sotho.877.muthi
tsoseletsa Lerato
ka tsatsi la Valentine
Kgahla moratuwa wa hao ka meriana ena e ka nnang ya tswakwa le senyanyatsi
E FIHLILE nako yane ya kgwedi hape. Kgwedi eo ka yona maeba a masweu a phuphuselang hohle, dipelo tse kgubedu ke matletsatletse, tsatsi la lerato, le batho ba lebellwang ho boela ba itlama hape ka ditlamo tsa maratong.
Leo he ke letsatsi la Valentine, dikarete tse ditakaletso tsa lerato di phusalla le lefatshe lohle.
Tswelopele e tlileng le di-SMS le Internet le yona ha e a fetola sena hobane mohla la 14 Hlakola, e sa ntse e le letsatsi leo ka lona ho seng ya sa batleng ho bala melaetsa. Ba re taba di mahlong.
Bang pelo di tla uba, ba tla hlalwa. Erekaha ha ho motho ya ratang ho hlalwa, thuso eo a fumaneha mathueleng. Mona a sa ntse a tshetjwa le kajeno!
Peleng batjha ba ne ba tsheha batswadi ba bona ba re ba rata dingaka tsa setho, empa kajeno ke bona ba seng ba matha ho tsona, ba tsoseletsa lerato!
Mmadi e mong o a lla, o re o bona ekare moratuwa wa hae o tla mo hlala! "Nka etsa jwang ho tiisa dikamano tsa rona tsa lerato?"
"Ke batla a nthate. Ke a tseba a ka nthata ha re ka ba le nako re le mmoho. Ebe lethuela le ka nthusa hore takatso eo ya ka e phethahale?
"Ha ke batle ntho e tla mo thethefatsa, ke batla moriana o tla etsa hore a nthate mme a hlokomele bohlokwa ba ho phetha nako e ngata le nna."
Ke mangolo a kang ana le a mang, a batho ba dipelo di bohloko, ba batlang baratuwa ba sebele, ba tla tshepahala ho bona - a neng a etse hore ke hlahlobe taba ena.
Mona ke ile ka betsa ditaola.Masapo a ntshupisa hore tharollo e morianeng wa lerato.
E, o nkutlwile hantle - moriana wa lerato! Empa o se kgathatsehe. Ha ke bue ka phehla, kapa moriana o mong feela o tla etsa moratuwa wa hao e be lekgoba la lerato la hao.
Hape moriana ona o ke ke wa o thusa ka letho ha o tla o sebedisetsa ho utswa moratuwa wa motho e mong. Kaofela ha meriana ena e ka sebediswa ke batho ba dilemo di ka hodimo ho tse 18!
Botsa lethuela la hao ka meriana ena:
vela bahleke;
hlokwana la tsela;
sheba nna feela le
molomo monate.
Etsa bonnete ba hore o reka diphoshwana tsa meriana ena kaofela.
Seo o ka se etsang feela ke ho tshela kgabana ya moriana ka mong ka metsing a futhumetseng hoseng ho hong le ho hong, o iphotle ka ona. Moriana ona wa lerato o ka nna wa hlapa ka ona mmoho le ka sesepa sa hao se tlwaelehileng sa ho hlapa.
O ka boela wa eketsa vela bahleke le sheba nna feela senyanyatsing sa hao le setlolong sa mmele le matsoho.
Tlotsa molomo monate molomong metsotso e mmalwa pele o bonana le moratuwa wa hao. O ka nna wa tshela moriana ona le ka hara lipgloss. Hona ho tla etsa hore sohle seo o se buang se ananelwe jwalo ka ha lebitso la moriana le bolela. Le tla qoqa ha monate a ananele maikutlo a hao.
Meriana ena e sebetsa hantle jwalo ka lebitso la yona. Sebedisa vela bahleke mme sefahleho sa moratuwa wa hao se tla ela ha monate ha o hlaha. Sheba nna feela e tla thusa hore a o mamedisise ha o bua.
Hlokwana la tsela lona le bolela hore dintho eba matletsatletse jwalo ka jwanng - ka hoo, ha o le sebedisitse o ba thatohatsi, o itshehela ka moo o ratang kaha ba tla be ba eshwa ba ikepela ka wena kaofela.
Hape bang ba re e tla nolofatsa bophelo ba hao ba lerato, tsohle di be tlasa taolo ya hao. [s]
Ngolla Force ho: Muthi Talk, Box 473014, Parklands, 2121, e-mail: muthi@caxton.co.za
Itlotse ka lipgloss e tswakilweng le moriana mme
sohle seo o se
buang moratuwa
wa hao o tla se ananela
KALAFO YA SETHO
DITLHARE
MATHUELA A KA O THUSA!
Ha o ena le seo o nahanang hore mathuela a ka o thusa ka sona nakong ena ya selemo, se qeaqee, kopa thuso. Ke ntho e tlwaelehileng ho batla thuso ka se tla o thabisa. Ha o tshaba ho kgumame ka pele ngaka ya methokgo, nahana feela ka dintho tse ngata tseo o seng o di entse o leka ho kgahlisa.
Diaparo tse bitsang, le ditaele tsa moriri tseo o seng o di entse ka matsapa a hore o ratehe, tjhelete e ngata o seng o e sentse o leka tjhebeho e kang ya naledi e itseng. Mathueleng, o ke ke wa hloka le dintho tseo tse ngatangata!
