sotho.870.free
Lethopo la sejwalejwale
Na o tenwa ke lethopo ha le se le harahane, o tatile o batla ho tshella? Mathata a hao a fedile jwale, re leboha Slinky, mohopolo o motle wa Tevo, ka ho hlahisa lethopo le letle le sa harahaneng le bolele ba 15m (kapa 23m le le lelele haholo).
Le entswe ka 100% polyurethane, ha le harahane hohang, le na le melomo e mefapaneng ka boholo ha o tshella, le na le raba e tshwarehang hantle, le kena mefuteng yohle ya dipompo. Le letle ho tshella jareteng kapa ho hlatswa lebala, seketswana, caravan, koloi le tse ding. Le tsamaya le seetswa sa ho le boloka mme hape le na le tiiso ya dikgwedi tse 12!
BONA e na le diphuthelwana tse pedi tse babatsehang tseo o ka ikgapelang tsona. Bobedi di na le Slinky (23m), Slinky (15m), BladeRunner, OneTouch can- opener, sepannere sa Bronco Kwikshift, pakana ya dino tsa Fridge To Go, Whizza mixer, le Rapid Ironing Board Cover le stand sa yona, tseo kaofela di bitsang R2 000.
Ho ipeha monyetleng wa ho ba lehlohonolo, o ka re romella lebitso, aterese le mohala wa hao ka poskarete ho:BONA/Slinky Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS SLINKY ho 35919.
ya hao ya mahala
BONA SESOTHO - September 2007
Sa motsheare le bosiu...
Ke setlolo se dumellana le mefuta yohle ya letlalo, se mafutshana ha monate, Dream Cream.
Ke setlolo sa tlhaho se loileng hantle se entsweng ka dimela tse ikgethang tsa ho o thusa ho boloka letlalo la hao le le mongobo le le boreletsana le bile le ntjhafetse ka dinako tsohle. Se sireletsa letlalo se le boloke e le la boleng, le le bonolo le bile le le letle haholo.
BONA e na le ditjhupu tse 40 tsa Dream Cream, tse bitsang R75 ka nngwe tseo e fanang ka tsona. Hore le wena o be lehlohonolo, re romelle lebitso aterese le nomoro ya hao ya mohala ho: BONA/Dream Cream Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS DREAM CREAM ho 35919.
Seno se ikgethang
"SodaStream adds life to water", ho bonolo ho e sebedisa. Ka ho pepeta konopo feela o ka iketsetsa seno se foreshe se bileng se le monate se hlokang hore o se tshele leqhwa feela hore se bate po!
SodaStream e hlahisitse mefuta e 21 ya ditatso tse fapaneng tseo o tla di rata, tse kenyeletsang le e se nang tswekere, le e matlafatsang le ice-tea. Bakeng sa molemo wa tjhelete ya hao, batla SodaStream.
BONA e na le diphuthelwana tse robong tse bitsang R449, tse nang le motjhini wa SodaStream le ditatso tse robong tseo e fanang ka tsona. Re romelle lebitso, aterese le nomoro ya hao ya mohala ha o batla ho ba e mong wa ba ka nnang ba ba lehlohonolo mmoho le lepetjo la SodaStream ho: BONA/SodaStream Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060.
Dijotlaseletso tse ikgethang
Re phela tlasa kgatello le ho se je ka tshwanelo, mokgathala le mafu a mangata mme ho a thabisa ho utlwa hore ho na le dipidisi tsa dijotlatseletso tse karantilweng tse kang Multibionta®.
Ere kaha di na le probiotics, divitamin le diminerale, Multibionta® e na le melemo yohle e hlokwang ke mmele wa hao hore o matlafale o phele hantle. O le leetong, o kgathetse kapa o batla ho intjhafatsa feela, dipidisi tsa maemo di teng, tsa ultivitamin™ - Multibionta®.
BONA e na le dipidisi tsa dikgwedi tse tharo tsa Multibionta®, tse bitsang R6 000, tseo e tla fana ka tsona ho babadi ba 12 ba lehlohonolo.
Hore o be le monyetla wa ho ba e mong wa ba lehlohonolo, re romelle lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/Multibionta® Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS MULTIBIONTA ho35919. [s]
Letsatsi la ho kwala:
28 Loetse 2007
(SMS ka nngwe e bitsa R3.)
Dimpho tse bitsang R18 000
BONA - August 2005
