sotho.889.hero
BONA - April 2007
Ba re ruta botho
Filimi ya Hollywood e sa tswa bolela ka pale ya mokaubere wa Mk, Patrick Chamusso empa tsela eo a phelang ka yona, e hlile e a makatsa...
pale le ditshwantsho ka GUY JEPSON/AENS
HO NA le filimi e pele ya Hollywood e buang ka bophelo ba hae, mane Mpumalanga, Patrick Chambusso ke ntatemoholo feela ya tlwaelehileng, sebakeng seo sa habo moo a hlokomelang teng dikgutsana.
Dibapadi tse pele filiming ena, Catch A Fire, e leng Derek Luke le Tim Robbins di bontsha ka moo kgethollo e neng e susumeletse Patrick ho kena sesoleng sa ANC ka teng.
O ne a qhomise feme e hlahisang oli, Sasol ka diqhomane, a tshwarwa, a hlekefetswa mme a akgelwa Robben Island dilemo tse 24 kaofela.
Patrick ya dilemo di 56 ha jwale o sa tswa tlotlwa filiming eo ya Catch A Fire mane Toronto Film Festival, naheng ya Canada mme filimi ena e ne e bontshwe London le dibakeng tse ding. Mona lapeng, masepala wa Mbombela, Mpumalanga, o ile wa tlotla Patrick ho SA premiere of Catch A Fire mane Nelspruit ka Hlakola.
Patrick ke monna ya dutseng a bososela ya nang le boikokobetso bo boholo.
"Filimi ena ha e bolele mosebetsi wa ka kaofela. "Boo e leng bophelo ba ka ke bona," ke yena eo a supa matlo a neng a le haufi le yena.
Fane ya hae hantle ke Thibedi, empa o se a tumme ka ya Chamusso, e leng eo a neng a bitswa ka yona kgale. "Motho ohle o ntseba ka fane ya Chamusso," ke yena eo.
Sebaka sa tlhokomelo
Patrick le mohatsae wa bobedi, Conney ya dilemo di 28, ba dula le bana ba bona ba bararo Sahara (10), Sahira (9) le Preston (4), motsaneng wa mahaeng wa Mganduzweni, haufi le White River.
Banyalani bana ba se ba fetotse motse wa bona lehae la dikgutsana tsa motsaneng oo.
O bitswa Two Sisters ka mora ho amohela bana ba babedi dilemong tse leshome tse fetileng bao batswadi ba bona ba neng ba hlokahale ka selemo sa 2000
"Ke ne ke sa tsebe ka nako eo hore ba ne ba na le kokwanahloko ya HIV," ke yena eo." Dikgwedi tse mmalwa ka mora moo, banana bana le bona ba hlokahala. Sena se ne se re ame haholo mme le setjhaba sa ba lesisitheho ho ikamahanya le taba ya HIV le EITSI. Le kajeno batho ba ntse ba e nka ka tsela e nngwe taba ya bohloko bona."
O ne a ahe lehae ka tjhelete e ka bang R48 000 ya pei eo a neng a e fumane ka mora ho lokollwa ha hae ka selemo sa 1991.
Patrick le Conney le baithaopi ba bang, ba hlokomela bana ba 110. Leha a ntse a fumana ditshehetso tsa ditjhelete, empa jwalo ka kgwedi o tlameha ho ntsha seabo sa R2 000 peing ya hae.
Patrick o netefatsa taba ya hore dikgutsana tse moo, ha se tsona tsohle e leng tsa bohloko ba EITSI - ho ntse ho le teng batswadi ba bolailweng ke mahloko a mang a kang malaria mmoho le lefuba.
"Re mahlatsipa a bofutsana," ke yena. "Jwalo ka ha o ka bona, ha re na metsi mona motsaneng ona."
Ba ka bang 15 ba dula le banyalani bana. Ba bang ba bona ba dula mekhukhung eo Patrick a nang le yona motseng moo, ha ba bang a ba bolokile ho bomalomae le ho borakgadiae.
Patrick, eo hape e bang mokwetlisi wa bolo, o ahile lebala la bolo ya maoto le ya netball hona moo motseng.
Ha ke tsebe hore bophelo bo ne bo tla ba jwang ntle le bana bana. "Ke ne ke ba hopotse haholo nakong eo ke neng ke le Canada le New York mafelong a ngwahola. Ke ne ke hopotse lerata le morusu ona wa bona. Ke nahana hore nka be ke shwele ka ona motsotso haeba e ne e se ka bona."
Se nkgothaditseng ho inehela tlhokomelong ya bana bana, ke seo ke ithutileng sona ha ke ne ke le Robben Island moo banna ba kang Tokyo Sexwale, Govan Mbeki, Wilton Mkwayi...ba neng ba nthute hore motho ke motho ka batho.
"Ba ne ba nthute hore botho ke ntho e jwang, hore o tlameha ho phela le batho ba bang." [s]
Tse ding dintlha ka lehae lena, etela, www.twosisters.org.za.
African Eye News Service
Batho ba habo rona
Patrick le Conney le bana ba bona...
BONA SESOTHO - August 2007
u
t
Ha ke tsebe hore nka be ke le eng ntle le bana bana
Patrick Chamusso (le letshehadi) le Derek Luke, se seng sa dibapadi filiming eo.
BONA - April 2007
