sotho.905.mandela
pale le ditshwantsho ka DAVID MACGREGOR/@LIVEWIRE
Mmino wa dilemo
Mmino wa badimo
O kgothaditswe ke ntataemoholo ya tummeng mme Tandile Mandela o beha letsoho mohomeng ho bolokeng mmino wa setso o phela
HAESALE ho tloha kgale, Tandile Mandela ya dilemo di 31, a lakatsa ho ba sebini. Kajeno toro ena ya hae e phethahala ka tsela eo a neng a sa e lebella.
Ka 2004, o ne a qape pina e reng, Halala Madiba, a neng a e bine mane Qunu moketeng moo ntataemoholo Madiba a neng a qeta dilemo tse 85 a eja mabele. O ne a bine le uhadi, eo e leng pina ya setso sa Maxhosa eo ka yona a neng a thoholetsa mokaubere ona. Tsena ke tsona diketsahalo tse mo hopotsang bongwaneng ba hae.
"Madiba o ne a dutse moo a mametse ka pososelo. O ne a le motlotlo hoo ho neng ho keleketle dikeledi marameng a hae," ho rialo Tandile. Hape o ne a bine le phupung ya mora wa Madiba, Makgatho.
Haeba e ne e se ka lebaka la tshusumetso ya Madiba, Tandile e ka be e le sebini se seholo sa jazz ho ena le ho bina mmino wa setso sa Seafrika.
O ne a ithute jazz Thekong, a ithuta mmino wa setso kwana Kapa. Ngwanana enwa ya nang le boiphihlelo ba ho bina le boqapi, ha jwale o mane yunivesithing ya Fort Hare moo Madiba a ithutileng ho yona mme teng ha jwale o etsa maemo a bongaka mminong mme hape o boele a rute letlobo lena le letjha ho letsa diletsa tsa Seafrika.
E ne e re nakwana a fihlile moo yunivesithing, Tandile o ne a thehe sehlopha sa Orchestra ya setso se neng se bine Artscape Theatre moketeng o neng o bitswa Guardian Of The Flame ka Tshitwe ngwahola. O ne a letsa diletsa tsa setso sa Sexhosa mmoho le Sezulu tse kang lenaka, uhadi, e letswang ke basadi nakong eo ba etsang ditshomo mmoho le umrhubhe, o letswang ke banana ha ba ilo rwalla kapa ba eya sedibeng.
MADIBA ke kgaitsedi ya nkgonwa Tandile, ka bokgutshwane, a ka mmitsa malomae, empa yena o mmitsa "ntataemoholo" mme hape o rata bohlale le dikeletso tsa hae.
"Ke ne ke sa tsebe hore ke tswalana le Madiba," ke yena eo. "O dutse a na le ditabatabelo tse pele ka ditloholo tsohle tsa hae mme o dutse a re kgothaletsa ho etsa tse pele. Ke motho ya ikgethang bophelong ba ka mme ke mo rata haholo." Tandile o holetse Mthatha. "Ke hotse ka mmino wa Seafrika. Mme o ne a dutse a bina ha re ne re dutse ifo," ke yena eo a hopola tsa kgale.
"Eitse ha ke ntse ke hola, ka qala ho rata jazz mme ka ba ka qala ho ithuta saxophone, empa kajeno ke rata mmino wa setso haholo." O hopola ka selemo sa 1996, ha a ne a susumetsa Madiba hore a mo tshehetse torong ya hae ya ho ba sebini leha a ne a fumane letshwao la "E" ho materiki.
"O ne a batla ke phete materiki hore ke tle ke kgone ho fumana matshwao a matle e le hore ke tle ke kgone ho ithutela degree ya mmino. Empa nna ke ne ke na le o mong mohopolo. "Ke ne ke batla ho tswa Mthata, ke ne ke bue leshano ho yena ka re ke fumane letshwao B mme ka bolela hore ke ne ke se ke bile ke amohetswe Natal Technikon."
KA mora ho ithuta saxophone le keyboard dilemo tse nne, Tandile a fumana diploma ya hae mme jwale o ne a se a ipolella hore o se a tla qala ho sebetsa. O ne a bontshe ntataemoholo diploma eo ya hae mme a kopa hore a mo thuse, empa a swaba hobane Madiba o ne a na le o mong mohopolo.
"O ne a re ke yo etsa degree ya mmino UCT. "Ka mora degree a re ke tswelepele ke etse honours eo ke neng ke e pase ka dinaledi. Ka mora moo a re ke tswelepele le masters," ke yena a ntse a tsheha.
Lerato la mmino wa setso le mo fihletse nakong eo a neng a le moo UCT. Leratong leo la hae o ne a tshehetswe ke titjhere ya hae Dizu Plaatjies, wa sehlopha sa Amampondo.
Tandile o bolela hore jwalo ka ha a se a tla phethela bongaka ba hae mminong, Madiba o se a ntse a mo kgothaletsa ho kena maemong a boprofesara.
"Kaofela ditloholo tsa hae tse dikolong, ha ho fela selemo, di leba Qunu ho ya bontsha Madiba sephetho sa tsona. O bolela hore motho ya fumaneng matshwao a ka tlase ho 75 lekgolong o tshwana le ya feitseng.
"O batla re tswepele, mme ha re sa sebetse hantle, o a re omanya."
HO bapala ha hae orchestra e dikarolo di 25 mane Robben Island ho ne ho nehe Tandile boiphihlelo bo boholo.
"E ne e le lekgetlo la pele ke kena sehlekehlekeng seo mme ke ne ke bone le moo ho neng ho kwaletswe Madiba le tse ding dintho tseo tse ding tsa tsona di sa kang tsa ntshwara hantle.
"E ne e re ha ke bona maima le mathata ao ntatemoholo a fetileng ho ona, ka nka kano hore nke se tjhetjhelle morao. Orchestra eo e ne e tswe pele mme ya ba tlotla e feletseng ho Madiba."
Tandile o bolela hore melodi ya Seafrika e utlwahala ha monate ho ena le mmino wa jazz le classic oo a neng a o rata pele. "Ke rata mmino wa setso, hobane ha o hloke diletsa tse pele kapa ona motlakase.
"O ka thonaka leha e le eng feela moferong kapa sekgweng mme wa etsa seletsa se ka etsang modumo o monate ditsebeng tsa badimo ba heno." [s]
@LiveWire
BONA SESOTHO - May 2007
KA THOKO HO LE LETSHEHADI: Tandile Mandela o kenya seletsa se setjha-tjha mminong ona wa setso.
LE LETSHEHADI: Madiba ke malome wa Tandile empa o kgetha ho mo bitsa ntataemoholo.
KA HODIMO: Tandile le orchestra ya hae.
BONA SESOTHO - May 2007
