sotho.881.triviajul
maqephe a boithabiso a BONA
Tsohle ka...
... dimptjhe
u Mptjhe ke nonyana ya Afrika e sa fofeng.
u Dimptjhe ke mofuta o mongata wa dinonyana o ruuwang lefatsheng ka bophara.
u Dimptjhe di boima ba 90kg ho ya ho 130kg.
u Mekoko e masiba a matsho a bosweu mapheong le setonong. Dithole tsa teng esitana le ditsionyana tseo e leng mekoko tsona di putswa bo tswakileng le bosweu.
u Dinonyana tsena di ema le hona ho setlela ka menwana e mmedi. Ena ke ntho e makatsang, e bonahalang e di thusa haholo lebelong la tsona. Lebelo la tsona le ka fihlella ho 65 km/h.
u Dimptjhe le tsona di phela ka dihlotshwana tsa tse hlano ho ya ho tse 50 le tsona di tsamaya le diphoofolo tse kang dipitsi le matsa.
u Di ja dijothollo le tse ding dimela. Ha di na meno, ka hoo, dijo di di kwenya feela mme di thuswa ke majwenyana ao di a jang bakeng sa tshilo ya dijo kilaneng. Di ka phela nako e telele di sa nwe metsi.
Ho ata
Dithole di behella mahe a seng a nontshitswe sehlaheng se entsweng mobung se botebo ba 30cm ho ya ho 60cm le bolelele ba 15cm mmoho le bophara ba 13cm.
Lehe la mptjhe le ka fihlella boimeng ba 1,3kg mme ha ho lehe le boima ho feta lena.
Sehlaha se ka nka mahe a 15 ho ya ho a 16.
Mahe ao a fuangwa ke sethole motsheare, ha bosiu teng e le mokoko.
Di qhotsa ka mora matsatsi a 35 ho ya ho a 45.
BONA SESOTHO - July 2007
Bopa lentswe
Sheba hore ke a fe mantswe a Senyesemane a ditlhaku di nne kapa tse hlano o ka a bopang ka ditlhaku tse ka masakaneng. E kgubedu e bohareng e tlameha ho sebetsa mantsweng ohle. Tlhaku ka nngwe e tlameha ho sebediswa ha nngwe feela.
40 METSOTSO. Ke nako ya ho bedisa lehe la mptjhe!
Fumana Lentswe
Tlhapi e bitswang goldfish e fetoha mmala ha e ka behwa botshong kapa metsing a phallang jwalo ka a nokana.
Fumana lentswe ka ho bala o lebisa pele, morao, hodimo, tlase kapa o tshekalla. Bala o sa tlole tlhaku. Tsikeletsa lentswe leo o le fumanang mme o le hlakole lenaneng la a ka thoko.
Diphoofolo tse tshosang
LEPHELA la Madagascar le llang ke yona kokonyana e kgolo e sa fofeng mane morung wa Madagascar. Le dula tlasa dikutu kapa mahlaku a difate mme ke lona lephela le leholo ho feta lefatsheng jwalo ka ha le finyella boleleleng ba 8cm.
Diphoofolo tse jang maphela di a a tshaba ana. Maoto a lona a na le meutlwa e hlabang mme le kgona ho baka lerata. Le etsa sena ka ho butswela moya o tswe masobaneng a mmele
Leha a phela merung, empa a ntse a rata ho phela le ka tlung, o ka nna wa a fumana a se a le ka tlung a kene ka fenstere. Ha a kotsi mme ha a bona hore a a phatsamiswa mosebetsing wa ona, a a phakisa ho baleha.
Maphela ana a Madagascar a a sebediswa le thelevesheneng moo ho hlokahalang kokonyana e tshabehang. Ha a fofe, a tsamaya butle, athe hape ho na le batho ba a ruang.
BONA SESOTHO - July 2007
Tshenyo e kaalo!
Ho hlokahala di-mink tse 35 ho ya ho tse 65 bakeng sa baki e le nngwe ya boya ba diphoofolo tsena. E meng mefuta: beaver - 15; phokojwe - 15 ho ya ho 25; ermine - 150; chinchilla - 60 ho ya ho tse 100.
Dikeleme mothong di ka hola ho fihlela ho 22,9m
u
t
NILE
LEBITSO lena "Nile" ke la Sekiriki le bolelang "noka." Noka ya Nile e na le makala a mabedi: White Nile, e tlohang ka Afrika Botjhabela le Blue Nile e tlohang Ethiopia.
White Nile e siya letsha la Victoria phororong ya Ripon haufi le Jinga, Uganda, jwalo ka Victoria Nile. E phunyeletsa 500km hara letsha la Kyoga, ho fihlela e kenella letsheng la Albert.
Ho tswa letsheng leo la Albert, e se e bitswa Albert Nile.
Ho tloha moo, e leba Sudna, moo e fihlang e bitswa Bahr al Jebel. Bahr al Jebel e fihla e tabola sebaka sa Bahr el Ghazal, se bolelele ba 720km moo e qetellang e bitswa Bahr al Abyad, kapa White Nile.
Ho tloha moo, noka ena e phallela ho Khartoum.
Ha jwale, Blue Nile kapa yona Bahr al Azraq e tloha letsheng la Tana mane Ethiopian Highlands.
Blue Nile e bolelele ba 1 400km ho ya Khartoum, moo e kopanang teng le White Nile moo e bitswang "Nile."
Noka ya Nile ke ya meloko ya kgale ya Maekgepeta e neng e ahile e iphaphathile ka yona.
Noka ena ha e ne e tletse, e ne e etsa mobu o haufi le yona o none, e leng se neng se etsa Maekgepeta a leme dijalo tse kang koro le tse ding dijalo.
Dipapadi tsa mefutafuta
BONA SESOTHO - July 2007
maqephe a boithabiso a
Bontsha tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke mohlala. Ke eng seo o se bonang"
BONA
Ditadi tse mehatla e mekgutshwane tse bitswang hamster tse ruuwang ke ba ha hamster di ne di tholwe le madinyane a 12 Syria ka 1930.
MAHE
MOFUTA wa dikgoho o bonahala mmaleng wa mahe a tsona, empa seo ha se ame tatso ya ona.
Mohlala: a masootho ke a dikgoho tse kgubedu.
A masweu ke a dikgoho tse tshweu.
t Ho fepa dikgoho dijo tse mmalamala, ho ka etsa di behele mahe a methwebe e mmalamala.
Re mpa re le metswalle!
Ka 2005, namane ya kubu e neng e pholoswe ke ba tsa tlhaho mane Mombasa, Kenya, e ne e hodiswe ke kgudu e neng e bitswa Mzee. Ba dirapa tsa diphoofolo ba ne ba makatswe ke ketso ena ya kgudu e neng e le dilemo di 100 ha e hodisa hasenyana eo e neng e le selemo feela.
Woodpecker e ka phahamisa kutu makgetlo a 20 ka motsotswana
Marangrang a ditshwantsho
Ledinyane le mankgane le ka kgona ho kola dikokonyana tse 1 200 tsa boholo ba monwanng ka hora e le nngwe feela.
Setswhantsho ke mohlala wa seo o tlamehang ho se ngola dikgeong.
Sepelete se boloke-hileng
Sepelete sena se ne se qale ho sebediswa ka 14BC nakong eo dikgatiso tse bitswang "fibulae" di neng di sebediswa kgafetsa jwalo ka sepelete sena nakong ya jwale. Sepelete sena se boetse sa etswa botjha ka 1849 ke Walter Hunt.
BONA SESOTHO - July 2007
Nonyana ena e kgona ho robala e ntse e fofa.
