sotho.892.our world
MEHALADITWE
MISS SOWETO 2008
E ne e le nako hape ya hore raditshwantsho wa rona Molefi Sebatie a re nkele ditshwantsho...
Mmabotle Rochell Motapho, le ba molatetseng Dorah Mthethwa le Mbali Malekane.
FILIMI
Ho hapile kgau ya RAPS!
Kopana le Hoodlum Of Hillbrow
Rapulana o se a hapile kgau ya ho ba sebapadi se pele ka karolo ya Lucky a e bapalang filiming ya Jerusalema.
BONA SESOTHO October 2008
Ho TV, Rapulana Seiphemo ke rakgwebo ya atlehileng, difiliming ke monna o sele - o ka mmona filiming ya Hijack Stories morao tjena o ka mmona ho, Jerusalema, moo a bapalang karolo ya Lucky ya tsebisahalang ka Hoodlum Of Hillbrow.
Jerusalema, ke filimi e ratwang eo ho lwanwang ho yona e seng e kile ya hapa kgau ya Audience Choice moketeng wa Durban International Film mme Rapulana yena o ne a hape kgau ya Raps e leng ya sebapadi se pele.
Lucky ke moshemane ya holetseng Soweto a na le takatso ya ho ya yunivesithing. Empa e ne e re hoba a hlolehe ho fumana tjhelete ya ho ithuta, o ne a kene bonokwaneng e le hore a tle a kgone ho fepa lelapa la habo.
O ne a qale a utswa dikoloi, empa a qetella e se e le senokwane se tsejwang hohle moo Hillbrow. Leha a ne a lakatsa ho tswa bonokwaneng, empa ho ne ho le thata...
Patricia McCracken
FATSHE LA RONA
Ba kgabile ka diaparo tsa ka hare.
Tshedi le Bongani ba Malaika.
Bommabotle ba bontshwa letshwele.
DINALEDI
E TSWA PELE
Lebitso la hae ke Evelyn Nteso, empa yena o rata ho bitswa "Evh'a" mme o ka mo fumana lenaneong la Siyadlala ho SABC 2 ka Moqebelo ka 2.30pm.
Phila Mazibuko ya hlahetseng KZN, o sa tswa ikamahanya le SABC 1 jwalo ka e mong wa dibohodi tsa Live le kenang ka Labohlano bosiu ka 9pm. Yena o tlwaetse ho hasa a le meketjaneng.
Ho bontsha ka feshene e ntjha e ne e le karolo ya mosebetsi wa bo mmabotle.
BONA SESOTHO October 2008
Monwabisi Bangiwe ke "radineo," ke mohokahanyi hape ke yena ya rutang ho tjeka sehlopheng se tsebisahalang lefatsheng ka bophara, De Beers Kimberley Field Band, o boetse hape ke setjeki se pele ho The Lion King eo ha jwale e etetseng Brazil le Italy.
HOBANENG DENIM
MONA LE MANE
"Setaele ke boiteko," ho rialo Noeleen Maholwana-Sangqu eo e leng sebohodi. "O ka ho tseba ka ho ithuta le ka ho itseba - se ka ithapisa!" Busi Motlhasedi wa ha BONA (le letona) o lebohela Noeleen ka setaele sa hae.
Sebapadi, sebohodi le MC wa letsatsi, Tumisho Masha o ne a lebohuwa ke beng ba mokete, Busisiwe Motlhasedi wa BONA, ya kgothaletsang leano la Dream Big, Jenna Clifford le ausia Tumisho, Lesedi.
MMINO
BONA SESOTHO October 2008
Sehlopha sa mmino Denim e thabetse ho ntsha CD e ntjha - Molefi Sebatie o re nketse ditshwantsho...
'Basadi ba ka tshwara tau ka ditlena!'
Mebala ya letsatsi la mokete wa Letsatsi la Basadi e ne e le o mopinki le o perese. Tsatsing leo, ba ha Motorola ba ne ba phatlalatse mohala wa bona o motjha Motora U9 mme sebui sa letsatsi e ne e le seakanyi sa mabenyane Jenna Clifford ya eteletseng pele leano la Dream Big. Mosadi enwa o ile a eletsa basadi hore ba be le boikarabelo dinthong tsa bohlokwa bophelong ba bona.
Ke tsena tse ding tsa dikeletso tsa jwalo ka makgwebo:
Itshepe jwalo ka mosadi, o se tshabe ho re tjhe..
Ha o le mosadi, e ba le lerato dinthong tsohle tseo o di etsang, le kgwebong ka sebele.
Se leke o itshwantshe le banna hobane seo o ke ke wa se fihlela.
Itlhabe malotsana ka ho bala dibuka.
Rata seo o se etsang.
Se ka etsa dintho tse ngata ka nako e le nngwe - etsa ntho e le nngwe ka nako e le nngwe.
Eba le nako e feletseng ho sohle seo o se etsang.
