sotho.904.kids
BONA SESOTHO - September 2007
Ke mang ya tlamehang ho nyatswa" Setjhaba" Batswadi" Difilimi tse morusu" Kapa karabo e hlile e thatanyana - hoo e bileng e tshosang ka moo re nahanang" Sa bohlokwa ke hore ke eng e ka etswang baneng bana"
MAHARENG a selemo sena, e leng ka Phupjane, bana ba babedi ya dilemo di supileng le ya dilemo di 12, ba ne ba qosetswe ho bolaya Wilfred Kriel ya dilemo di robedi. Ho ke se bolelwe hore e ne e le kotsi, kapa "papadi e bohlaswa" jwalo ka ha Kriel a ne a fumanwe a tletse maqeba mmeleng, a bile a tlanngwe le maoto.
Mohla 12 Hlakola, 1993 mane Liverpool, ho la Englane, Robert Thompson le Jon Venables, ka bobedi ba neng ba le dilemo di leshome, ba ne ba kwetele James Bulger ya neng a le dilemo di pedi feela lethathameng le leng la mabenkele. Setopo sa ngwana eo se ne se fumanwe seporong sa terene, terene e se e se pomme koto tse pedi. O ne a le maqeba hloohong, a tlotsitswe ka pente mmeleng a bile a tlositswe le dinama tsena tse kwahetseng mahlo. Nyeweng ya bona, Thompson le Venables ba ne ba bolele hore ba ne ba lematse James hobane o ne a dutse a hlobahetse, a sa "batle ho robala."
Jesse Pomeroy wa mane Amerika, o ne a le dilemo di 11 ha a ne a hlokofatswa a bile a hlekefetswa le ka thobalano ke bashemane ba supileng kaofela. Yena moetsuwa enwa, ka mora dilemo tse tharo, le yena o ne a bolaye ngwana ya dilemo di nne. O ne a ahlolwe ka ho iswa sekolong sa tsoseletso ya semelo, empa a phakisa a lokollwa. Ka mora moo, o ne a bolaye ngwanana e mong ya dilemo di leshome ya neng a tlile lebenkeleng la habo.
Ka mora moo, o ne a kgaole ngwana ya dilemo di nne hlooho.
Mary Bell, le yena o ne a le dilemo di nne feela ha a ne a bolaya Martin Brown ya neng a le dilemo di nne. Mary o ne a bitswe lepatong la phofu ya hae, a bontshwa "setopo seo ka lebokoseng." Dikgweding tse pedi ka mora moo, a bolaya Brian Howe ya neng a le dilemo di tharo, ka ho mo kgama, a mo kgaola maoto le hona ho mo buwa ka lehare ka sekere...
Tse tshosang
Ha bana ba bolaya, setjhaba se ba matswalong. Bongata bo nyatsa difilimi le mananeo a na a TV a merusu. Empa he dintho ha di bobebe hakalo.
Jesse Pomeroy o ne a phela dilemong tsa 1870 - pele ho difilimi le TV. Mary Bell dilemong tsa 1960 mananeo a mofuta ona a ne a so be teng.
"Ha o se na maikemisetso a ho bolaya, filimi e ke se o susumetse ho etsa jwalo," ao ke mantswe a ngaka e nngwe.
Ba bang ba bolela hore bana ba bolayang ke ba tswetsweng le hona, ba nang le moya wa diabolosi!
Empa potso ke hore "Hobaneng ba etsa jwalo""
Morusu
Ha ho motho ya tswalwang a le morusu. Malapa le maemo a bophelo ke tsona tse etsang hore bana ba qetelle ba bolaile kapa hona ho etsa bona bonokwane," ho rialo Mike Earl-Taylor eo e leng ngaka ya kelello e nang le boiphihlelo dipolaong tse etswang ke bana mane Yunivesithing ya Rhodes.
Jwalo ka ha ho hlahelle hore ena ke "kobo-anela" lefatsheng ka bophara, ho a hlaka hore a mane mabaka a susumeletsang bana bonokwaneng bona.
La pele ke hobane ke mahlatsipa a tlhekefetso ya mmele, thobalano kapa hona ho se hlokomelwe. Ba e ba bone ha batswadi ba hlekefetsana, ntate a hlekefetsa mme.
Ana ke maikutlo a ditsebi lefatsheng ka bophara.
"Re makatswa ke eng ha ngwana ya sa fumanang kgalemo, kgudiso e ntle le tlhokomelo e ikgethang, a bolaya ka lonya, a bile a sa ikwahlaye"" ho botsa ngaka e nngwe.
"Empa ke na le bonnete hore ho na le ba bang ba hotseng mathateng ao empa ba sa bolayeng. Ha ho ntho e monate ngwaneng ho feta lerato la batswadi.
"Ha ba le fumane, le bona ba kgona ho le fetisetsa ho ba bang."
Ho amohelehile
Maqulwana ona a nka morusu e le ntho e amohelehileng.
"Bana ba baka merusu hobane ba bona batho ba etsa jwalo le bona," ho rialo Arina Smit, mosebeletsi wa tsa thekolohelo wa National Institute For Crime Prevention And The Reintegration Of Offenders (Nicro).
E nngwe ntho e kenyang bana bonokwaneng, batho bana ba ba sebedisang, ba ba rome ho etsa bonokwane ba be ba bolaye mme ba qetelle ba tshwerwe kapa ba bolawe," ho bolela Dr Nirmala Gopaul ho tswa Yunivesithing ya KwaZulu-Natal.
Ho sebediswa ha bona dinthong tse kang boshodu, ho thubeng matlo esitana le ho utsweng dikoloi ho etsa bana bana ba kene ka sheshe bonokwaneng.
