sotho.878.finance
BONA SESOTHO November 2008
SEPHIRI SA DITEKETE TSA 2010!
OIKEMISEDITSENG ka Mohope wa Lefatshe wa 2010? Haeba ho tloha ka 2004, o ne o ena le toro e kang ya Mandla Ndlovu wa East London, ya hore bonyane o shebelle papadi leha e le nngwe feela, phahamela marole.
Ntle ha o le lehlohonolo la ho fuwa ditekete tse pedi tsa mahala tseo basebetsi ba di tshepisitsweng, kapa o tla lefa bonyane R140 ka tekete ka Hlakola...e leng nako eo Maafrika Borwa a mangata a tla beng a hula ka thata ditjheleteng. Re putswa maqalong a Tshitwe, pele dikolo di bulwa ka Pherekgong.
Ka nako e nngwe, Hlakola e fihla motho a butse dikoloto tse ding tse ntjha. Athe le ba adimanang ka tjhelete ba ebe ba se ba beletile, ba batla tjhelete ya bona ka mahlo a matala. Ke ana mahlale a ka o thusang ho fihlela ditoro tsa hao...
1. Itlhophise
Kena kgabong e sa hona jwale mme le wena o be setho sa 2010 Project Budget. Ditlhophiso tsa ditjhelete ha se tse loketseng maqalo a selemo feela, ke ntho ya bohlokwa eo o ka dulang o e etsa neng kapa neng ha ho hlokahala.
Ho ya ka ditsebi ke barui feela ba ka kgonang ho sebedisa tjhelete ba sa hlophisa pele. Ka hoo iketse morui
mme o hlophise hantle ka tjhelete
pele o reka - mme o tla fihlela ditoro tsa hao tsa 2010.
2. Itshireletse ka matla
Kopanya tjhelete e tla kena dikgweding tse tharo tse latelang:
Ya moputso, ya bonase le e nngwe eo o e fumanang lehlakoreng. Hopola, ka nako eo ditekete di rekiswang ka yona, o tla be o so fumane moputso wa hao wa kgwedi.
Matsete a mang ao o ka a sebedisang.
Eo o e kolotwang, e tla leshwa ka nako eo.
3. Tobana le mathata a hao
Kopanya eo O TLAMEHANG ho e sebedisa dikgweng tseo tse tharo:
Bala ditjeho tsa bohlokwa - tse kang rente, tsa masepala, metsi le motlakase, diakhaonto, dipalangwang; kabelo (ha o le modumedi) kapa nehelo ya ho thusa ba hlokang...
Tjhelete ya sekolo, ya diaparo le dibuka mmoho le dipalangwang.
E nngwe bakeng sa maemo a tshohanyetso jwalo ka ho kula.
E nngwe hape ya ho lokisa koloi.
4. Eba malala-a-laotswe
Ntsha tjheleteng eo o e fumanang mme e salang ke eo o ka e sebedisang. Ke nako ya ho thusana:
O tla sebedisa bokae bakeng sa Keresemese, ka dimpho, ho intsha le tse ding? Empa o se senye moya wa Keresemese ka papadi ya Mohope
wa Lefatshe.
Ha ho kgoneha, theola ditjheho, jwalo ka ho tsamaya ka terene bakeng sa koloi. Etsa mofao, se atise ho reka dijo tsa mabenkeleng.
O batla ho lefa bokae ka tekete ya Mohope wa Lefatshe wa 2010. Ha tjhelete e sa dumele, leka ho fokotsa ditjeho hape, o boloke tjhelete, kapa o leke ho bokelletsa lehlakoreng kapa o fokotse ditekete tseo o batlang ho di reka... [s]
MATLA A TJHELETE
Ke nako. Hlophisa dintho tsa hao hantle hore o tsebe ho ithekela tekete ya ho kena dipapading tsa Mohope wa Lefatshe wa 2010 ha di qala ho rekiswa ka Hlakola... Pale ka Patricia McCracken
KGETHA SEHLOPHA SA HAO SA 2010!
Kopanang le metswalle ha le tshehetsa sehlopha se le seng hore le tsebe ho thaba mmoho papading eo ya Mohope wa Lefatshe ya 2010 - le iketsetse setokofele sa ho rekelana ditekete tsena.
