sotho.916.gardening
FEPA dimela tsa hao
Dimela ha di hloke metsi feela - di hloka le dijo - ha re bolele manyolo feela a tshelwang mobung
DIMELA di hloka dijo tse nang le phepo hore di dule di phetse hantle. Di fumana dijo tsa tsona mobung ka ho di monya ka methapo le ho di hula moyeng, ka mahlaku a tsona. Di hloka carbon, hydrogen le oxygen hore di tsebe ho dula di phetse hantle. Di fumana carbon moyeng, hydrogen le oxygen e fumaneha metsing.
Sena se bolela hore, ho nosetsa dimela ha se ho di fepa feela, di boetse di hloka mefuta e meng ya dijo, jwalo ka nitrogen, phosphorous le potassium. Tsena di fumaneha manyolong, empa re lokela ho a tshela le dimeleng ka botsona.
Re ka etsa sena ka ho di ritella tee e ikgethang ya ho di fepa. Dimela tse ding di ja ho tse ding. Mefuta ena ha e hola mmoho, e a thusana hore e dule e phetse hantle.[s]
Pale le ditshwantsho: Thandi Zulu
DIMELA TSE JANG HO TSE DING
Phepo
Tse jang ho tse ding
Di boetse di a fumaneha
Nitrogen
Green beans, peas, comfrey
Compost
Phosphorous
Marigolds
Compost, manure, bone-meal
Potassium
Comfrey
Compost, manure, seaweed
Sulphur
Parsley
Asparagus, avocado, broccoli, Brussels sprouts, cabbage
Boron
Beetroot
Cardboard, cabbage, dandelions, almonds, garlic, onion, parsley, pigweed, apples
Copper
Dandelions
Sunflower seeds, peanuts, mushrooms, dried plants
Iron
Dierekise
Molasses, nuts, lentils, broccoli, spinach
Magnesium
Cat's tail leaves
Potatoes, bananas, almonds, avocado, peanuts, hazelnuts
Zinc
Parsley
Chickpeas, pumpkin seeds, peas, oranges, almonds
SERAPA SA HAO
DIJO TSE METSI
Ho etsa tee ya ho tshella, o tla hloka: emere, mokotla wa lesela, thutswana ya bolelele ba 60cm - le diresepe tsena:
Tee e makala a matala
1. Tshela mahlaku a matala ka mokotleng wa lesela. (Se kenye mahlaku a ntshang metsana ha o a roba). Roba mahlaku a maholo mme o a tshele ka mokotleng. Tlama mokotla lefito.
2. O tlamelle sebakeng seo o tla leketla ka hara emere e nang le metsi a batang ho sona mme o behe moo ho phodileng. Mokotla o lokela ho dikela kaofela ka emereng ya metsi empa o se ke wa thetsa fatshe ka emereng.
3. Ka mora matsatsi a mabedi, metsi a tla be a le matalanyana. Eketse a mang mme o a tlohele moo beke kaofela.
Ho a sebedisa: Hlapolla metsi ka ho tswaka karolo e le nngwe ya ona le tse supileng tsa metsi a hlwekileng.
A loketse: Ho tshella meroho e metala e kang lettuce (haholoholo ha e qala ho ba le mahlaku a masehla).
Tee ya ho nosetsa
1. Tshela matsoho a 5 a bolokwe kapa bokuduba ka mokotleng wa lesela. Borokolwana ba dikgoho bona bo tshelwa hanyenyane hobane bo loile haholo. O ka nna wa kopa bolokwe bona ho ba mokgatlo wa SPCA e haufi le sebaka sa heno.
2. Tlamella mokotla ona hore o leketlele ka emereng ya metsi, (o se thetse fatshe).
3. E boloke moriting beke.
Ho nosetsa: Bakeng sa peo, kopanya karolo e le nngwe ya manyolo le dikarolo tse 12 tsa metsi ana. Bakeng sa dimela tse kgolwanyane, kopaya karolo e le nngwe ya metsi le tse supileng tsa metsi ana.
E loketse: Meroho e mahlaku a matala.
Tonic ya dimela
1. O tla hloka sejana se senyenyane, jeke ya polastiki e nang le sekwaelo. Tshela mahlaku a sefate sa ditholwana - a diperekise, diapolekose, diapole kapa litch, ke tsona tse molemo haholo.
2. Tshela metsi a lekanang le molasses (eo o ka e reka mabenkeleng a maholo ha o dula mahaeng kapa dikhemesing). O tla etsa dikarolo tse tharo - metsi, motswako o inetsweng mahlaku le molasses.
3. E boloke sebakeng se phodileng matsatsi a mararo.
Ho nosetsa: Tshela kgabana ya motswako ona ka hara litara ya metsi mme o nosetse ka yona hang ka beke, o tjhentjhe jwalo o nosetse hang ka beke tse pedi, kapa ka nako eo di hlokang ho tsoseletswa.
E loketse: Dimela tsohle tseo o batlang di dule di phetse hantle.
Beetroot "e fepa" dijalo tse ding ka boron, e hlokahalang hore di hole di phetse.
Marigolds ke mohlodi o motle wa phosphorus, e hodisang dimela ka pele.