Tsitsisa dintho bophelong.
Etsa ntho e le nngwe ka nako mme o tla atleha ho tsohle.
Itshepe ka hore o lebale ka menahano e sa kgothatseng.
Fetola mawa o nahane ka e nngwe tsela.
Ipapise le batho nahanang jwalo ka wena mme hape o mamele le mananeo a kgothatso.
Neliswa Mzimba
Rosie Motene ha a dumellane le ho hulelana fatshe ha basadi. "Ke nako ya hore basadi ba tshehetsane," ke yena hape. Mona o mmona le Busisiwe Motlhasedi le Neliswa Mzimba, ka bobedi ba tswa ha BONA.
Denim e thabisa letshwele.
NALANE YA BOPHELO
Robala ka kgotso,
Isaac Hayes
RE ile ra lla ka ho hlokahala ha Isaac Hayes mohla la 10 Phato selemong sena. Seabo sa hae mminong wa maikutlo se ke ke sa lekangwa le letho. Ke bua ka dialbamo tse kang Hot Buttered Soul (1969) le Black Moses (1971) tseo ba bangata ba nang le tsona pokeletsong ya mmino wa bona. Re bua le ka Shaft, e sebediswang difiliming tse ngata.
Hayes o ne a hape Academy Award ya Best Original Song ka Shaft, mme e ne e be Moamerika wa pele wa motho e motsho ho hapa kgau ya Oscar America karolong eo e seng ya difilimi.
Re sa bua ka difilimi tjena, Hayes o hlahella difiliming le mananeong a mangata a TV mme o na le balatedi ba bangata karolong ya "Chef" eo a e bapalang ho South Park.
RADIO
KE SEBOHODI
Nathi Nice o nkile phephetso e ntjha
KOPANA le Nkosinathi Ntuli (25), ke sebohodi sa puo ya Setebele ho SABC 1 mme jwale ke sebohodi le ho Ikwekwezi FM.
Nkosinathi, kapa "Nathi Nice", jwalo ka ha ba mmitsa, o hlahetse motsaneng wa Kameelrivier, haufi le Siyabuswa, Mpumalanga. O ne a qale ho SABC 1 ka 2006 mme ha jwale o kena ka 4-11pm hara beke ka mafelo a beke o hlaha metsotswana feela, empa a qabole ka metlae ya hae.
Ka Mmesa monongwaha, o kene ho Ikwekwezi FM mme o nehilwe lenaneo la hoseng pakeng tsa 7-9 le bitswang
Wasala Wena.
Lenaneo lena o le kganna jwalo ka ha e ka kgale a le kganna.
"Ke rata ho sebetsa ka thata nako le nako ha ke le moyeng. Seo ke se ratang haholo radiong, ke hore ke kgona ho buisana le bamamedi," ke yena eo
Warren Mabona
Hayes, ya neng a hlahele Tennessee, mohla la 20 Phato, 1942, o ne a ithute ka boyena ho bapala piano, Hammond organ, flute le saxophone.
MMINO
Re qhanolotse le Siyabonga
O ne o tla etsang ha o ne o ka fumana monyetla wa ho ba le Siyabonga, Clayton Misoya wa Rhythm City? "Ke rata ho bapala pool le ho ba DJ," ke yena eo. "Kapa re shebelle difilimi tseo ke di ratang - Training Day, Scarface, American Gangster, Goodfellas kapa Miami Vice."
BONA SESOTHO October 2008
LIBYA
Mora wa moetapele wa Libya Muammar Gaddafi, Sayf al-Islam, o beha meja fatshe dipolotiking.
O ne a kgothaletsa diphetoho, empa jwale o re ha a sa na tlhokeho ya seo jwalo ka ha Libya e se e na le ditlhoko tseo e neng e se na tsona.
CENTRAL AFRICAN REPUBLIC
United Nations Food And Agriculture Organisation (FAO) e sa tswa phethela sebaka se tla sebediswa jwalo ka setsi sa kabo ya peo mane Central African Republic (CAR), se tla abela balemi ba ka bang 12 500 peo. Molemi ka mong o fumana 4kg ya peo ya matokomane le 10kg ya koro. Baithaopi ba Matjhaba a Kopaneng ba na le leano la thupello leo ka lona ba thusang setjhaba ho ntlafatsa temo ya sona.
ANGOLA
AFRIKA Borwa e tlameha ho nka mohlala mona... Mmuso wa Angola o sa tswa phatlalatsa ho kenya tshebetsong pei ya dibini. "Mmuso o etsa sena ho leboha batho bana ba thabisang setjhaba esitana le hona ho tsoseletsa meetlo ya Angola," se boletse jwalo se seng sa dibini tsa naheng eo.
AFRIKA BORWA
LEKA kamehla ho qeta dihora tse 24 ka letsatsi o sa nwe jwala - ana ke a mang a maikutlo a ileng a hlahiswa sebokeng ao ka ona ho rerilweng ho fokotsa bonokwane.
