sotho.1251.rebecca
Rebecca
Mophaphathehi o fetohile naledi
o hasa Lentswe
NTHO YA pele o e hlokomelang ha o kena ha Rebecca Malope mane Kyalami Estates, ke kgoho e fasitsweng jareteng. "Mofumahadi enwa wa mmino wa Bodumedi" o ne a fuwe kgoho eo ke ausiae, Busi. Kgoho eo, e ne e pholoswe thipeng ke ngwanabo ya dilemo di 18, Noluthando, ya neng a nke qeto ya ho se je nama bophelong ba hae ka hoo, ha a ka a dumela hore e hlajwe.
"Busi o ne a re fe yona ka kgopolo ya hore re e hlabe re je nama e monate e hlabilweng lapeng," ho bolela Rebecca, "empa Noluthando a hane hore re e hlabe."
Ke ka hona o ntseng o e bona - mme jwale e se e le letshwao le bontshang hore Rebecca leha e le naledi e pele mminong wa Bodumedi Afrika Borwa, empa o ntse a hopola setso sa habo. Ha o kena ka kamoreng ya ho phomola, o tla bona dikgau tse ngata feela tse pakang katleho ya sebini sena: bongata ba tsona ke Dikgau tsa Mmimo wa Afrika Borwa - ho kenyeletsa le ya ho ba sebini se pele sa mmino wa Bodumedi wa Ditoropong a e hapileng monongwaha ka albamo ya Umthombo. Ho na le tsa Kora tseo a hlomphilweng ke mmuso wa Mpumalanga le tsa Metro FM.
"Tsa Metro FM di bohlokwa haholo hobane ho tsona o kgethwa ke setjhaba," ho rialo Rebecca.
Kgothatso
Pale ya maima le mathata a fetileng ho ona pele a fihlela maemo ana a hoba sebini se rekisang ho feta tsohle mminong wa bodumedi, e kgothatsa haholo.
"Ha ke hopola dilemo tse fetileng, nakong eo re neng re hola mane KaNyamazane, hoba boima haholo ho nna ho pheta pale ya ka nako eo.
"Ke hopola leeto leo mme ke leboha Modimo hore e be ke moo ke leng teng kajeno," ho rialo Rebecca. Mathwasong a dilemo tsa bo 1980, o ne a dula sebakeng se kang sa mahaeng haufi le lekeishene la Nelspruit.
O ne a sebetsa polasing ya kwae, a amohela R10,50 ka beke mme e nngwe karolo ya moputso wa hae e le phofo, dinawa, letswai le tswekere. O ne a sa tsebe le ho bala le hona ho ngola hantle hobane o ne a feletse sehlopheng sa bohlano feela. (O qadile hona nakong eo ho etsa dithuto tse ngata ho ntlafatsa maemo a thuto ya hae mme hape a hatella bohlokwa ba thuto batshehetsing ba hae.)
O ne a kgothatswe ke ho bina kerekeng ya Nelspruit moo ntataemoholo e neng e le moruti, mme o ne a dutse a labalabela ho tshwana le Donny Hathaway, Stevie Wonder le Anita Baker. Rebecca ha a ne a le dilemo di 17, yena le ausiae Cynthia, ba ne ba balehe lapeng ka 1985.
Setumo
Ba ne ba qetelle ba se ba dula lekeisheneng la Evaton, ka borwa ho Joburg. "Re ne re dula mokhukhung o kamore di pedi, re robala hodima makese a dibiri," ho hopola yena. O ne a fihlelwe ke mohopolo wa ho kgutlela lapeng, empa a tshaba.
Ka lehlohonolo, tumelo ya hae ya mo sebeletsa: ka mora ho hapa kgau ya Shell Road To Fame ka 1987, karolong ya sebini sa mosadi se pele, o ne a kopane le Sizwe Zakho ho hatisa albamo ya hae ya pele Thank You Very Much...
Ho tloha nakong eo, o hapile dikgau tse ngata, le dialbamo tsa hae di rekisa maemo a platinum. Ntle ho moo, o hasa lenaneo la Gospel Time ho SABC2.
Katleho ya hae e totobetse motseng wa hae moo a dulang teng le baradi ba hae, Noluthando le Thandeka ya dilemo di 15.
O boetse a re qoqela le ka moradi wa hae. O bolela ha a rata selefounu haholo: "O ke se kgolwe, o dutse a le mohaleng nako le nako!
"Ho e ho hlokahale hore ke kope ho yena haeba ke batla ho letsa mohala!"
Bonaledi
Ntle ho dintlhanyana tseo re seng re di boletse, basadi bana ba bararo, ba a utlwana mme o ka ba utlwa ba keketeha ho le monate ha ba ntse ba sheba difoto tsa kgale tsa Rebecca le tsa bongwaneng ba bona.
Noluthando le Thandeka ba nka mosebetsi wa mma bona jwang"
"Re hopola ha re se lapeng hore ke naledi," ho bolela Noluthando. "Ha re le lapeng, ke mme wa rona, ha re le setjhabeng, re se re bona batho ba mo hlwa setha, 'ho re etlo, re hopole hore helang, re tsamaya le Rebecca eo e leng naledi.'"
"Ho boima ho ba naledi," ho bolela Rebecca.
"Ho na le tsela ya ho phela eo batho ba lebellang hore o e phele mohlomong e leng eo o sa e rateng.
"Nnete ke hore o mohlala oo batho ba o sebedisang bakeng sa ditoro le ditabatabelo tsa bona."
Empa ha naledi ena e le lapeng, ke mme ya ithatelang dijo tsa setso "ho kenyeletsa le setampo" a shebelle di-DVD le banana bana.
Rebecca o bolela ha banana bana ba nka maemo a ka hodimo ho metswalle ho yena. Ba nketsa ke ikutlwe ke le motjha - bona le diaparo tseo ke di apereng."[s]
African Eye News Service/Homegrown
BONA SESOTHO - November 2007
KA HODIMO: Rebecca le tse ding tsa dikgau tsa hae.
LE LETSHEHADI: Noluthando, ya sa jeng nama, le kgoho eo a e pholositseng...
LE LETONA: Noluthando le Thandeka ba eletsa Rebecca bakeng sa mokete wa phirimana oo a yang ho ona.
pale ka DIANE COETZER
ditshwantsho ka VANESSA GROBLER
Mofumahadi mminong wa Bodumedi, o re qoqela ka pale ya hae pele e ba naledi, bonaledi, le ka baradi ba hae...
BONA SESOTHO - November 2007
