sotho.900.parenting
BONA SESOTHO - May 2008
SELEMONG sa pele sa bophelo ba lesea, ho ba le diphetoho letsatsi le letsatsi. Le a bososela, le etse lerata le sa feleng le batle ho tsotellwa, le robale ha ho rata lona, le tefe ha le medisa...
Ke nako e boima ho batswadi ba bangata empa pele ho nako e kae, lesea le tla be le keteka selemo sa lona sa pele sa tswalo le matha le bana ba bang.
Ke tsena tse ding tsa diphetoho tseo o ka di lebellang...
Ha dikgwedi
di le 12
Ho kgasa le ho ritsa.
Ho itshwareletsa ka fenetjhara ha a tsamaya.
Ho ithuta ho dula ka boyena.
Ho ikemela.
Ho tsoha a dule ka boyena.
Ho nwa ka kopi.
Ho opa matsoho le ho fonanisa ka letsoho.
Ho nka dintho tse nyenyane ka menwana.
Ho o supisa dintho kapa ho o hula hore o tlo bona ho hong.
Ha dikgwedi
di le 15
A kgase a nyoloha ditepising mme a di theohe a tjhetjha.
A itsamaele ka boyena a hatela hodimo.
A behe setene hodima se seng, a etsisa motho e mong.
A kgone ho bona dintho tseo a di tlwaetseng.
A tsebe ho bitsa mantswe a mmalwa.
Ha dikgwedi di le 18
A itsamaele a takaladitse.
A tsebe ho ema a tsitse.
A tsebe ho nyolosa a theosa ditepising ha a tataiswa.
A hule a suthumetse dintho tse kgolo tsa ho bapala.
A hlwelle a theohe disofeng.
Ha dilemo di le pedi
O tla be se a tseba ho bua mme a bitsa mantswe a matjha letsatsi le letsatsi.
A tsebe ho tsamaya ka ditsetsekwane.
A tseba ho qhoma.
A tseba ho itentsha le ho itlhobodisa.
A tseba ho tshwara dintho tse nyenyane mme a leke ho di tshwantsha nako le nako - jwalo ka ho hloma maphekese kapa ho loha difaha tse tenya.
A tsebe ho tshwara kerayone hantle mme a rate le ho rala.
Ha a le dilemo di tharo
O qala ho bua haholo mme a tsebe mantswe a mangata. Bana ba bang ba tseba mantswe a fihlellang ho a 1 000.
A tsebe ho ema ke leoto le le leng nakwana.
A tsebe ho nyoloha ditepising hantle jwalo ka batho ba baholo.
A palame baesekele ya bana.
A qhwaele dikonopo le zip.
A bapale ka ditene tsa dipolasitiki ho etsa dibopeho.
A tsebe ho seha ka sekere sa bana.
Dilemong tse hlano
O tseba ho itheohela ditepising a potlaka jwalo ka motho e moholo.
O tseba ho raha bolo.
O tseba ho tsamaya ka kopi a sa qhale.
O tseba ho iketsetsa dintho tse ding, jwalo ka ho hlapa matsoho, ho phutha tafoleng le ho mena diaparo.
Dilemong tse hlano
O tseba ho tsamaya hantle jwale.
A ka tsamaya le hodima mola.
A ka hlwella hodima fenetjhara, a palame baesekele le dinthong tse ding tsa ho bapala.
A rate dintho tsa ho bapala tse batlang motho a nahane ka thata jwalo ka tseo ho ahwang dibopeho tse itseng ka tsona.
Dilemong tse tsheletseng
O a hola a be molelele mme a be matla.
A tsebe ho sebedisa ditho tsohle tsa mmele wa hae.
Dilemong tse robedi
A be molelele mme a none hape a be matla.
A sebedise ditho tsohle tsa mmele wa hae.
A kgone ho qhoma le ho matha ka lebelo.
Bokgoni ba ho sebedisa mmele wa hae ka botlalo bo ntlafale.
A tsebe ho sebedisa ditho tsa mmele wa hae ka ho feletseng.
Kelello jwale e fihlella ho 90% ha e lekangwa le ya motho e moholo.
Dilemo tse robong ho ya ho tse 10
Banana ba qala ho hola ka matla, ba be matla mme ba be dihlong.
Ba qale ho itlhokomela jwale, ba tsebe ditho tsohle tsa mmele ya bona.
A tsebe ho sebedisa ditho le mesifa ya mmele ka botlalo le ka bonolo.
A kgone ho iketsetsa dintho tse ngata ka bonolo.
Dilemo tse 11
Banana ba atisa ho ba balelele, ba be batenya ho feta bashanyana.
Bashanyana le bona ba qale ho nka tshobotsi ya bonna.
Bokgoni ba ho sebedisa mmele bo ntlafale haholo.
Ba tsebe ho sebedisa mesifa e fapaneng ka bonolo.
Ba tswelepele ho ntlafatsa bokgoni ba bona ba sebedisa ditho tsa mmele le mesifa ka bonolo le ka matla.
Diphetoho bophelong ba ngwana
Ka mora selemo, lesea le ebe le se le hodile. Ho ya dilemong tse 10, ho tla ba le diphetoho tse ngata tse kgolo bophelong ba lona tseo o tla lokela ho di beha leihlo hore o bone kgolo ya hae. Eba le rona ha re shebisisa kgolo ya ngwana
NA O NE O TSEBA?
