sotho.867.yourstyle_teenfashion
FESHENE YA BATJHA
Nonhle Thema
Wa Channel O, o re kumela ka pinyane ya hae ho tsa feshene
1. Wardrobe ya ka e tletse...
Diaparo tsa ka tse ntle tse ntshwanelang.
2. Ke rata ho reka...
Mose! Ke rata diaparo tsa Bebe, hobane ke tsa boleng mme di bitsa hantle.
3. Mehlala ya ka ho tsa feshene ke...
Rihanna, Megan Goodman, Christian Millian, Ann Hathaway mme ho ba kwano ke, Gerry Rantseli le Khanyi Dhlomo Mkhize.
4. Ngwanana e mong le e mong o tlamehile ho ba le...
Para ya di-skinny jeans le top e mo tshwanelang, mmoho le LBD (mose o monyane o motsho).
5. Ha ke so ka ke reka...
Leha e le eng feela e bitsang hobane ke reka diaparo kgafetsa.
6. O ke ke wa mpona ke apere...
Marikgwe a maholohadi! Marikgwe a maholo a etsa batho ba shebahale ba le ba kgutshwane ba ebile eka ba nonne haholo.
7. Ntho e bitsang ho feta diaparong tsa ka ke...
Di-jean tsa ha Evisu tse kgabisitsweng ka ditaemane ka morao, di bitsa R10 000!
8. Ke rata...
Diborele tsa letsatsi! Haeba ke di lebetse, ke kgutlela morao ho ya di lata, ke ka moo di leng bohlokwa ka teng ho nna.
9. Ntho e pele fesheneng ke...
Ho penta manala ka pente e mmala o hlakileng. A tlameha ho thethwa hantle.
10. Haeba ho na le ya apereng jwalo ka nna moketeng, ke...
Ha ke tenehe! Nka thabela ho fota le yena, ke etse e ka re ne re rerile ho apara ha jwalo! [s]
