sotho.890.Sis Purity
B3328/07
Sis Purity, setho sa ditsebi tsa Phepo ya Masea tsa ha Purity se araba dipotso tsa hao ka tsa phepo
Na ho na le dijo tse thusang ngwana hore a robale hantle? Haeba ho le jwalo, ke dife tse loketseng lesea la ka?
Azile Mkwena, Jukskei Park
LESEA le lokela ho ja dijo tse tla le kgorisa ha monate empa di matlafatse mmele butlebutle hore le se ke la phaphamiswa ke tlala. Dijo tse entsweng ka lebese tse nang le diproteine le mefuta e mengata ya di-carbohydrates di molemo haholo ho feta dinawa, meroho e metala, oats, barley, pasta, nama, mahe, kase, yogurt kapa lona lebese mme hape o pheme dijo tse nang le tswekere e ngata.
Sheba lethathama la dijo tsa Purity tsa Bosiu, tse nang le metswako e thusang mmele hore o kgatholohe mme o lokele ho robala ha monate. Ngwana ya lapang
Ngwanaka ya dikgwedi di 12, o tsoha hane ho ya botsheleleng a batla dijo. Motsheare o ja hanyenyane feela mme nna ke dutse ke kgathetse ke ho se robale hantle bosiu. Ke kopa thuso!
Phumla Radebe, Somerset West
LE BOSIU ngwana eo o ntse a sa je hantle ke ka hona a sa boneng bohlokwa ba ho ja hantle motsheare. Dikgweding tse 12, o ne a se a sa hloke ho fetjwa le bosiu. Ho bua nnete o hloka lebese la 400-500ml ka letsatsi, e leng boholo ba dibotlolo tse pedi mmoho le lebese le sebediswang ho mo dubela dijo dife kapa dife. O na le mathata a ho tlwaela ho ja bosiu. O hloka ho nweswa lebese ho fihlela a eya le sephume sa boroko. O tla lokela ho kgweswa mekgweng ena ya hae. Qala ka ho mo tlwaetsa ho ja ha nngwe feela bosiu pele a robala mme a boele a je hape hoseng ka 6 ha a phaphama. Bosiu o mo nyantshe metsi kapa yona tami. Se mo koeetse ha a lapile - o lokela ho ja mme a itlwaetse ho ithoballa ka boyena.
A ka nna a se ke a thabela mokgwa o motjha o tla mo phedisa ka ona empa hona ho tla mo etsa hore a lape mme a je hantle motsheare. O tla nka nakwana pele a tlwaela, ka hoo o tla hloka ho ba le mamello. Ikemisetse ho mo fepa hantle hararo ka letsatsi mme o mo fe le diseneke hararo.[s]
Sis Purity o re...
Phepo e ntle e qala dijong tsa Purity
Dijo tsa ho robala
Robala hantle
EBE o ntse o ipotsa hore o tla fepa ngwana dijo dife tsa mantsiboya? Purity e hlahisitse lethathama la Good Nights Bedtime le nang le phepo, ho na le di-desserts le cereals tse ikgethang bakeng sa dijo tsa bana tsa mantsiboya. Di ntle haholo le maseeng a seng a qadile ho ja dijo tse thata hobane di a thusa hore a kgore nako e telele. Calcium e ekeditsweng e thusa hore mmele o ntshe melotonin, e mo thusang hore a kgone ho robala ha monate.
Lethathama la Good Nights le na le tsena tse latelang:
2nd Foods (125ml)
Creamy Carrots with
Semolina & Honey
Baby Marrow, Peas & Pasta
Vanilla Custard & Apple
Dessert
Creamy Butternut &
Chicken with Barley
Vegetables with Beef & Barley
3rd Foods (200ml)
Creamy Carrots & Corn
Broccoli & Cheese Pie
Peaches with Oats
Vegetables with Lamb &
Barley
Chicken a La King
ya papatso
Di-cereal:
Creamy Maize Porridge
with Malt & Vanilla (200g)
Creamy Wheat Porridge
with Banana & Malt (200g)