O ka bala bolelele boo ngwana a tlang ho ba bona ha a se a hodile ka ho kopanya ba ntatae le ba mmae (ka disentimitara). O arole ka pedi mme o kopanye le 7cm ha e le moshanyana kapa o bolaye 7cm ha e le ngwanana.
BOTSWADI
BONA SESOTHO - May 2008
u
t
Letshollo maseeng
Ke eng?
Ha lesea le ithoma mantle a metsi kgafetsa le hona ebile e ka a na le maminanyana.
Le bakelwa keng?
Hangata le bakelwa ke tshwaetso ka maleng. Letshollo le seng matla haholo le ka nna la bakelwa ke ho se utlwane ha lesea le dijo tse ding tse itseng mohlomong le mathata a mang ao le nang le ona ka maleng.
O ka lebella eng
Sa bohlokwa haholo ke hore lesea le se fellwe ke metsi mmeleng ka hore le ntshe metsi a mangata ho feta ao le a nwang. Bana haholoholo masea, ba lokela ho behwa leihlo ka thata hobane ba ka fellwa ke metsi mmeleng ka pele haholo le hona ka bonolo. Ha ho hlokahala ikopanye le ngaka.
O ka etsa jwang
Nwesa ngwana dino mme o fokotse dijo tse thata tseo o mo fang tsona. Dino di busetsa metsi a tswileng le letshollo. Leka ho mo nwesa hanyenyane kgafetsa, bakeng sa ho mo nwesa haholo ka nako e le nngwe.
HOPOLA!
Ha letshollo le sa fela dihoreng tse 24, buisana le mooki kapa ngaka hanghang.
BONA SESOTHO - May 2008
Dino tsa maiketsetso tse matlafatsang
1. Bedisa litara ya metsi mme o a fodise.
2. Tshela halofo ya kgabana ya letswai le tse robedi tsa tswekere o fuduwe.
3. Masea a nweswe jwalo dihoreng tse ding le tse ding tse pedi ho ya borarong.
u
t
Mokotla wa maleiri o ka o kgethang
Mokotla o nepahetseng wa maleiri ke matsete a matle a tjhelete, o ka nolofatsa bophelo ba hao. Ke tsena dintlha tsa bohlokwa tseo o ka di shebisisang...
? Sebopeho: O petjwang kapa o jwarwang - kgetha o tla dumellana le wena. O petjwang o dula hantle ka mahetleng? O jarwang ha o be boima hoo o salang o opelwa ke mahletla?
? O tla tshelang: Tseba tseo o tla di tshela ka mokotleng mme o bone hore o fela o lekane kapa tjhe.
? Karolo ya waterproof: Motswetse ka mong o tlameha ho tsamaya le yona. Ha se bohlale ho kenya maleiri a hlwekileng le diaparo feela ho se sebaka sa a sebeditseng.
? Dipokotho: Di lokela ho siyana ka boholo.
? Dipokotho tse ding: Ho na le tse bolokang dijo tse tjhesang di futhumetse, tse batang di bata. Di bohlokwa bakeng sa dibotlolo tsa lesea.
? Tsa motswetse: Se lebale sebaka sa ho kenya mokotla wa tjhelete, mohala, dinotlolo, le tse ding tsa hao tsa bohlokwa.
? Boleng: O tla o sebedisa nakwana mme ho bohlokwa ho reka wa boleng empa o theko e ntle.
O NE O TSEBA?
Boholo ba hlooho ya lesea le lenyenyane e ba 25% ya mmele wa lona, e leng seo e reng ha o se nahanisisa hantle o fumane hore e batla e lekana le mmele ohle wa lona.
KELETSO
Ke ena keletso ya bohlokwa ya batswetse ba itsibulang, ba seng ba sa bo hlothe ke ngwana ha ho bata.
Ha lesea le hlobaela ntle ho mabaka, mohlomong le hatsela hlooho hobane e sa kgurumetswa. Katiba e bobejana e ka thusa hore le futhumale... mme le robale ha monate bosiu kaofela.
BONA SESOTHO - May 2008
12 dikeletso tsa ho fedisa ho nyekelwa ke pelo ha baimana
Tse ka o thusang le hona ka pele...
1 Hoseng, qala ka ho ja sengwathwana sa bohobe bo ommeng kapa biskiti e thata.
2 Motsheare eja dijo tse nyenyane, ho feta ho ja hararo ka letsatsi.
3 Enwa dino tse ngata.
4 Enwa lebese.
5 Enwa dino tse etsang makweba.
6 Phema dijo tse mafura tse se nang phepo, o ka leka ditapole tse bakilweng kapa pasta.
7 Robala haholo.
8 Ha o hlolwa ke lephoka la dijo tse phehilweng, kopa e mong ho o phehela.
9 Phema dijo tse nang le dinoko le tse hadikilweng.
10 Momona pompong e nang le glucose.
Bra Force o re...
Ha o tsoha o kgathetse o bile o ena le modikwadikwane, enwa kotara ya metsi a fofo a nang le halofo ya kgabana ya meriana e bitswang ugobho le umdabu.
Kalafo e nngwe ke kotara ya kgabana ya meriana e bitswang umdabu le mhlonyane le kgabana e le nngwe ya mahe a dinotsi kgalaseng ya metsi a tjhesang. O habole ka kgaba o sa ntse o tjhesa.[s]