Haeba mabenkele a maholo a ka tshehetsa leano lena ka hore kamehla a etse ditheolelo dintho tse kang dijo tsa sethatho kapa dieta tsa sekolo, sena se ka boloka tjhelete e kabang dibilione tse 41 tsa diranta tse sebediswang jwaleng ka selemo, o boletse jwalo Barbara Holtmann wa ha CSIR.
Ka ho ya ka ba ha CSIR, bathong bohle ba bolawang, ba ka bang 47 lekgolong ho bona, ba bolawa ba tahilwe, ho ba tsitsipanang e ba 66 lekgolong, ho ba betwang bona e ba 50 lekgolong.
BONA SESOTHO October 2008
SOMALIA
HO ya ka dipatlisiso tse ntjha, batho ba hlokang thuso naheng ya Somalia e fihletse 77 lekgolong monongwaha bathong ba dimilione di tharo. "Dilemong tse 17 tse fetileng, polokeho ke ntho e siyo naheng ya Somalia mme diqhwebeshano le dintwa tse lebisitsweng haholo bathong ba sebetsang ho thusa setjhaba le masoleng di nyolohile. Bonokwane ba lewatleng le tsitsipano ho tsa dipolotiki le tsona di hlile di nyolohile," tlaleho e boletse jwalo.
ZIMBABWE
TSELA eo mmino o bitsang ka yona Zimbabwe, a mang a mabenkele a rekisang mminong, a boletse hore a ne a qetele ho otora thepa ka Motsheanong. Ha se ntho e makatsang eo hobane di-CD tse hatisitsweng naheng eo, di bitsa $400 ka nngwe, tse tswang kantle tsona di bitse $3 000!
UGANDA
MURNGI, tshwene e dilemo di 32 mane serapeng sa Queen Elizabeth, Uganda e sa tswa tswala mme e bile thabo e kgolo hobane ditshwene tsena di ne di se di le mmalwa haholo. Diphoofolo tsena ha di qetwe ke ho tsongwa feela, empa di bolawa le ke mofetshe le polio!
GHANA
HA ho qeaqeo hore ho feela ha meru ke mathata a maholo Afrika. Empa mane Ghana ba tlile le mokgwa o bolokehileng wa ho kotula muro wa boholo ba 14 million cubic metres dithupa tse bitsang $4 billion.
Ba tla qala ba tshelle difate tsena ba sebedisa letamo le sebetsang ka motlakase molemong wa ho baballa difate tse kang ebony, wawa le odum.
Ha ba se ba di sakga, ba tla di sakgella tlase karolong e kwahetsweng ke metsi.
MALAWI
HO abuwa ha di-anti-retroviral ho ile ha theola palo ya batho ba bolawang ke EITSI. Malawi ke e nngwe ya dinaha tse hlasetsweng haholo ke EITSI. Batho ba 7 lekgolong bathong ba dimilione di 13 ba anngwe ke bohloko bona. Bathong ba 159 111 ba ileng ba abelwa di-ARV ho tloha ka 2004, ba 106 547 ho bona ba ntse ba phela.
"Sena ha se a anela hobane ho ntse ho na le ba sa fumaneng kalafo, ba bang ba e fumana ka mora nako, ba bang ba hloka dijo tse phepo," o boletse jwalo e mong wa basebeletsi ba tsa bophelo bo botle.
DINALEDI
Tseo o sa dibontsweng ka SOPHIE
Thatohatsi paleng ya Generations, Sophie Ndaba, haesale a hahlaula le naha jwalo ka sebohodi sa Old Mutual Soul Sessions. Ho tloha qalong, Sophie ke motho ya dutseng a nyakaletse - le mona setshwantshong o a iponela a nka morolo wa ho kgona ho emelana le ho thabisa batho. Pale ka Patricia McCracken
Sophie o kgabiswa sefahleho ke Faith Seuoe, ya kgabisitseng Bonang ya leqepheng la kantle la kgatiso ena ya BONA.
Sophie o ne a bua le baeti ha a ne a etetse kwano Thekong ka Old Mutual Soul Sessions.
BONA SESOTHO October 2008
Leha Sophie e le bapala, a na le manala a lokisitsweng ka tsela ya Fora, empa o ntse a thabela ho ikotlollela diaparo tsa hae.
E kgubedu
Sophie Ndaba, Gerry Rantseli-Elsdon le Yvonne Chaka Chaka ka thoko ho Mercedes S-Class e kgubedu e neng e ahwe ke basebetsi ba ha Mercedes jwalo ka mpho ya Madiba ha a ne a lokollwa Robben Island ka 1990. Ka mora dilemo tsena kaofela, e bolokilwe mane Mercedes-Benz Museum, East London, empa jwale e ne e le mane Sandton Square, Johannesburg, jwalo ka karolo ya ho keteka ho qeta ha Madiba dilemo tse 90.
