sotho.884.career
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
Mesebetsi e metle
Eba 'fesheneng'
E mengata mesebetsi e etswang lefatsheng la difeshene ntle le hore motho a akanye diaparo feela ...
MOSEBETSI wa ho akanya diaparo ke o dutseng o tjhentjha hape o na le tlhodisano e kgolo - empa ke profeshene eo ho yona o ka etsang mesebetsi e fapaneng mme hape e na le menyetla ho ba ratang ho etsa mosebetsi wa motheo kgwebong ena jwalo ka ho seha dipaterone le ho roka.
Wanda Ndaba o dilemo di 22 feela empa e se e le seroki, seakanyi sa diaparo tsa feshene le rakgwebo ya atlehileng.
Ka mora ho phetha dithuto tsa hae tsa diploma tsa kakanyo ya diaparo tsa dilemo tse tharo, mosebetsi wa Wanda o ne o kgahle ralebenkele e mong ya nang le mabenkele a mabedi dipontshong tsa feshene.
Hona ha etsa hore beng ba mabenkeleng ao a mabedi ba dule ba kopa hore a ba rokele mme jwale Wanda o se a ena le sebaka sa ho sebeletsa Thekong, o hirile batho ba tsheletseng hore a tsebe ho phetha mosebetsi ka nako le wa batho ba bang ba lehlakoreng.
Lethathama la hae la diaparo le bitswang Avalanche le kenyeletsa le disutu, dihempe, marikgwe a makgutshwane le a malelele.
Mosebetsi o moholo kgwebong ena ke ho seha, batho ba dutse ba etswa ba kena ho tla lekanya disutu tsa bona. Leha Wanda a kgona ho akanya diaparo tsa banna le basadi empa o akanya tsa banna haholo.
"Mme le mangwane ke diakanyi mme ke ne ke rata mosebetsi wa bona. Empa nna ke ne ke batla ho etsa kgwebo e kgolwanyane ho ya bona. Ke mosebetsi o nang le tlhodisano e kgolo empa eo motho a atlehang ha a tsetsisitse kelello ya hae ho ona.
"O ke ke wa dula wa emela menyetla, o tlameha ho sebetsa ka thata ho ipeha maemong a matle."
Mosebetsi o bileng le phephetso haholo ho Wanda ke wa ha a ne a roka disutu le mese ya lenyalo, tseo tse ding tsa tsona di neng di romelwe mose. "Ke ne ke ena le dikgwedi tse tsheletseng feela ho o phetha!" ho bolela yena. "Empa ke ne ke qete ka nako mme ba thabela diaparo tsa bona!"
Menyetla ya mosebetsi
Ho ya ka thupelo. "Ba entseng dithuto tsa nakwana, ba ka sebetsa jwalo ka bathusi ba ho akanya le ho etsa dipaterone kapa ho rokela dipontsho," ho bolela Monique Rolando wa Linea Academy Thekong. "Athe ba entseng degree ya kakanyo ya feshene bona ba ba le menyetla e meholo ya ho ba diakanyi, barekise, bareki, diroki, baqolotsi ba tsa feshene kapa ba ithehele dikgwebo tsa bona.
"Ho roka le ho akanya diaparo lapeng ke tse ding tsa tseo motho a ka qalang ka tsona leha ka nako e nngwe a ka nna a ba le mosebetsi o mongata ho feta mme a tlamehe ho hira mothusi.
"Qala ka ho ithuta ho ba bang," ho bolela Rolando. "Mohlomong o sebetse mothong e mong pele hore o ithute ka moo ho sebetswang ka teng kgwebong. Ha o se o fumane tsebo mme o itshepa, o ka iqalla kgwebo ya hao. Inehele mosebetsing wa hao mme o o rate."
Se hlokahalang ho wena
O hloka bonono, o tsebe le ho bapatsa mosebetsi wa hao. Bokgoni bo botle ba ho laola kgwebo le bona bo bohlokwa.
"Ha o rata mosebetsi wa ho akanya diaparo o bile o ena le neo e ikgethang, o ba le menyetla e meholo. Kgwebo ena e na le tlhodisano e kgolo, o lokela ho dula o le hlokolosi o bile o inehetse," eo ke keletso ya Rolando.
Moputso
Moputso o a fapana. Seroki le seakanyi se ka nna sa fumana moputso o pakeng tsa R3 500 le R4 500 ka kgwedi. Seakanyi se se nang boiphihlelo se ka putswa ho tloha ho R5 000 ho ya ho R6 000 ka kgwedi, o nyolohe ho fihlella ho R12 000 le R25 000 ho ya ka boiphihlelo. [s]
BONA SESOTHO - December 2006
Wanda o mosebetsing.
Thupelo e fumanwa kae
uTechnikon tse ngata di na le thupelo ya kakanyo ya diaparo tsa feshene.
uLinea Academy Thekong le yona e na le dithuto tsa nakwana ho ya ho tsa BA Honours in Fashion Design. Mohala: 031-261-1414.
uIntec e na le dithuto tsa setifikeiti tsa ho roka, ho seha dipaterone le ho akanya esitana le ho rekisa diaparo tsa feshene. Mohala: 08600-313-131.
uDamelin e na le dithuto tsa kakanyo ya diaparo tsa feshene makaleng ana a latelang:
Boksburg: 011-823-3790
Bramley : 011-440-7020
Centurion: 012-665-4824
West Rand: 011-955-5326
Cape Town: 012-686-8991.
KA TLASE HO LE LETONA: Wanda Ndaba o dilemo di 22 feela empa o se a ena le kgwebo e tsetsitseng ya ho roka, ho akanya diaparo tsa feshene le ho laola kgwebo ya hae ka bokgabane.
KA TLASE: Wanda o na le kantoro jwale le sebaka seo a sebeletsang ho sona Thekong mme o hirile basebetsi ba tsheletseng ho mo thusa hore a tsebe ho qeta mosebetsi wa hae ka nako.
BONA SESOTHO - December 2006
