sotho.1254.finance
Hlola mathata
NTHO yohle, ho tloha ho peterole ho ya reising e nyolohile ka mokgwa o tshosang matsatsing ana mme bongata ba rona re hula ka falese.
Hape tjhelete ya tswala ya kadimo e nyolohile ho menahantswe ka nako le motsotso feela.
Batho ba batsho bona ba mathateng a fetang le a makgowa ho ya ka moo FNB/Bureau Of Economic Research Consumer Confidence Index e di behang ka teng. Ba re ke batho ba mmalwa feela ba sa ntseng ba kgona ho reka dintho tse lefellwang nako e telele. Empa makgowa ona a bonahala a ntse a iteka, a tebela a ya pele.
Sekgahlahadi sena seo theko e nyolohang ka sona, se thefula Maafrika Borwa kaofela, ntle ho tshireletso e itseng, motho a ka iphumana dikoloto di mo ranthantse. Ha o ka tlolwa ke kgwedi feela o sa lefella mokitlane wa hao, John McGinn wa Nedbank Home Loans Division, o re seo se tla be se lekane hore o ekeletswe dikgwedi tse ding hodima tse 23 tseo o neng o tla qeta ka tsona hape o iphumane mohlomong o kolota R60 000 ditefellong tsa ntlo eo mohlomong e bitsang R200 000. Athe ha e bitsa R400 000 teng o tla lefa R120 000!
Tshireletso eo re buang ka yona ke ho rera, o tsebe ho netefatsa hore ha o ipehe maemong a mabe. Ke sena se ka o thusang:
1. Bala dipalo hantle: Netefatsa hore o tseba tjhelete eo o e kolotang le hore o tla e kgutlisa jwang; o etse lethathama la dikoloto tse ding tsa hao (jwalo ka motlakase, metsi, tjhelete ya sekolo, jwalojwalo); o boele o bale hore o reka dijo ka bokae le hore o siya bokae bakeng sa maemo a tshohanyetso.
2. Ikemisetse: "Tjhentjha mokgwa o phelang ka ona ho amohela maemo ana a matjha," ho bolela Bryan McLachlan, mookamedi wa matsete wa ha Nedbank. O eletsa ka hore: se reke dintho tseo e seng tsa bohlokwa; leka ho qeta dikoloto ka pele; mme o boloke tjhelete ka hohle ka moo o ka kgonang.
"Ho boloka leha e le e R100 kapa R200 ka kgwedi, ho ka etsa phapang e kgolo," ho bolela McLachlan. "O a sireletseha, o be le tjhelete eo o ka e sebedisang ha o hlahelwa ke mathata ao o neng o sa a lebella, o se ke wa tlameha ho adima tjhelete e tswalang."
3. Nka bohato: Ha o sa kgone ho lefa mokitlane wa hao, buisana le bao o ba kolotang. Bongata bo kgona ho o hlophisetsa kgefutso ho ya ka Mike Luyt. Hona ho bolela hore molato oo o ka emiswa ha nakwana mme o se ke wa kenyetswa tjhelete ya kotlo, e kenngwang ha o tlotswe ke kgwedi, e leng se etsang hore ba bangata ba qetelle ba se ba hloleha ho lefa melato ya bona hohang.[s]
Hlophisa leano la ho hlola mathata a ho nyoloha ha theko le ya phaello ya tjhelete...Pale ka Patricia McCracken
BONA SESOTHO July 2008
Molemo wa ho etsa matsete
Tjhelete ya tswala e boima haholo ho ba adimang matsatsing ana - mme e ntle haholo bakeng sa ba entseng matsete. Tswala e hodimo e thefutse matla a tjhelete le ho feta pele.
"Ha o fumana tswala tjheleteng ya hao ya matsete mme o sa e nke, o qetella o bile le tjhelete e ngata le ho feta eo o neng o e lebelletse," ho bolela Bryan McLachlan wa Nedbank. "Ha o ka ba le mamello feela, o tla makala ka mora nako e seng kae, matsete a tjhelete ya hao a se a le matle haholo."
Botsa
Ditsebi
KELETSO
