sotho.88.yourworld_knowall
MORAKA YA DILEMO DI THARO O KILE A MPOTSA HORE NA DISELEFOUNU DI ENTSWE NENG, KA HLOLEHA HO MO ARABA.
Mof K Mashele, Bloemfontein
Lebitso le leng la "cellphone" ke "mobile phone" mme ha o ka nahana hantle Mof K, radio e ne e romela melaetsa ka mokgwa wa mobile phone.
Martin Cooper wa Motorola o nahanelwa hore ke yena mothehi wa selefounu.
O ne a letse mohala wa pele ka selefounu mohla la 3 Mmesa 1973.
Network ya pele ya selefounu yona e ne e hlahiswe Japan ka 1979.
Matsatsing ao diselefounu di ne di le kgolohadi - eka tsena tseo bana bana ba mehleng ena ba di bitsang ditene.
Dilemong tsa bo 1990, tsa ya di ntse di eba nyenyane - tsa theoha le ka ditjeho - mme ke nakong eo moo diselefounu di neng di ate.
Molaetsa wa SMS o ne o thehwe Finland ka 1993 athe ho banka ka selefounu hona ho ne ho qalwe Norway ka 1999.
DIPOTSO TSA HAO
Na ho na le dipotso tseo e sa leng o ipotsa tsona? O batla ho tseba hore ntho e itseng e etsahetse jwang, neng le hona kae? Ke mona moo o ka fumanang tse ding tsa dikarabo tseo e sa leng o di batla.
HA KE TSEBE HO BINA HARA SETJHABA EMPA MOO KE LENG MONG TENG, KE BINA SA TSWERE LE THAHA. HOBANENG?
Sarah Vhembe, East London
Sarah, sena se makatsa ba bangata. Karabo ya seo ke ya saense e thata empa re tla leka ha o thatolla.
Lentswe la hao le ba phefa ka phaposing ya ho hlapela hobane e nyenyane. Modumo wa lona o fihla o thule mabota o kgutla hape mme eke le phefa hantle. Athe le mabota ha a o etsisa modumo wa lentswe la hao a etsa hore o utlwe ho le bonolo ho tjhentjhentjha dinoto ka ho rata ha hao.
Hape: O ebe o lokolohile ha monate ha o hlapa o le mong ho feta ha o eme ka pele batho ba shebile! [s]
KE SA TSWA FUMANA MANGOLO A HO KGANNA MME KE HLOLA KE IPOTSITSE HORE MATSHWAO A MEBILA E KANG "N1", "M1" le "R59" a bolelang.
George Matheba, Soweto
George, ke tseba ka moo o ikutlwang ka teng - e a o ferekanya. Haholo ditoropong tse kgolo. O kganna mmileng o moholo wa N3, o se o kena ho R-freeway, pele o thinyetsa ho M1.
Hangata ekare e a tshwana - empa hobaneng e na le matshwao a fapaneng?
Bonyane mmila o moholo o na le e mebedi e lebisang lehlakoreng le le leng, hangata e arolwa ka mela dipakeng kapa ka diforo ditoropong. Afrika Borwa ho na le mefuta e mebedi e meholo mme kaofela e na le matshwao a fapaneng:
N - e emetse mebila ya naha, eo hangata e leng melelele ho parola naha ka lehare, jwalo ka N1, o mong wa ona o matha pakeng tsa Kapa le Beit Bridge (moeding wa Zimbabwe) kapa N3, e pakeng tsa Joburg le Thekong.
R - e emetse mmila, e kenang mabatoweng ka ho fapana, jwalo ka R59, e kopanyang Joburg le Vereeniging.
M - o ditoropong tse kgolo, o moholo, o kopanya ditoropo tse kgolo jwalo ka M1, e mathang pakeng tsa Joburg, ho kopanya Soweto le Buccleuch.
RE BOTSE: Na o na le dipotso tseo o ka di botsang? Ngolla ho: Miss Know-all, Box 32083, Mobeni, 4060.
RE RE NTHO KE "MAKOYA" HA E LE YA SEBELE, RE RE KE "MOKOKOTELO" HA E SE YA SEBELE. KE PUO E TSWANG KAE?
Botlhale Mthombeni, Libode
Batho ba re ntho ke "makoya," ke "real McCoy" ba re e ne e le raditebele empa ha se nnete, Botlhale.
Ke lentswe la Scotland. Naheng eo, "MacKay" e ne e le jwala ba whisky. Ka 1856, ho ne ho lluwa ka "A drappie o" ba re ke "MacKay a sebele" (Lerothodi la MacKay a sebele) ke puo e neng e sebediswa haholo dipapatsong. Pele ho nako e kae la fetolwa lentswe le bolelang ntho ya sebele.
"MacKay" ke "Mack-eye" mme ke ka dilemo "MacKay" a bitswa "McCoy". Mane Scotland ho ntse ho sebediswa "the real MacKay".
Senyaka a qapa pina, "Fong Kong" e neng e hatiswe ka 2000, mme ya ratwa haholo, ya eba puo ya setsotsi ya Afrika Borwa ya ntho eo e seng ya nnete, ho ya ka bukantswe, Urban Dictionary. Ho rialo le mothong ya iketsang, ya lokileng empa a se jwalo. Dieta tsa polastiki di theko e tlase hape di tswa dinaheng tse Hare le Botjhabela, mona ho kopantswe mantswe a mabedi "ho tswa Hong Kong".
