwa tse tla etsa hore a batle ho o bona. Ha CV e ena le maqephe e ka hodimo ho a mabedi, o sa bolela boiphihlelo ba hao leqepheng la pele feela, e hlophise botjha.
BONA e buile le Lee Currie, sengodi sa buka ya CVs The New Way, e batla dikeletso tsa ka moo CV e kgutshwane le e nang le dintlha tsohle tsa bohlokwa e ka ngolwang ka teng.
Melao ya bohlokwa
n Sa bohlokwa ke hore ebe makgethe, e ngolehe ka bokgabane.
n Dinomoro tsa mohala di hlake. (Di nepahale mme o fumanehe ka dinako tsohle.)
n Ngola ka bokgutshwane boiphihlelo ba hao le maemo a hao a thuto di tloha feela e le hore mohiri a bone hore o tla tswela khampane ya hae molemo kapa tjhe.
n Bontsha hore wena o motho ya ikemisetsang ka mosebetsi hoo o sa natseng le ho thusa moo ho hlokahalang." (Bolela katleho eo o seng o e fihletse mosebetsing wa hao, mohlomong ka ho nyolla palo ya thekiso kapa ka ho hapa dikgau tse itseng.
n Di dumellane le sekgeo seo o etsang kopo ya sona. Mohlomong ha e le sa ya amohelang baeti athe wena o kile wa rekisa, beha taba ya hao ka lehlakoreng la kamohelo ya baeti.
n Ngola lengolo le lekgutshwane le felehetsang CV. Dula tabeng di tloha feela, o hlahise bokgoni le boiphihlelo ba hao, o bontshe hore sekgeo seo o ka se kwala ka bokgabane. Totobatsa sekgeo seo o etsang kopo ya sona mme o ngole le hore o se bone kae le hona neng.
n Ha ho hlokahale hore o bolele dilemo, le hore o nyetswe kapa tjhe kapa dintho tse ding tse tobaneng le botho ba hao. O ka etsa ka ho rata.
Se sa amohelehang hohang
n CV e bohlaswa e tsamaileng e lokiswa ka letsoho.
n Diphoso. (Hlahlobisisa CV mme o kope le motswalle ya nang le tsebo ya puo ho o thusa.)
n Se romele CV mmoho le ditifikeiti kapa mangolo a batho ba o tsebang ntle haeba o ne o kopilwe ho etsa jwalo. "Nkile ka fumana lengolo ka fekese le maqephe a 21 le tswa mothong ya neng a etsa kopo ya mosebetsi a leka ho nkgahlisa," ho bolela Lee. "E ne e kenyeletsa le ditifikeiti, mangolo a batho ba mo tsebang jwaloka matitjhere, baruti - le ba bang! Ke ne ke kopile hore ke romellwe CV e maqephe a mabedi feela. Yena a se ka tsotella kopo ya ka, a romela tse 21 mme hona ha etsa hore ke se ikwahlahe ha ke di lahlela moqomong wa dithole!"
n Ke phoso ho bua leshano ka boiphihlelo ba hao le ka maemo a thuto. O tla kotjwa ho netefatsa ditaba tsa hao tsa CV dipuisanong mme o tla tshwarwa ka dipuo. Hoo ho ka senya le menyetla ya hao.
n Se leke ho sebedisa menyetla. Ho romela CV ya hao bakeng sa mosebetsi o se nang boiphihlelo kapa bona bokgoni ba ona hohang ho ke ke ha o etsetsa lebitso le letle ho bahiri. [s]
Mohlala wa CV le mangolo a nkilweng bukeng ya CVs the New Way, ka Lee Currie. Buka ena e a fumaneha le ho internet. Bakeng sa ditlhalosetso tse ding, sheba ho www.cvsthenewway.co.za
BONA SESOTHO - February 2006
E o tsebisa ho mohiri wa hao wa kamoso, ka hoo etsa hore o ba le tsohle tsa bohlokwa
Ngola CV e ntle
Ha o na boiphihlelo"
Haeba o sa tswa tswa sekolong kapa kholetjhe mme o so ka o sebetsa, le wena o ka nna wa iketsetsa CV e ntle.
Mona o tla thuswa ke thuto ya hao kapa dintho tseo o neng o di etsa sekolong kapa kholetjheng. Mohlomong o ne o le moetapele wa barutwana ba bang kapa o ikgetha dipapading kapa mminong. Kapa o ne o thusa ho bokelletsa tjhelete bakeng sa leano la bana kapa o ithaopa ho ba kwetlisa dipapading.
Se lebale le ho ngola mesebetsana e meng eo o kileng wa e etsa ka mafelo a beke kapa ka nako ya diphomolo ha e le teng. O kenyeletse le ditlhalosetso tse ding ka bokgoni ba hao ba boetapele.
BONA SESOTHO - February 2006
u
t
BONA SESOTHO - February 2006
Ngola CV e ntle
Ya mahala
BONA e na le dibuka tse 10 tsa CVs The New Way tseo e fanang ka tsona. Ha o batla ho fumana monyetla, re romelle lebitso, aterese le nomoro ya mohala ya motsheare ho: BONA/CV Book Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060.