Empa he ho thweng ka ho bolaya hona ha bona ho sehloho"
Tse fetisisang
Mona re bua ka morusu o tshabehang.
Babolai ba Jamie Bulger, Robert Thompson le Jon Venables ba ne ba tswa malapeng a morusu, ha Thompson yena a ne a hlekefetswa.
Mary Bell yena o ne a tswa lapeng le futsanehileng naheng e neng e tletse bonokwane, batho ba sa sebetse, ba tahwa haholo mane Brithani," ho bolela Gitta Sereny ho Cries Unheard.
Mmae e ne e le seotswa. Ha Mary a ne a le dilemo di nne, mmae o ne a mo sebedisetsa ho etsa thobalano.
Criminologist e tsebisahalang, Prof Katherine Ramsland o boletse hore ba bangata bana ba holang ba phatsamisehile kelellong.
Motho ya nang le mathata a mofuta ona, ha a be le kutlwelo bohloko athe hape ha a ikwahlaye le ho ikwahlaya ka diketso tsa hae.
Ba tsamaya ba hlekefetsa batho feela tjena jwalo ka dintho tse sa utlweng bohloko.
Re e re nahane hore ke batho ba baholo ba hlokang kutlwelo bohloko, athe ha ho jwalo.
Babolai bana ba phetellang, ba qala ka mokgwa ona, ba hole ba hlekefetsa diphoofolo, ba senyetsa batho, ba be ba bolaye. Ha se bona bohle bana ba mofuta ona ba holang e be babolai ba phetella, empa leha ba sa qetelle moo, ba hola ba le kotsi setjhabeng.
Ba ba lonya haholo. Ha ba mamele, ba dutse ba kgalemelwa athe hape ha ba bontshe le lerato la letho diphofung tsa bona. Ba etsa dintho ka bohlale jwalo ka batho ba baholo.
Tjhankana
Empa he ha re tla tabeng ya bana ba etsang bonokwane bo matla jwalo ka ho beta. Potso ke hore re etsang ka bana ba jwalo"
Dr Gopaul o bolela hore leano la mmuso tabeng ya bana ba etsang bonokwane, le a tswana ho bohle.
Joan van Niekerk, molaodi wa Childline, o a dumela hore ha ho letho le le kalo leo ba le etsang kgahlano le bana bana ba tlolang molao.
Ba tlameha ho kwallwa. "Ha bana ba kwallwang, ba sa le banyane, ba tla baka mekgweng e mebe mme ba hole e le mehlala e metle dinokwaneng tsena tsa batho ba baholo," ho rialo Earl-Taylor.
Hape bana bana ba tokileng, ba a sala dithutong tsa bona - o hopole hore thuto ke sona sebetsa sa bonokwane.
Sebokeng se neng se tshwaretswe Tshwane se mabapi le toka baneng, se neng se eteletswe pele ke United Nations Committee On The Rights Of The Child (Uncroc), modulasetulo wa yona, Professor Jaap Doek, o ne a re bana bona ba tlameha ho tshwarwa jwalo ka dinokwane tse ding.
"Ho na le menyetla ya hore bana bona ba se bolokwe ditjhankaneng tse tlwaelehileng, ba kgutlisetswe setjhabeng kapa malapeng a bo bona kapa ba be le mananeo a ikgethang," ho hlalosa yena.
Ha re etsa mohlala, ba bolokwa "matlong a bolokehileng," moo ba tlang ho thojwa maikutlo ke basebeletsi ba rupeletsweng dinthong tse kang tsoseletso ya boitshepo," ho bolela yena Earl-Taylor.
Nicro e bolela ha ka mananeo a na a yona, e leka ho ba le mokgwa o mokgelo ya ho tobana le bana bana ba kenang bonokwaneng."
"Ngwana o kengwa leanong le tla mo etsa a kgone ho ikarabela ka diketso tsa hae," ho hlalosa Deon Ruiters wa ha Nicro.
Ba amohelwa lenaneong lena ha ba dumela hore diketso tsa bona di mpe mme hape ba ikwahlaya ka tsona. Ka mananeo a na, ho lekwa ho ntjhafatsa bokgoni ba bana le hore ba kgone ho ikarabela ka diketso tsa bona, ba ntjhafatse maphelo a bona.
Kopano ya malapa, e neha senokwane le lehlatsipa monyetla wa hore ba buisane ka bonokwane - sesosa le sephetho sa bona.
Tshepo
"Ho sa natsehe hore na bana ba entse eng kapa diketso tsa bona ke tsa mofuta ofe, ngwana o na le tokelo ya ho tshwarwa jwalo ka ngwana," ho rialo Yvonne Mokgoro eo e leng moahlodi lekgotleng la molaotheo. Nahana ka Mary Bell ya neng a bolaye bana ba babedi dilemong tsa bo 1960. O ne a lokollwe ka bo 1980 mme ya ba hona a qalang ho hlokomela le hona ho bona hore diketso tsa hae di ne di le mpe, di sa loka.
Kajeno e se e le mme leha ho le boima ho boela bophelong
bo tlwaelehileng, empa ke setho se nang le boikarabelo
sa setjhaba, se mamelang molao.
Nicro e bolela ha e atleha ka 98 lekgolong leanong la yona mona Afrika Borwa jwalo ka ha
e le ngwana a le mong ho ba 45 ya boelang a boele bonokwaneng.
Nnete ke hore tshepo e kgolo ka bana bana ba kenang bonokwaneng hore ba tla
baka! [s]
u
Bana ba bolayang
BONA SESOTHO - September 2007
BONA e a fuputsa
t
BONA SESOTHO - September 2007
'Ho sa kgathallehe hore bana ba diketso di jwang, ba na le tokelo ya ho tshwarwa jwalo ka bana bohle'
BONA SESOTHO - September 2007
