sotho.873.10Q
Hlubi o araba dipotso tse 10
1. Ho o tshwara jwang ho bapala karolo ya Nandipha ya HIV-positive?
Ke thuto ho nna letsatsi le letsatsi. Ke hlokometse hore ke rata ho ba moemedi wa batho ba phelang le kokwanahloko ya HIV, ke ba rute ka lefu lena mme ke ba kgothatse.
2. Batho ba reng ha ba kopana le wena mebileng?
Ba nkgothatsa haholo. Ho a thabisa ho bona batho ba thabela seo rona re iphedisang ka sona.
3. Ho bohlokwa ho ba le materiki ha o batla ho ba sebapadi?
Ho bohlokwa haholo ha o batla ho atleha lefatsheng. Ke bona bohato ba pele. Ho ntshetsapele dithuto dikolong tsa thuto e phahameng le hona ho bohlokwa. Thuto e tla o thusa hore o be le tshusumetso ya ho bula le menyako e neng e kwetswe.
4. Haeba o ne o se sebapadi, o ne o tla etsang?
Ke rata bana haholo mme ke ne nka thabela ho sebetsa leha e le eng feela e tla nkopanya le bona hoja ebe ke ne ke sa etse sena seo ke se etsang kajeno! Mosebetsi wa ka ke ona wa bohlokwa bophelong ba ka ha jwale empa mohla dintho di seng di ntsamaela hantle mosebetsing ke tla thabela ho ba le bana ba bangata.
5. Ke efe katleho eo o seng o e fihletse?
Bokgoni ba ka ba ho tseba ho ruta batho ba hole le ba haufi ka karolo eo ke e bapalang filiming, ho nthabisa haholo.
6. O rata ho tshwarwa jwang ke moratuwa wa hao ha a o ntshitse?
Nka thabela ho shebella filimi le monna eo ke mo ratang, re dutse ha monate ka koloing, re eja pizza re nyorolla ka veine.
7. Ke sefe se o kenyang moyeng wa lerato?
Dijo tse monate, ho ba le batho ba mosa le diphomolo tse monate.
8. Ke sefe seo o se ratang bathong ba bang le seo o sa se rateng?
Batho ke batho, mme ha ho ya lokileng. O lokela ho amohela tse ntle le tse mpe mothong ka mong. Ke rata batho bao ke kopanang le bona bophelong ba ka hobane nako ya ho phela e kgutshwane! Ha ho hlokahale ho nna o senya nako ka dintho tse mpe kapa hona ho nna o hlabehisa ba bang!
9. Ke sefe seo o se ratang naheng ya Afrika Borwa?
Mzansi ke e rata haholo, e na le menyetla! Ha ho naha e nngwe eo ke e ratang ho feta ena. Ke heso moo ke tswaletsweng teng.
10. Ha o ne o ka eletsa lefatshe, o ne o tla reng?
Itlwaetse ho hlokomela ba bang, le wena o tla hlokomeleha. [s]
BONA SESOTHO November 2008
TSA DINALEDI
Dipotso tsa
